sotho.380.motivation
Mohlala
ho wena
selemong se setjha
Re hloka thuso ha re hola, re ikahela bokamoso. Ke hona mona moo re hlokang bahale ba sebele. Mesebetsi ya bona le boinehelo ba bona, bo a re kgothatsa mme bo re thuse hore re batle ho finyella maemong a hodimo...
KGOTHATSO
BOHLE re na le batho bao e leng mehlala ho rona. Bahale ba rona. Mohlomong ke naledi kapa motho eo o mo tsebang hantle. Batho bana ba a re kgothatsa. Ba re hlokomedisa dintho tse ding tseo re ka ikemisetsang ho di fihlela. Bohlale ba bona ke tataiso ho rona. Re utlwa ka diphephetso tseo ba tobanang le tsona bophelong ba bona le ka moo ba rarollang mathata a bona a bophelo ka teng.
Ke ka hona e leng mehlala ho rona. Bahale bana ba rona, ka ha ke mehlala e metle ho rona, re kgona ho bona dintho tse ntle tseo re ka di etsang, le ka moo re ka phelang bophelo ba rona ka teng.
Empa leha ho le jwalo re lokela ho ela hloko ha re kgetha bahale...
Ha o kgetha mohlala o batlang ho o latela, qala ka ho ipotsa hore: hobaneng o re motho eo o a ikgetha ho wena? Hopola hore e lokela ho ba motho ya etsang dintho tse nang le tswelopele!
O itlhahlobe hore ke efe karolo eo ke leng matla ho yona bophelong? Eo ke fokolang ho yona? Ke sefe se hlokang ho ntlafatswa? Seo o ka se tjhentjhang?
Mohlomong o nahana hore o dihlong haholo. Ke e nngwe ya dintho tseo o ka di tjhentjhang bophelong. Jwang? Ke hona mona moo o lokelang ho sheba mohlala. O ka nna wa bala ka sebapadi se seng se neng se le dihlong empa se kgonneng ho tjhentjha. Jwale e ba mohlala o motle ho wena.
Ha ho hlokahale hore a tume. Mohlomong o mo tseba hantle, hape le nahana ka ho tshwana. O a o tshehetsa moo o kgwehlang teng. O tla hlokomela hore o kgothala haholo ha a le haufi le wena. Ho bua nnete, ke motho eo o tla thabela ho mo tseba hantle. O ka bua le yena neng kapa neng, ha a tshwane le dinaledi tse pele. Ho boetse ho hotle ho ba le batho ba bangata bao e leng mehlala ho wena. Ha ho motho ya tshwanang le wena lefatsheng, ka hoo, ha ho eo o tla mo fumana a ena le sohle seo o se hlokang.
Hopola ho tshepahala. Ha re etsa mohlala, ha o se na lentswe le letle, o ke ke wa ba sebini se pele sa mmino wa Bodumedi, ho sa kgathallehe hore o rata ho le hokae. O ka sebedisa bokgoni ba sebini seo sa hao, boitshepo ba sona le maikemisetso ho ntlafatsa ba hao boitshepo le ho leka ho fihlela ditoro tsa hao.
Oprah Winfrey o hlahisa bokgoni ba hae ka mokgwa o babatsehang. Ke mohlala ho ba bangata: "Se leke ho iketsa Oprah. O ke ke wa atleha. E ba hlwahlwa ka bowena ho sohle seo o se etsang!" [s]
Pale: Neliswa Mzimba
Jonathan Butler o nkwa e le mohlala o motle hobane o tswa bofutsaneng mme a sebeletsa ho ipeha maemong a matle.
Oprah ke mohlala ho dimilione tsa batho lefatsheng ka bophara.
ELA HLOKO!
Ela hloko ha o kgetha batho ba bohlokwa bophelong ba hao hore o se ba etse ba be bohlokwa ho feta ka moo ba leng ka teng - kapa o lebelle tse kgolo ho bona hobane o tla phoqeha. Se ba dumelle hore ba be le matla hodima hao. Ha o kgetha mohlala, o shebisisa dintho tseo o di ratang mothong eo, tseo o bonang hore le wena di ka o thusa ho atleha bophelong ba hao.
