sotho.372.project
Bona
Maqephe a Projeke
BONA SESOTHO - October 2006
Tjhelete e laola bophelo ba lefatshe
Bohle ba batla ho ba barui, empa ha se ba bangata ba nang le bokgoni le tsebo ya ho ipokelletsa tjhelete. Ha batswadi ba hao ba o file R100 ka kgwedi hore o ipolokele, o e sebedisa kaofela, kapa o boloka e nngwe kapa o e bolokela ho reka ntho e nngwe eo e leng kgale o e lakatsa- Kgatisong ena, re shebisisa mekgwa ya ho tshwara tjhelete ya rona.
Ditlhalosetso tsena di qotsitswe bukeng ya letoto la Maths TODAY e phatladitsweng ke Maskew Miller
Longman. Letoto la TODAY le akaretsa dikarolo tsohle tsa thuto ho tloha ho Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Iketsetse lenane la tsamaiso ya tjhelete
Ho kgona ho laola tjhelete ya hao o sa le monyenyane, ke motheo wa ho tseba ho hlophisa lenaneo le letle la tshebediso ya tjhelete mme o be o kgone ho le latela ka katleho leha o se o hodile. Le etse mme o le latele, o ke ke wa ikwahlaya.
Ela hloko: Lenaneong la hao la tshebediso ya tjhelete ha tseo o lokelang ho di lefella di feta moputso wa hao, ho bolela hore o tla phela ka dikoloto mme o tla kena mathateng a tjhelete.
Na o ke o nahane hore lenaneo la ditjhelete la batswadi ba hao le jwang- Ba lefella motlakase, mohala, ntlo, metsi, tjhelete ya sekolo, koloi, dijo le ditlhoko tse ding tsa lelapa, peterole esitana le diaparo, ditefello tsa penshene, inshorense,
boithabiso le dintho tse ding tsa bohlokwa.
Lenaneo la
ditjhelete keng-
Ke tlhophiso ya ka moo
tjhelete e tla sebediswa ka teng, e kenang le
e tswang.
Hara dintho tsohle tseo o di batlang, di kae tseo o hlileng o di hlokang-
E loketse bana ba dilemo di 8 ho ya ho 14
Ka ho ba le boitshwaro, le wena o ka kgona ho boloka tjhelete ya ho ithekela dintho tseo o di ratang!
Boloka tjhelete bakeng sa matsatsi a thata
Re lokela ho leka ho boloka tjhelete ho eo re nang le yona e le hore re tle re tsebe ho lefella ditlhoko tse ding - jwalo ka diphomolo, dimpho, di-CD - esitana le ditjeho tse ding tse hlahang motho a sa di lebella - jwalo ka ho kgaoletswa ke pula ya ditlwebelele o se na sekgele kapa yona jase ya pula!
Qala hona kajeno ho boloka tjhelete! Dibanka tse ngata di na le maano a ho boloka tjhelete le a hlophiseditsweng bana. Hobaneng o sa ye bankeng e haufi le sebaka sa heno mme o ipulele akhaonto-
Re fana ka dikhopi tse ntjha tse 5 tsa Maths Formulas Pocket Book.
Re romelle dintlha tsa hao:
Maths Giveaway
Maskew Miller Longman
PO Box 396
Cape Town
8000
Se lebale ho re ngolla le lebitso, aterese le nomoro ya hao ya mohala mmoho le lebitso la sekolo sa heno.
BONA SESOTHO - October 2006
Mpho ya mahala!
