sotho.349.miriam
Hobaneng re rata Miriam Makeba
MIRIAM MAKEBA o hloka tjhelete. Ha a e hlokele yena, o e hlokela ba bang ba nang le ditlhoko tse kang dijo, thuto le ba sa sebetseng. "Ke etsa seo nka se kgonang," ke yena eo. "Empa ke lakatsa ho kgothaletsa basadi ba sa leng banyane ho latela ditoro tsa bona jwalo ka nna."
Kajeno o dilemo di 74, Mme Miriam haesale e le lesupatsela basading ba sa leng banyane ba Afrika ho tloha botjheng ba hae mane Sophiatown dilemong tsa bo 1950.
Le kajeno o sa ntse a hlwa mekwalaba
"Ke a tseba hore ho jwang ho uba ha lephako," ke yena eo. Ke hopola matsatsi a boima ke sa qala mosebetsi ona mme ke bona e le tlhohonolofatso hore e be ke moo ke leng teng kajeno!"
Ho CD ya hae ya moraorao tjena, Forever, Mama Afrika o boetse a hatisa dipina tsa hae tsa kgale tseo a neng a di hatisa ho tswa kontinenteng ena kaofela e le ho neha bahlahlami ba hae mohlala. Ke tshepa hore ba kgola molemo.
Ka 2004, nakong eo Thandiswa a neng a hatisa albamo ya hae ya mosollane, Zabalaza, o ne a bolele hore toro ya hae e kgolo ke ho hata mehlaleng ya Miriam Makeba.
SEBINI sena se kgutletse naheng ena ka 1990 ka mora dilemo tse 30. "Nakong eo ke neng ke qala ho bina, ho ne ho se TV kapa seyalemoya, dibini di ne di sebeletsa malekeisheneng le ditoropong," ke yena eo. Menyetla e ne e le siyo. "Ke ne ke dula Riverside, Tshwane mme ke binela dibakeng tse kang Sophiatown le Alexandra.
"Ho ne ho se dibaka tse ngata tseo re neng re bina ho tsona, ka hoo, tjhelete le yona e ne e sa bonwe.
"Ke ne ke bina dibakeng tsa Bantu Men's Social Club mane mmileng wa Eloff moo motho o neng o etsa R10 ka dihora tse nne."
Ha a le dilemo di 19, e ne e le bapala e neng e tsejwa matjhabeng ka talente ya yona. Ke kgatiso ya Come Back Africa, e neng e nke Venice Film Festival ka sefefo ka 1959 mme Makeba a qala ho ba Naledi mane New York.
O ne a tshehetswe ke Harry Belafonte, nakong eo a neng a menngwe ho TV mme a bina a ho premier jazz, mane Village Vanguard. "Ka thuso ya Belafonte, ke ne ke kopane le dibapadi tsa difilimi tsa Hollywood tse kang Sidney Poitier le Marlon Brando, le dibini tsa kang Ella Fitzgerald le Diahann Carroll," ho bolela yena Makeba.
"Ke ne ke se sebini sa jazz, empa ke ne ke le thatohatsi mane New York. Ke ne ke le mokgelo dibining tse ding tsa basadi moo. Ke ne ke na le sebopeho se fapaneng. Ke ne ke ikgethile - mohaladitwe wa Afrika, e le naledi Amerika. Nna ke ne ke na le moriri wa Seafrika ha wa bona o ne o otlolohile.
"Ho ba naledi ho ne ho se bohlokwa ho nna. Ke ne ke bolokile Boafrika ba ka. Ke ne ke tseba bohlokwa ba ho ba moo ho feta mmino wa ka." Miriam o ne a hape kgau ya Grammy ka 1965 le 1967 mme a ntsha albamo ya mosollane, Pata Pata.
DILEMONG tse mashome a mararo ka mora moo, Bongo Maffin le yona ya bina Pata Pata. Puisanong ya hae ka 1997, o ne a rorise Thandiswa ka ho fetisa molaetsa wa setso ka mmino wa hae.
Makeba o boleletse BONA pinyane ya hore ha a ka a fumana leha e le sente e ntsho ho Pata Pata nakong eo e neng e mmeha boemong ba matjhaba. "Ha ho mang ya tsebang hore tjhelete e ne e lebe kae"" ke yena eo ka bolokolohi bo boholo.
Dilemong tsa bo 1960 tjhelete o ne a sa e beha pelong hakalo; le nakong eo a neng a ngadile naheng ena, o ne a tsamaye le monnahae wa Moamerika ho ya ipata Afrika Bophirima, Guinea.
Kajeno, Pata Pata e kgutletse mananeong a mesebetsi wa hae. Empa ha a rata ho ya lolololo ka taba ena. Seo a se boletseng feela ke hore ditlhophiso tsa ho mo hlakola meokgo eo ya hae di se di phetheha. Sekolo sa hae se tla fumana molemo o moholo tjheleteng eo. Se na le bana ba 18 ba tswang mebileng. Ba iswa mane moahong wa Dutch Colonial, Lejweleputswa Bohareng ke mapolesa kapa basebeletsi ba tsa thekolohelo bakeng sa tlhabollo ka mora tlhekefetso ya thobalano le dithethefatsi.
Ditjeho tsa projeke sekolong seo di ballwa ho R60 000 ka kgwedi mme o sebetsa le Elaine Masekela-Britton, kgaitsedi ya Hugh Masekela.
Ho ka fihlela ditjeho tsena o etsa dikonsarete ho bokeletsa ditjhelete tsa mosebetsi ona. Ha ke radimilione, empa ke rata ho be teng seo ke se etsang," ke yena eo. "Nke ke ka dula feela ke phuthe matsoho. Leha ke le moholo, ke ntse ke kgona ho bina meketeng ya ho bokelletsa tjhelete selemo le selemo," ho rialo yena a ntse a tsheha. [s]
BONA SESOTHO - March 2007
KA HODIMO: Ha a ka a fumana le sente ka Pata Pata.
LE LETONA: Mama Afrika o ntse a tswelapele le ho kgothatsa talente batjheng.
Ke rata ho thusa!
Mama Afrika leha a le dilemong tsa bo 70, empa o ntse a thabisa matshwele - o lwanela hore ba bang ba fumane monyetla oo yena a sa kang a o fumana.
pale ka DOUG GORDON
BONA SESOTHO - March 2007
Phetla maqephe a mmalwa o tla fumana monyetla wa ho hapa di-CD tsa Miriam Makeba.
