sotho.370.triviamay
MAHWATATA a fumaneha dibakeng tseo ho tsona kgatello ya moya e leng hodimo. Kgatello e hodimo ya moya e bolela hore maemo a lehodimo a matle hobane moya o ebe o omme. Mahwatateng moya o dutse o omme ka dinako tsohle.
Pula e ana mahwatateng, empa ho na e bobebe - e ka tlase ho 25cm ka selemo - ka hoo, di mmalwa haholo dimela le diphoofolo tse ka phelang teng.
Ha ena, ena hanyane, ho tsohe sefefo. Moya oo o qete mongobonyana oo, metsinyana ao le ona a monyele tlase ho Oasis.
PKA SENYEMANE: Oasis ke sebaka se mobu o nonneng se nang le metsi lehwatateng. Bongata ba lentswe lena oasis ke oases. (Hape oasis e ka ba sebaka sa tshireletso ka nako ya mathata, "Ntlo ya ka ke yona tshireletso mathateng ao ke bileng le ona.")
Bala o ithute
Maqephe a boithabiso a BONA
Hobaneng mahwatata a omme"
BONA SESOTHO - May 2006
Setshwantsho ka seng ke mohlala o o bolellang seo o tlamehang ho se ngola dikgeong
GREAT STOCK!
Dimela tse bitswang creosote di mela lehwatateng le mane Amerika Leboya mme di ka phela diketekete tsa dilemo!
Hlaha e matha haholo ha ho nyolosetsa ho ena le ha ho theohela!
Noka ya Nile e mona Afrika ke yona e telele ho feta lefatsheng ka bophara ka bolelele ba 6 695km.
Marangrang a ditshwantsho
Di-dolphin ha se ditlhapi, empa ke diphoofolo tse batlileng di tshwana le maruarua le di-porpoises. Lebitso lena "dolphin" le tswa lebitsong la Sekiriki delphis le bolelang "tlhapi e nang le popelo."
Ho na le mefuta e ka bang 40 ya di-dolphin. Di a fetana ka boholo ho tloha ho 1,2m ho ya ho 9,5m le boima ba ditone tse 10 jwalo ka mofuta o bitswang Orca. Di fumaneha lefatsheng ka bophara, di ja nama feela mme di iphepa ka ditlhapi le di-squid.
Di-dolphin le tsona di ballwa hara diphoofolo hlalefileng haholo. Borasaense ba bang ba bolela hore bohlale ba tsona bo ka lekangwa le ba lesea le lemo di pedi
Ha ho mang ya tsebang hore hobaneng diphoofolo tsena di rata ho nna di tlolela hodimo di boele di qwele metsing, empa borasaense ba nahanele hore di ebe di leka ho tshwasa dinonyana tseo tsa lewatleng. Di a tseba hape ho qoqa le tse ding - esitana le hona ho ithabisa!
Di-dolphin di rata ho bapala, hangata di rata ho bapala ka lehola la moo lewatleng kapa le tse ding di-dolphin.
Dolphins
BONA SESOTHO - May 2006
Latela mehlala ho tlatsa dikgeo
GREAT STOCK!
Ka dilemo tsa 1800, baahi ba Japan ba ne ba sa dumellwa ho tswa naheng eo. Mang kapa mang ya neng a fumanwa a tlotse molao oo, o ne a tshwarwa hanghang.
Maqephe a boithabiso a BONA
Dipapadi tsa mefutafuta
BONA SESOTHO - May 2006
Qamaka toropong e kgolo - kapa pakeng - o tla bona ditshwantsho. Bongata ba tsona ke tsa batho ba palameng dipere. Na o ne o tseba - tsela eo pere eo e emeng ka yona e ka o bolella dikgolo ka motho ya e palameng"
Haeba pere eo e phahamisitse maoto a ka pele, seo se bolela hore o ne a shwe ntweng. Haeba e phahamisitse le le leng, seo se bolela hore o ne a shwe ka lebaka la ho lemala ntweng. Haeba e eme ka ona kaofela, seo se bolela hore o ne a itjhwelle ka tsela ya tlhaho.
CLIVE THOMPSON
Iteke tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala, ke eng lebitso la seo o se bonang moo"
Na o ne o tseba...
O ke se kgone ho thimola o butse mahlo"
Ha noha le nonyana di lwana, ke e fe e ka hlolang e nngwe"
Dinonyana tse kgolo di ka hlola dinoha. Mefuta e meng ya dinonyana e ja dinoha. Ka lebaka la masiba, ha ho bobebe hore noha e lome nonyana.
CLIVE THOMPSON
Thatolla
Batho ba arohangwa ka ho hatisa menwana, dintja tsona ka ho hatisa dinko!
O a lefiswa kapa o kwallwe tjhankaneng mane Oklahoma haeba o "sonyetsa" ntjha.
Ha o kopanya mahlakore a nepaneng a letaese, a dutse a o neha supa!
Ngola mantswe ana ka tatelano
Ke mang eo"
"O dilemo di ka hodimo ho tse 40, empa ha a tsofale. O ntse a le motjha! O ne a "emolelwe" USA, empa a "hlahela' Japan ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Kajeno o tswetswe labobedi, o tswalwa habedi ka motsotswana, ha dimilione tse 60 ka selemo mme o fumaneha dinaheng tse ka hodimo ho tse 140 lefatsheng ka bophara. Ke mang eo"
!Ke Barbie, popi e rekwang haholo e kenyetsang mmopi wa yona Mattel Corporation e mane Carlifonia dibilione tsa ditolara selemo le selemo!
BONA SESOTHO - May 2006
