sotho.347.birnam
Re bua le e mong wa bahlodi ba basari ya ha Birnam College...
pale ka TEDDY GOMBA
ditshwantsho ka JUDAS HLONGWANE
O thusa motshwari
Ho ba mothusi wa motshwari
LEHA a ne a kenetse ditlhodisano tse ngata, Pauline Dhlamini ya dilemo di 21 o ne a so ka a hapa letho ho fihlela a kenela tlhodisano ya BONA e neng e tsheheditswe ke Birnam College.
O ne a hape basari ya dithuto tsa selemo tsa personal assistant.
Dhlamini, ya hlahetseng Soshanguve, mane Tshwane o ne a pase dithuto tseo tsa hae ka dinaledi.
O ne a fumane dithuto tseo di le monate.
Hape le lerato la hae dithutong tsena le ne le totobetse. "Haeba o le mothusi wa motho ya shebaneng le mosebetsi o boima, ho bolela hore le wena o tlameha ho sebetsa ka thata," ke yena eo.
"Boinehelo ke ntho ya bohlokwa ho motshwari wa hao."
Dithuto tsena di se di fumanetse Dhlamini mosebetsi.
"Ke a itshepa hore ke se ke bontshitse bokgoni ba ka bo boholo ka hore ke pase dithuto tsena ka matshwao a hodimo," ho bolela Pauline ka pososelo e kgolo. [s]
BONA SESOTHO - May 2007
