sotho.388.parenting
botswadi
HO JELLA ba babedi ho bolela hore o tla ja tse nang le phepo le pele o ima. Empa ka nako ya Keseremese ho thatanyana kaha dimomonane ke matletsetletse. Ke tsena tseo o lokela ho di tseba hore o dule o phetse hantle...
Rera dijo tsa hao
Iphe nako ya ho hlophisa seo o tla se ja. Ha o ile wa qakeha selemo kaofela o sa fumane le nako ya ho ja dijo tsa hoseng, ke nako ya hore o hlophise bophelo ba hao botjha o kenyeletse le dijo tsa hoseng.
Ho qala hona jwale ho o thusa hore ha dikolo di bulwa selemong se tlang, lelapa lohle le be le tlwaetse mme le o thusa hore le phakise le qete.
Ho ja dijo tsa hoseng tse nang le phepo ho matlafatsa mmele mme le tswekere mading e be maemong a amohelehileng.
Boima ba mmele
Ho ja dijo tse nang le phepo boimaneng ho thusa ho theola boima ba mmele ka pele ka mora ho beleha. Phema ho ikgathatsa ka monono hobane ke ntho e tlwaelehileng boimaneng.
Netefatsa hore o ja tse phepo hararo ka letsatsi le diseneke hara nako. Kapa o je tse nyenyane hahlano ka letsatsi.
Mokgwa ona o thusa maemo a tswekere mmeleng mme hape ho etsa hore o se kgalle dijo tse tswekere. Ho se je hantle le ho tlolwa ke dinako tse ding tsa dijo ho ka nna ha sulafatsa bophelo ba hao mme hape ho hlokise maemo a tswekere botsitso mmeleng. Ho na ho ka etsa hore o qetelle o jele tlolo ya molao.
Eja dijo tsa nnete
Ka dinako tsohle pele o eja, qala ka ho ipotsa hore, "Ebe ke dijo tsa nnete"" O ka qetella o tlwaetse. O tla phema ho ja dipompong le dijo tse ding tse phepo. Dijo tsa hao di lokela ho ba tse phepo ka dinako tsohle, le diseneke e be tse tla tswela mmele molemo.
Hopola hore lesea la hao le tshepetse ho wena bakeng sa kgolo. Divitamine di thusa ho aha methapokutlo ya lesea le dikarolo tse ding tse mmeleng wa lona tse sa ntseng di hole.
Hlokomela...
Jwala: Ho nwa jwala o imme ho ka nna ha etsa hore le hlahe le ena le mathata.
Nama e tala/tlhapi: Bakteria e ratela dijong tse tala mme mokgwa o mong o thusang ho phema ho longwa ke mala, ke ho ja dijo tse bedisitsweng. Phema tlhapi e tala mme o e je bonyane hanngwe ka beke.
Tlhapi e na le mafura a Omega-3 a lekaneng mme hape e na le sekete, se fumanehang lewatle. Sekete se ka nna sa eba kotsi mmeleng mme ho thwe se ka nna sa baka kgolofalo.
Ho ja sa mpana phatloha: Ho bonolo ho etsa jwalo ha dijo di le matletsetletse. Boimaneng sena se ka baka lesokolla. Athe ha le se le qadile, eja hanyenyane feela letsatsi kaofela.
Ho fellwa ke metsi mmeleng: Ho nwa dikgalase tse robedi tsa metsi ka letsatsi ho ka boloka mmele o phetse hantle mme ke ntho ya bohlokwa haholo boimaneng.
BONA SESOTHO - December 2007
Ho jella
2
... ha ho bolele hore o je sa mpana phatloha
Ya bomme le bontate...
O kgathatswa ke motjheso"
Ho bonahala ekare lehlabula le ya le ntse le tota, mme baimana ba a hlobaela. Leka tsena tse latelang...
Phema ho kgathala tlolo
Ho kgathala tlolo ya molao ho ka o hlobaetsa mme maemo a thatafale haholo ha ho bile ho tjhesa.
Kena bateng
Kena bateng ya metsi a fofo e seng a batang mme o dule nakwana ka hara ona pele o ka kena dikobong.
Ala dilakane tsa masela
Dilakane tsa masela di phola ha monate ha ho tjhesa. O ka robala le ka diaparo tsa masela kapa ka sekipa se seholo hore o otlwe ke moya.
Dihlopha tsa dijo
Carbohydrates: Setatjhe, meroho, ditholwana le dijo tse dithollo jwalo ka reise e sootho.
Diproteine: Nama e kgubedu, tlhapi, mahe, dijo tse entsweng ka lebese, dijo tse entsweng ka soya le dinawa.
Oils: Canola oil, olive oil, matokomane.
e bokeleditswe keTHANDI NXUMALO
Ebe ke ADD/ADHD"
Araba dipotso
Se thetswe ke batho, Attention Deficit Hyperactivity Disorder (ADHD) le Attention Deficit Disorder (ADD) ke mafu a nnete. A ama tshebetso ya boko, ho etse a dule a le mafolofolo hape maikutlo a hae a sa tsitse.
Hona ho ka shebahala ekare ke lefeela empa ngwaneng ho tla ama diqeto tsa hae, mosebetsi wa sekolo le dikamano tsa hae le bana ba bang.
Ha o belaela hore o na le mathata ana, araba dipotso tsena o bone...
Na ha a kgone ho dula a tsitse kapa hona ho tsetsisa maikutlo ho sefe kapa sefe seo a se etsang"
a. E
b. Tjhe
Na ha a na mamello hape ha a kgone ho arolelana le ba bang"
a. E
b. Tjhe
Na o hlolwa ke ho tobana le mosebetsi o le mong ka nako, o batla ho fetela ho o mong le pele a qeta"
a. E
b. Tjhe
Na ha a kgone ho bapala le bana ba bang"
a. E
b. Tjhe
Na ngwana o dula a phatsamiseha ka bonolo"
a. E
b. Tjhe
Na o hlola a entse diphoso feela tse bontshang ho se tsotelle"
a. E
b. Tjhe
Na o atisa ho dula a nka diqeto ka potlako"
a. E
b. Tjhe
Na o lebala kapa hona lahla dintho kgafetsa"
a. E
b. Tjhe
Bo, E ba bangata
Ngwana eo o na le matshwao a ADD/ADHD, o hloka ho buisana le ngaka ka hona kapa o ikopanye le setsebi sa lefu lena. Ka kalafo e nepahetseng, maemo ana a ka laoleha ka katleho ho fihlela a kena boholong mme a iphelele bophelo bo tlwaelehileng.
Bo, Tjhe ba bangata
E, ngwana e ka nna ya ba o na le mathata a ADD/ADHD, empa o ka ikopanya le ngaka haeba o kgathatsehile ke hona.
(ELA HLOKO: Ha o kgathatsehile ka boitshwaro ba ngwana wa hao, ikopanye le ngaka hore a hlahlojwe. Sebedisa dipotso tsena jwalo ka tataiso feela. Dikarabo ha di netefatse hore o fela a ena le mathata.)
BONA SESOTHO - December 2007
u
botswadi
t
5
1 Beha lesea sefubeng mme o potapote le lona ka tlung. Masea a mangata a thabela ho nna a sisinngwa kgafetsa.
2 Mo kenye ka hara koloyana ya masea mme o mo suthumetse ka yona ka tlung. Athe ha maemo a lehodimo a le matle, o ka tswela kantle le lo otlolla maoto.
3 Phema batho ba bangata. Ha ngwana a bile ka hara batho ba bangata a ka nna a kgathala ke ho nna a oloswa mme a qetelle a se a tefa. Ha ho ena le dikopano tsa ba lelapa, se dumelle batho ho nna ba tjhentjhana ka yena. O lokela ho nehwa nako ya phomolo mme a ithoballe jwalo ka tlwaelo.
4 Sidila mpa ha monate ka oli ya masea. Hona ho ka boela ha thusa hore le kgone ho ntsha moya.
5 Le nyantshe tami. Batswadi ba bang ha ba rate tami mme le dingaka di re e ama sebopeho sa meno a lesea - empa masea a thabela ho dula a nyanya. Ha o kgetha ho e sebedisa, etsa bonnete ba hore e tla dula e hlwekile mme o mo kgwese yona pele a kopanya selemo.[s]
MEKGWA YA HO THODISA LESEA
botswadi
t
