sotho.357.survey
Ba nahana eng
Ho molaong! O thabela thobalano ha o ntse o hola! Ana ke maikutlo a basadi ba 46 lekgolong ba dilemong tsa bo 40 ba ileng ba nonywa maikutlo mabapi le thobalano. Ba boletse ha ba thabela thobalano "ka dinako tsohle."
Female Nation Survey, e phatlaladitsweng ke Women24, e ne e tsepamisitse maikutlo haholo basading ba dilemo di 15 ho ya ho tse 65, ke ena tlaleho ya bona...
Dikarolo tse fetang tse tharo ho tse nne tsa basadi ba ileng ba nonywa maikutlo ka taba ena, ba boletse ha ba thabela thobalano ka dinako tsohle. Ntle le hore basadi ba dilemong tsa bo 40, ba thabela thobalano haholo, empa hape ho bonahetse hore ho ba le ngwana ho etsa o thabele thobalano le ho feta. Re ka re basadi ba 90 lekgolong ba nang le masea a ka tlase ho selemo, ba thabela thobalano ka dinako tsohle. Basadi bao e leng ditharasi ha ba etse thobalano kgafetsa.
Ba bane lekgolo ba boletse ha ba ikaketsa thobalanong, ba etsa e ka ba kgotsofetse, ha ba ka tlase hanyane ho ba 50 lekgolong ba boletse ha ba so ka ba ithabisa ka thobalano ka bobona.
A le mong ho ba tsheletseng yena o boletse ha ho se ho fedile selemo a ne a qetele ho etsa thobalano. Tabeng ya ho tsuba le jwala, ba 50 lekgolong ba boletse ha ba sa tsube, ha a ba 20 lekgolong ba sa nwe.
Ho ile ha hlaka hape hore ba 13 lekgolong ha ba je ka nepo - ka lebaka la ho se rate dijo. Women24, e boletse hore basadi ba batho ba batsho ke bona haholo ba nang le mathata ana, ho latele ba mmala.
Ba babedi ho ba bararo ho bonahala ha ba ngongorehiswa ke maemo a bona a ditjhelete, ha ba 64 lekgolong bona ba bolela ha ba sa kgotsofalle meputso ya bona. Ba bararo ho ba bane ba dikolotong, ha ba 70 lekgolong bona ba sa etsa matsete a letlole la botsofadi.
Tse monate ke tsa hore ba ka hodimo bo 20 lekgolong, ba boletse ha matsete a bona e le pinyane, le ba nyetsweng le bona ba ka hodimo ho ba 50 lekgolong ba boletse ba na le ditjheletenyana tseo ba ipoloketseng tsona lehlakoreng... [s]
Basadi ba Afrika borwa ba senola pinyane ya bona ka thobalano
BONA SESOTHO - June 2007
Thobalano le basadi ba Afrika Borwa
