sotho.366.blockpuzzle
BONA SESOTHO - January 2007
KE nako ya ho boela sekolong mme ha ho tsela e molemo ya ho boela sekolong selemong sena se setjha ho feta disebediswa tsa ha Bantex- O ka boela ha monate sekolong ka disebediswa tse mebalabala tse bokgabane tsa ha Bantex.
Lethathama lena la disebediswa tsa boemo bo hodimo di etsa baithuti ba ithute ka bokgabane ntle le mathata selemo kaofela.
Disebedisweng tseo re ka bala dibukana, mekotla ya dipene, difaele, di-punch, di-stapler mmoho le tse ding tse bohlokwa mosebetsing wa phaposing.
Di bile hape di o bebofaletsa mosebetsi bakeng sa diprojeke le mesebetsing e mengata ya sekolo, ka hoo, re leboha Bantex ka stapler, punch sellotape, dikere mmoho le tse ding disebediswa tse bebofatsang mosebetsi wa ho taka le ho akanya.
Kgetha disebediswa tse sebedisehang ha bobebe tsa ho sireletsa dibuka tsa hao mmoho le di-CD ka mekotla ya teng e mebalabala mme hape o fumane le matshwao a hodimo ka ho sebedisa difaele tse tla etsa mosebetsi wa hao o bonahale o le bokgabane.
Boloka mosebetsi wa hao o le maemong...tsitlallela ho sebedisa Bantex. Bakeng sa tse ding dintlha etela: www.bantex.co.za
Ho ba mohlodi
BONA le Bantex di fana ka diphuthelwana tse 10 tsa disebediswa tsa ho ngola tse bitsang R1 200 ka seng. Tlatsa dikgeo tse fiifaditsweng mme ho tsona o tla fumana lebitso le patilweng. Ngola karabo ya hao posekareteng mmoho le lebitso, aterese le mohala o fumanehang ho ona motsheare o di romele ho: BONA/Bantex Block Puzzle No 63, Box 32067, Mobeni, 4060 kapa romela BANTEX ka SMS ho 35919. (SMS e bitsa R3.) [s]
Letsatsi la ho kwala: 31 Pherekgong 2007
HAPA
Disebediswa tsa ho ngola tse bitsang
R12 000!
BONA Block Puzzle
BONA SESOTHO - January 2007
Ithabise mme o ntlafatse Senyesemane sa hao. Araba dipotso o ntse o latela mehlala mme o tla fumana lebitso la sebapadi sa dipale dikgeong tse fiifaditsweng.
