sotho.374.bec events
BONA SESOTHO - April 2007
Mageu Number 1 - e kene mabelong
DIEPSLOOT Athletics Club (DAC), e tsheheditsweng ke Mageu Number One, haufinyane e ne e ena le ditlhodisano tsa makgaolakgang a mabelo tseo e neng e le karolo ya Pick ,n Pay Road Running Development.
Mabelo ana maikemisetso a ona ke ho kgothatsa batjha ho kena ka sekgahla dipapading haholoholo mabelong a bolelele ba 2,5km, 5km le 10km. Ho ya ka Central Gauteng Athletics, tlhodisano ena ebile e nngwe ya tse pele, ho ne ho thabiswa bana, ho bile ho ena le dimetale tseo bahlodi ba neng ba di hapa. Mageu Number One haesale e le batshehetsi ba bohlokwa ba DAC ka ho dula e nehela ka disebediswa tlelapong ena.
Maikemisetso a maholo a leano lena selemong sena ke ho atisa DAC, e le hore ba tsebe ho laola mekete ya yona hape e kgone ho bokeletsa tjhelete le ho ntshetsapele mabelo sebakeng sa bona.
Batshehetsi ba bang ba kenyeletsa le Investec, Fourways, Gardens Road Runners le Velaphi, mokgatlo o tshehetsang dipapadi tsa ba holofetseng.
KA MMESA BONA Empowerment Club e tla tshwarelwa Port Elizabeth. Re na le ditho tse ngata moo tseo re seng re tatetse ho bonana le tsona hape.
Lepetjo la Mmesa, le tla itshetleha ka ho lokisa dijo, bohahlaudi le temo. Re lokela ho hlokomela dikgwebo tsena hore Afrika Borwa e be sebaka se monate.
Re tla o bontsha ka moo o ka atlehang ka teng dikarolong tsena tsa kgwebo mme sebui sa rona sa letsatsi se tla le eletsa se le nehe dintlha tsa bohlokwa tse ka o thusang hore o fihlele ditoro tsa hao kgwebong ena.
Re motlotlo ho amohela Priscilla Leander hore ebe yena sebui sa rona sa letsatsi kgweding ena mme re a mo leboha ka ho ipha nako ya ho tla ba le rona, a arolelane tsebo ya hae le rona.
Re tla thabela ho ba le lona Port Elizabeth. Ebang le Paseka e monate.
Baka ha monate!
BONA Empowerment Club e motlotlo ha Sasko Flour e le e nngwe ya batshehetsi ba yona ba ka sehloohong selemong sena. Re ithutile dintho tse kgolo ho bona mme re sa lebelletse tse ding tse ngata le dikeletso tsa ho baka tse tswang ha Sasko Flour.
Paseka e fihlile mme ha ho letho le monate jwalo ka dikuku tse futhumetseng tsa ba lelapa le batshehetsi.
Dietswa tsa Sasko Flour di nolofatsa mosebetsi! Lelapa lohle le tla thabela ho o thusa ha o baka dikuku tsena tsa Paseka tse tla ratwa ke bohle.
Ha o le kgwebong ya ho pheha, nako ya Paseka, e ntle haholo hore o hlahise bokgoni ba hao mme o etse hore le batshehetsi ba hao ba ikutlwe ba le bohlokwa. Sasko Flour e tla o hlahlella ka sohle seo o batlang ho se baka.
Folouru ya Sasko e entswe ka koro ya boleng e ka o thusang hore o dule o tshola masutsa. Ho sa kgathallehe hore ke di-scones tse tlwaelehileng kapa yona kuku ya tjhokoleiti, o ka tshepa Sasko Flour bakeng sa mopako o tswileng matsoho. Sasko Flour haesale e hlahisa folouru ya boleng bo hodimo Afrika Borwa dilemo tse ka hodimo ho tse 70.
Na o ne o tseba hore motjhini o hlomtjhwang ka HACCP Afrika ke wa Sasko Flour Mill o PE feela? Hona ho bolela hore Sasko Flour e fihlella maemo ohle a boleng bo hodimo le a polokeho dijong a lebelletsweng lefatsheng lohle. Ke ka hona re leng motlotlo hore e be mokete wa kgweding ena o tla tshwarelwa toropong ena e nang le moya wa setswalle, Port Elizabeth.
Se fetwe ke lenaneo le letjha la Sasko Flour la Mara And Friends ka Laboraro ho tloha ka 6pm ho SABC 2. Kopana le Mara Louw le baeti ba hae, o utlwe ha ba qoqa ba eja dikuku tse monate tse bakilweng ho latela dikeletso tsa ha Sasko Flour!
Qala kgwebo
OKA NNA wa reka dikobo tsa Aranda ka nyehlisetso mme wa di rekisa ho iketsetsa phaello.
Seo o lokelang ho se etsa ke ho:
1. Ya kopanong ya BONA Empowerment Club.
2. Fumana ditlhalosetso tsohle ka kgwebo mmoho le foromo ya ho otora.
3. Batla batshehetsi, buisana le batho mme o bone bao o tla ba rekisetsa. Hopola hore o ka rekisetsa batho, mabenkele a maholo le a manyenyane le dikolo.
Ha o sa kgone ho ya dikopanong tsena ka pele, letsetsa Jerminah Tseise wa ha Aranda ho 011-693-3721 ka dinako tsa mosebetsi mme o kope ho o romella ditlhalosetso ka fekese. Bakeng sa ditlhalosetso setokofeleng sa hao, o ka letsetsa Mohokahanyi wa leano lena nomorong ena 011-883- 8829.
Aranda le BONA Empowerment Club e tla ba le dipontsho tsa kgwebo ya ho rekisa dikobo selemong sena.
Glenryck - e monate, e nang le phepo
H A O batla tse monate tse nang le phepo e phethahetseng bakeng sa ba lelapa, kotikoti ya Glenryck ke tharollo.
Jwalo ka ba bang ba batshehetsi ba baholo ba BONA Empowerment Club, Glenryck le yona e ruta ka mekgwa e metle ya ho ja le ho re bontsha ka moo ho leng bonolo ka teng ho fepa ba lelapa se molemo.
Kotikoti ya tlhapi ya Glenryck e na le Omega-3 fatty acids tsa bohlokwa mme hape e fumaneha ka tatso ya Spicy Chilli kapa Original Tomato Sauce.
Ke e nngwe ya dijo tse nang le diproteine tse ngata hape ha e na metswako ya ho tjhentjha mebala. Na o ne o tseba hore tlhapi e bolokeha e le foreshe ka lebaka la mokgwa oo e kenngwang ka ona ka dikotikoting, ho etsa hore phepo ya yona e dule e le teng ho fihlela o e reka? Bula sekwahelo se setjha se bulehang ka bonolo, e be ke phetho.
Glenryck e boetse ya o kenyetsa le diresepe tse bonolo ho Website. Eya ho www.nola.co.za o bone lasagne e bonolo, fish cakes, disalate le toast ya pilchards.
Tse ratwang
SavellsFairdeal e rekisa thepa ya boleng o ka e tshepang, eo hape e lebelletsweng ke bareki, hape re ekeditse le tse ding tse ikgethang tseo e ntseng e le tsa boleng. Hape re na le tlhodisano e ikgethang ya bareki ba rona ba bohlokwa, SavellsFairdeal Community Builder. Sheba leqephe la 46 bakeng sa ditlhalosetso.
BONA SESOTHO - April 2007
Diketsahalo tsa letsatsi
Bake & Cook Workshop
Sebaka: Feather Market Centre, 1 Baakens St, Port Elizabeth
Letsatsi: Labohlano, Mmesa 27, 2007
Nako: 2pm
Ho kena: R30 motho
Letsetsa 011-883-8829 ho beheletsa sebaka [s]
Mopheho, Bohahlaudi le Temo
SEBUI: Priscilla Leander, modulasetulo wa Bethalsdorp Women-Arise Co-operative
Sebaka: Feather Market Centre, 1 Baakens St, Port Elizabeth
Letsatsi: Labone, 26 Mmesa, 2007
Nako: 6pm bakeng sa 6.30pm
Ho kena: R30 motho (e lefshwa monyako)
Ho kenyeletswa le dijo. Jwala bo a rekiswa.
HO BEHELETSA SEBAKA, LETSETSA: 011-883-8829 KA DINAKO TSA MOSEBETSI
Boithabiso ka Lavum'Ithongo
MC: Lulu Haarmans
