sotho.119.teens (2)
Tsa batjha
DIPHETOHO tsa thuto ka mora hore motho a pase materiki a fetele dikolong tsa thuto e phahameng, di thabisa haholo bophelong ba motjha. Eo ke qaleho ya dintho tse kgolo, ho rera dintho tsa bohlokwa le ho nka diqeto tse thata le hona tsa nako e telele.
Ntho ya bohlokwa ho tsena kaofela, ke ho kgetha mosebetsi o ratang ho ithutela ona. Bana ba bangata ba na mathata a ho nka qeto ya seo ba ka ithutelang sona. Lebaka ke hobane mesebetsi eo motho a ka ithutelang yona matsatsing ana e se e le mengata haholo.
Mathata a maholo a batjha ba bangata, ke ho se fumane tataiso e nepahetseng ya tsa mesebetsi mme hona ho etsa hore ba qetelle ba se ba sa ithutele mesebetsi eo ba nang le bokgoni bo botle ho yona e tla ba thusa ho ba bulela menyetla e meholo ya ho fumana mosebetsi haholoholo jwalo ka ha ho ena le leqeme le tshabehang la mesebetsi matsatsing ana.
Nka kgetha jwang mosebetsi oo nka ithutelang ona-
Ho kgetha seo o ka ithutelang sona ke qeto e hlokang boinehelo bo boholo haholo. Ho ba bang, ona ke mosebetsi o bobebe, athe ba bang ba nahana ka thata. Le haeba ho le bobebe kapa ho le boima ho wena, ha o kgetha mosebetsi, kgetha o tla dumellana le bokgoni, boiphihlelo esitana le ditlhoko tsa naha ya heno.
Ha o fumane mosebetsi o dumellanang le wena, o tsoha hoseng o le morolo ha o ya teng ka mehla.
Ke ofe mosebetsi o ntoketseng-
Bua le ditsebi. Dibaka tse kang Career Information Centres, sekolo sa heno le dikolo tsa thuto e phahameng, di ka o thusa ho o kgethisa mosebetsi o o loketseng. Dikolo tse ding di ba le letsatsi leo ka lona e leng la tlhahiso leseding ka mesebetsi eo barutwana ba ka ithutelang yona.
Mohlodi o mong wa dintlha ka mosebetsi oo ratang, ke batho ba etsang mosebetsi oo. Bua le bona. Batho ba bang ba ba motlotlo ho bua ka mosebetsi wa bona. Ba botse hore o jwang, maemo, thupello, menyetla ya teng botle le bobe ka ona mme o bapise dikarabo tsa bona le ditakatso tsa hao.
Ha o etsa mosebetsi o o ratang, o tla o etsa ka makgethe, boinehelo le ka lerato mme o be le menyetla e meholo ya ho nyollelwe maemong a hodimo.
Itsebe
Tseba seo o se ratang le seo o sa se rateng. Iphe nako ya ho shebisisa bokgoni le bofokodi ba hao, o tsebe dithuto le dintho tseo o di ratang le tseo o sa di rateng.
Nahana ka mosebetsi o lakatsang ho o etsa, maemo a ona, moputso esitana le mathata a tsamaisanang le ona.
Qoqa ka morero wa hao le batswadi, matitjhere, baeletsi le metswalle mme o fumane hore ke ofe mosebetsi o ka ithutelang ona oo o nang le bokgoni ho ona.
Tseba ka mesebetsi e meng
O mong mohato wa bohlokwa ke ho tseba hore ke efe metsebetsi e nang le menyetla naheng ena. Maemo a a fetofetoha ka lebaka la dintho tse kang tegniki, saense, moruo esitana le ditlhoko tsa batho.
Mesebetsi e seng e le mengata haholo ke ya ditsebi - mosebetsi e sa hlokeng bokgoni ha o sa fumaneha ha bobebe ka lebaka la tegniki mme e meng mesebetsi e a fela ha e meng e metjha e hlaha ka lebaka lona lena.
Etsa qeto ka bowena ka mosebetsi o o hlokang
Ekaba o na le kgatello e tla o qobella hore o be o nke mosebetsi oo o sa o rateng- Ebe batswadi kapa yona metswalle e bontsha eka e tseba se o loketseng le ho o feta - empa wena ha o dumellane le bona-
Batswadi ba bangata ba atisa ho etsa phoso ya ho kgethela bana mesebetsi pele ba ka sheba bokgoni le ditakatso tsa bona. Sena se ka tlisa dikgohlano ka lapeng mme ngwana a qetele a iphumana a tsielehile bophelong.
Batho ba bangata ba qetella ba etsa mesebetsi eo ba sa e rateng. Lebaka la ho se e rate e le hore ha ho molemo oo ba o fumaneng ho yona ntle le meputso feela. Batla mosebetsi o o ratang. Iphe nako mme o nke qeto e nepahetseng.
Thupello ya mosebetsi
Jwalo ka ha maemo a fetofetoha matsatsing ana, batjha ba kajeno ba tlameha ho kgetha mesebetsi eo ba e ratang. Ha o se o entse qeto, kgetha le dithuto tse tsamaisanang le ona. Mesebetsi e mengata kajeno e hloka sehlopha sa leshome le thupello e nngwe ka hodimo.
BONA SESOTHO - January 2006
O rata ho ithutelang-
E nngwe ya dintho tsa bohlokwa bophelong ba motjha, ke ho kgetha mosebetsi
BONA SESOTHO - January 2006
pale ka PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Maele a mosebetsi batjheng
O se o qetile sehlopha sa leshome. Nkare mesebetsi yohle e hloka kgokahanyo le dithuto tsa maths. A ko bapise ba tlohetseng sekolo pele ba qeta sehlopha sa leshome le bao ba tswetseng pele le dithuto tsa bona ka mora sehlopha sena. Bana ba sa qetang, ho bona ho boima ho fumana mosebetsi, ba o fumanang, ba fumana o lefang hanyane.
lO ka nahana ka ho ntshetsa dithuto tsa hao pele. Ha o rutehile, le moputso wa hao le ona o a nyoloha.
lEtsa dipatlisiso ka mosebetsi. Iphe nako o etse dipatlisiso ka mosebetsi o o rata mme sena se tla o tswela molemo bophelo bohle ba hao. E mengata mesebetsi o ka kgethang ho yona, ka hoo, ho ha bobebe jwalo ka ha o nahana ho kgetha mosebetsi.
lRera hantle ka mosebetsi wa hao. Etsa dipatlisiso ka mosebetsi oo, katleho, moputso le bohlokwa ba ona. Ho rera ka nepo ka mosebetsi o o hlokang ho tla o atlehisa le ho feta maemo a thuto ya hao.
lEba motlotlo ka bokgoni le ditakatso tsa hao. Se nyahamiswe ke batho mosebetsing o o ratang hobane feela ba o bolella hore tlhodisano e se e le kgolo ho ona. Nka mosebetsi leha e le ofe feela - ha feela o o rata. Empa eba malala-a-laotswe bakeng sa diphephetso. lTseba khomputara. Sebedisa menyetla yohle e teng ho ka ithuta yona.
lTswelapele le ho ithuta. Sebedisa menyetla yohle ho ithuta bokgoni bo botjha. Ha o ntse o tswelapele le ho ithuta, o tla dula o kgema le dinako. [s]
