sotho.356.spain
Batho ba Afrika sekepe
Ba llela tokoloho
Selemo le selemo diketekete tsa Maafrika di beha maphelo a ona kotsing, di leka ho ya ikahela bophelo bo botjha Yuropa
pale ka ISAAC KWELA
ditshwantsho ka PICTURENET
BA TLOLA meedi e lebetsweng ke babolayi ba dithunya. Ba beha maphelo a bona kotsing ya ho hata diqhomane hara masimo, ba shwe ke tlala le lenyora hara lehwatata.
Ha ba ka fihlella lebopong teng, bophelo ba bona bo ebe bo le mohaung wa dimokolara tse ba nkang jwalo ka dintho tsa ho tjhentjhanwa ka tsona jwalo ka thekisong ya makgoba dilemong tse ka bang 200 tse fetileng.
Ba petetsana ka sekepeng se senyenyane mme motho o kena le diaparo tse mmeleng feela. Ba rapella feela hore ebe seketswana seo sa dimokolara se matla ho lekana hore ha se no teba ka bona ha se imelwa. Le hore dikoloi tsa batshwasi ba dltlhapi di se robehe tseleng. Hape ho se tsohe sefefo ba le ka metsing le hore ba se fellwe ke metsi le dijo.Hobaneng ba iketsa sehlabelo se sekale"
Ba batle ho ya fihla Yuropa, naha eo ho ya ka mosebeletsi e mong wa setjhaba, ho yona ba tla ya ikahela bokamoso bo betere."
BA kgathetse ke dintwa, tse bolaileng ba ka hodimo ho milione. Abdi Salan Mohammed Hassan (23), le yena o ne a bone hore nako e fihlile ya ho furalla naha ya habo. A bokelletsa tjhelete ka ho rekisa meroho eo a neng a e lemme seratswaneng sa hae.
O ne a batla ho ya Yuropa, a tseba hore tsela e betere ke ho paroletsa le Libya, o tshele lewatle la Mediterranean ka sekepe. Mmae a leka ho mo hanela empa a satalatsa molala. "Ke monna jwale," ho bolela yena. "Ka nako e nngwe monna o lokela ho sotleha bophelong."
Abdi Salan a tsamaya matsatsi a mahlano ka bese e lebang Addis Ababa, Ethiopia.
Ha o tloha Sudan ho bonolo ho fetela Libya, empa ho kotsi ho tsamaya o se na ditokomane tse molaong. O ne a dule moo kgwedi kaofela, qetellong a fumana eo a ka mo nyobelang hore a mo etsetse lengolo la "visa" leo a neng a le hloka.
Ka mora matsatsi a mane a le beseng, a fihla motsemoholo wa Sudan, Khartoum. A dula yunivesithing ho barutwana ba bang ba Somali. Ba mo tsebisa dimokolara.
Bosiung bo bong, Abdir Salan a qala ho hahlaula hara lehwatata la Sahara ka teraka mmoho le ba bang ba 24 ba Somalia. Bakganni ba babedi ba Sudan ba ne ba tsamaya ba ba nwesa metsi ka mora dihora tse mmalwa. Ka letsatsi la bosupa la leeto leo la bona, le neng le lokela ho nka dihora tse 48, teraka ya robeha.
Ho shwellwa ke koloi lehwatateng ho bolela lefu feela. Ka mora dihora ba e lokisa, ya duma hape leeto la tswelapele.
Ka mora matsatsi a mararo, ba tshela moedi wa Libya.
Abdi Salan o tla lokela ho ema dikgwedi tse ding tse tharo pele a ka fumana sekgeo sekepeng.
H O NA le batho ba 85 ba petetsaneng ka sekepeng seo se tsofetseng sa ho tshwasa ditlhapi - ba babedi ke ba Ekgepeta, wa Tunisia, wa Libya, wa Ethiopia mme ba bang kaofela ke ba Somalia, ba kenyeleditseng le basadi ba 13 bao e mong wa bona e leng moimana.
Monna wa Moekgepeta ke yena ya ba okametseng. O bolelletswe hore batho bao ba tseba ho kganna sekepe.Ha thwe mohlomong a ka hloka thusa ha se ka lemala enjine. Dimokolara tsa re ba kgobe matshwafo - hobane e mong wa banna ba Somalia ke makhemike.
Nnete ke hore ha ho makhenike ka sekepeng seo mme eitse hoba enjine e shwe, sekepe seo sa ntshetswa ka thoko ho lewatle moo se sa tlo bonwa ke motho. Ka mora beke, Abdi Salan a qala ho hlokomela jwale hore ba tla shwella moo.
Letsatsi le letsatsi ba bona dikepe di fetella hole mane. Banna ba bang ba leka ho etsa diketswana ka thupa tseo ba di ntshitseng sekepeng sa bona.
Ka letsatsi la bohlano, ha hlaha sekepe se seng hape mme banna ba bang ba kena ka sekepe seo ba leka ho se kgahlanyetsa empa e mong wa bona a shwella hona moo. Ha bonahala hore jwale ba tla latela ka bonngwe ho fihlela ba fela. Ba ne ba eshwa ke lenyora le tlala mme ba qetella ba enwa metsi a lewatle.
Ka letsatsi la 13 ba ka hodimo ho ba 40 ba be se ba shwele mme ba ka hodimo ho ba 24 ba dumaela ka sekepeng ba sa tsebe le ho hema. "Le nna ke ne ke se ke lebelletse lefu," ho bolela Abdi Salan.
"Kaofela ha bona ba ne ba lahlehelwa ke dikelello," ho boletse e mong wa baoki ka mora hore ho be le motho ya hlokomelang hore ho na le seketswana lebopong la sehlekehleke sa Lampedusa.
Pale ya bona e ne e tshose naha eo haholo. Ramotse wa Roma a ba hlophisetsa lepato le hlomphehileng motsemoholo wa toropo mme mabokose a 13, ao ka leng le neng le emetse letsatsi ka leng leo ba le dutseng moo - a ne a phuthelwe ka masela a bolou le bosweu mmoho le folaga ya naha ya Somalia.
Abdi Salan a dula dibeke tse tharo sepetlele. A fumana monyetla wa ho bua le mmae mohaleng a mo bolella sohle a re a se hlole a kgathatsehe ho tla loka.
KE baphaphathehi ba ka hodimo ho halofo ya milione ba kenang Yuropa Bophirima ntle ho tumello dilemong tsena tse pedi.
Ba boetse hape ba kena ho tswa ka Fuerteventura, se seng sa dihlekehleke tsa Canary mane Spain ka lebopong la Afrika leboya-bophirima. Dikgweding tse mmalwa tse fetileng ho tlalehilwe hore diketswana tsa ho tshwasa ditlhapi di se di sesa ho ya fihlella le Senegal, bohole ba dikilomitara tse 1 600.
Ke baphaphathehi ba 300 ka keneng sehlekehlekeng sena sa Canary ka letsatsi selemong sena feela mme batho ba pakeng tsa 1 000 le 1 700 ba nahanelwa hore ba shwetse tseleng. Fuerteventura, letsatsi ha le dikele ho sa bonahale seketswana se nyahladitsweng ka thoko ho lewatle. Monga lebenkele la dijo o re o ke a leke ho ba thusa ka ho ba fa lebese le futhumetseng le bohobe. O re bapalami ba ebe ba kgathetse, ba nyorilwe ba bile ba tshohile haholo.
"Nahana feela ka mora leeto leo le le lelele, o omelletse ke serame, o sa tsebe le hore o hokae hape o tla amohelwa jwang," ho bolela yena.[s]
BONA SESOTHO - June 2006
SE SEHOLO: Baphaphathehi ba sa tswa lopollwa sekepeng sa Spain, Sehlekehlekeng sa Canary. Ke Maafrika a 300 ka letsatsi a fihlang mona a leka ho ya Yuropa - mme ba bangata ba fella tseleng!
LE LETSHEHADI: Ha ho qellanwe ka dilemo leetong lena le kotsi. Bakganni ba sefofane sa Spain ba tshwere lesea leo le lona e leng lehlatsipa.
BONA SESOTHO - June 2006
u
t
Batho ba nyorilwe hona hoo ba nwang metsi a lewatle
KA HODIMO: Mahlatsipa a na a kgutlisetswang sekepeng ke a sekepe sa Spain mme jwale e lebiswa Fuerteventura...
