sotho.1022.triviajul
BONA SESOTHO - July 2006
O MONG wa meaho e tummeng haholo lefatsheng, Buckingham Palace ke motse wa boreneng ba Briatania o London, o karolo e kgolo ya ona e sa ntseng e sebediswa le kajeno.
Ntle le hore ke lehae la London la Mofumahadi Queen Elizabeth II, Buckingham Palace ho boetse hape ho tshwarelwa mekete e fapaneng ya boithabiso hape e hohela le bahahlaudi. Ho ketekelwa teng ha dintho di tsamaya hantle, ho kopanwe leha ho senyehile.
Pele o ne o tsejwa ka hore ke Buckingham House, o ne o ahetswe Duke of Buckingham ka 1703, wa rekwa ke Morena George III ka 1762.
Wa atolla dilemong tse 75 tse latelang tseo.
Buckingham Palace ya qetella e le motse wa boreneng ba Briatania wa semmuso ka nako eo Mofumahadi Victoria a qalang ho busa ka 1837. Dilemong tsa bo 1800 ho ile ha atollwa motse ona hape mme ha heletswa monyako oo baemedi ba mmuso ba neng ba kena ka ona pele, Marble Arch, ha ahwa Hyde Park e sa ntseng e sebediswa le kajeno.
Moreneng
Batla lentswe
Maqephe a BONA a boithabiso
Batla lentswe ka ho bala o leba pele le morao, hodimo le tlase le mahlakoreng. O se tlole tlhaku, lentswe le tswe moleng o le mong. Etsa sedikadikwe lentsweng ka leng leo o le fumaneng mme o le tshwaye lethathameng le ka thoko.
Monwanng o rata
batho ba sa tswa ja panana
Ho na le mofuta wa kokonyana o le mong feela o tsebang ho hetla!
Bana ba hola haholo ha selemo se thwasa!
GREAT STOCK!
Dipapadi tsa mefutafuta
Leleme la hao ke karolo ya mmele e folang ka pele haholo
NA O NE O TSEBA?...
Manyesemane ho leleka batho ke ntho ya ona ya kgale. Ha ba ne ba batla ho leleka batho ba bang empa ba sa batle ho ba bolaya, ba ne ba tjhesa matlo a bona.
NA O NE O TSEBA?...
Letsheng kaofela ho na le diketsaho tse ka hodimo ho tse 50 000 tsa ho reketla ha lefatsheng selemo le selemo!
GREAT STOCK!
u Lebitso lena kgofu le bolela phoofotswana ya mofuta wa Gastropoda e nang le kgaketla. Tse ding tsa tsona ha di na dikgaketla.
u Dikgofu di fumaneha metsing a foreshe, a lewatle le dibakeng tse ding tse mongobo. Leha tse ding di fumaneng moo ho ommeng empa tse ngata di phela metsing.
u Dikgofu di tsamaya jwalo ka diboko. Di ntsha lero le reberebe hore di tsebe ho tsamaya hantle di se ke tsa phumoha. Lero lena le boetse le di thusa hore di se hlajwe ka bonolo hape di kgone ho balehela dikokonyana tse ding tse kotsi ho tsona.
u Ka nako eo e kgutlisetsang hlooho ka hara kgaketla, e ntsha lero le leng hape le omellang ka bonolo ho kwala lesoba leo la kgaketla.
u Kgofu e di fetang kaofela ka bolelele ke e bitswang Giant African Snail, e bolelele ba 30cm. Athe e kgolo ho tsona yona ke Syrinx aruanus, e phelang metsing mane Australia. Kgaketla e bolele ba mitara le yona ekile ya fumanwa.
u Ha kgofu e hola le kgaketla e a hola. Ha e hola, kgaketla e kwala karolo e nngwe ya yona mme e boele e bule nqa e nngwe.
KGOFU
Iteke tsebo ya puo ya hao. Setshwantsho ke mohala, ke eng lebitso la seo o se bonang moo?
BONA SESOTHO - July 2006
Kgohlela! Kgohlela!
LEROLE la Afrika le fihlella le mose ho Atlantic Ocean ho la Florida, mane USA. Le nkwa ke moya o matla wa North Africa o fofela
hodimo ka 6 100m.
Diphoofolo tse behelang ha di na mekgubu
60 BONA SESOTHO - July 2006
Maqephe a boithabiso a BONA
Thatolla
Ho na le dikokonyana tse milione moo ho phelang motho ka mong lefatsheng.
Beha mantswe ana ka tatellano
Ke efe phapang pakeng tsa Moindia le Moafrika wa
Tlou?
KE diphoofolo tse pedi tse fapaneng. Tlou ya Moafrika e kgolo haholo e ka fihlella ho 4m le boima ba ditone tse 6 athe ya Moindia yona, ka ho le letshehadi, e boima ba ditone tse nne feela le bolelele ba 3,2m. Tlou ya Moindia e na le ditsebe tse nyenyane, hape ke tse tona feela tseo dinko tsa tsona di holang haholo athe tsa Maafrika tsona dinko tsa tsona di hlile di hola haholo.
KA SENYESEMANE: lentswe lena species e bolela "mefuta" kapa "mekga."
Diphororo tsa Angel Falls, Venezuela di bolelele ba 979m, ke tse telele ho di feta lefatsheng.
GREAT STOCK!
Lesea le inngweng le hola dinomoro tsa menwana le le
dibeke di 18!
Kanale ya Panama
KANALE ya Panama ke e phetheselang dikepe tse ngata tse kgaoletsang ho yona ho ya tswella ho Central America, ho ya kenella Atlantic le Pacific Ocean.
Moaho wa kanale ena ebile ona o moholo ho e feta kaofela lefatsheng hape e le mosebetsi o thata ka ho fetisisa ho e meholo e kileng ya etswa ke bo-engineer. O thusitse haholo hobane dikepe ha di sa hloka ho nka leeto le le lelele le bileng le leng kotsi ho potoloha tlhoro ya Amerika Borwa. Leha batho ba ne ba nahane ho aha kanale ena ya Panama maqalong a dilemo tsa bo 1500, e ne e qale ho ahwa ka 1880, tlasa boetapele ba Mafora.
Leano la bona la nyopa mme ya qetellwa ke United States ka 1914.
Moaho o bolele ba 77km wa aparelwa ke mathata a kenyeletsang le mafu le ho tetebela ha mobu.
Ho dumelwa hore basebetsi ba ka hodimo ho ba 27 500 ba shwelletse moo nakong eo ho sa ntseng ho ahwa.
Marangrang a ditshwantsho
Setshwantsho ka seng ke mohlala o o bolellang seo o tlamehang ho se ngola dikgeong
BONA SESOTHO - July 2006 61
