SOTHO.341.sisarahjul
BONA SESOTHO - July 2006
Nka mo tshwarela jwang"
Monnaka o ne a hlale mosadi wa hae ka 1992 mme ra nyalana ka 1994. O na le ngwana le mosadi eo ya ntseng a mo sapota. Ka 2003 o ne a be le dikamano le mosadi eo ke sa utlwaneng le yena.
Ha ho dumele hore ke mo tshwarele monna enwa. Ke se ke feletswe ke lerato la hae mme jwale o emarisitse mosadi enwa.
O a ikwahlaya ka diketso tseo tsa hae tse mpe. Empa ha ho dumele hore ke mo tshwarele. Ke a bona teng hore o a nthata.
NTK, Kapa
nO mathateng. Ha ho bobebe ho ka mo tshwarela - haholoholo jwalo ka ha e le monnahao. Se thatafatsang maemo le ho feta, ke hore o se o feletswe ke lerato la hae.
O tlameha ho nka qeto hore o kgaola lenyalo lena la lona la dilemo tse 12 kaofela kapa o a tiisetsa.
Jwalo ka ha o botsa hore na o ka mo tshwarela na jwalo ka ha a ntse a bontsha ho o rata, ke sesupo sa hore o rata ho sireletsa lenyalo la lona.
Ho latela mathata ao le seng le fetile ho ona wena le monnao, ke le eletsa hore le bonane le moeletsi wa ditaba tsa manyalo. Empa se lebelle hore maikutlo a hao a tla fetoha ka nako le motsotso. Ho tla nka nako...empa ho tla o tswela molemo.
Ha ke sa na thahasello ya hae
Ke dilemo di 41 ha tsa monnaka di le 42, re se re rerile ho nyalana haufinyane, empa ha ke ikutlwe ke mo rata ka tsela eo nka bang ka nyalwa ke yena. Ke a mo hopola ha a le hole le nna, empa hang ha re le mmoho, ke phakisa ho fellwa ke thahasello ya hae. Nako e ngata ha ke rate ho etsa thobalano le yena. O nahana hore re ka nyalana" Ka ho le leng ha ke rate ho lahlehelwa ke yena jwalo ka ha e le monna ya lokileng. Nka etsa jwang"
Ya kgathatsehileng, Lanseria
nO bonahala o hlile o ferekane, o bile o inahanela wena o le mong. O hlile ha o nepe hore e se e le nako ya hore o nyalwe. O ipuela nnete hore o hlile o ikutlwa o sa mo rate ka tsela ya hore le ka nyalana, ha o be le thahasello ha o na le yena, o bile ha o rate ho etsa thobalano le yena.
Empa ka ho le leng ke monna ya nepahetseng ho wena eo o sa rateng ho lahlehelwa ke yena.
Ka mantswe a mang o a mo hloka empa ha o rate hape ho phela le yena.
Lenyalo ke boinehelo bo feletseng ba monna le mosadi boo ba tlamehang ho inehela ho bona ka ho feletseng...mme ha o a tlameha ho ferekana ka maikutlo a hae ho wena.
Ho tseo kaofela ke seng ke di boletse, ha ho leha e le nngwe eo o seng o e entse.
Seo o se etsang ha jwale ke ho tshwarella monna hore o be o fumane motho eo o mo ratang. Ke nako ya hore o mo bulele sefuba sa hao mme sena se tla le thusa ka bobedi!
Ekaba o a nthata"
Ke dilemo di 33, ke ne ke hlalane le monnaka mme jwale ke dilemo di hlano ke ratana le monna ya dilemo di 38 ya se nang ngwana ya so kang a nyala. O dula habo, o rata ha ke mo etela bosiu ke tsamaye hoseng ka madungwadungwana.
Ha ke leka ho bua ka sena, o a halefa. O nthusa ka tsohle, ekaba ke nnete seo a se etsang"
O hirile mosadi ya mo hlatswetsang, ha a rate ha ke botsa letho ka yena. Ke belaele hore ho teng seo a mpatelang sona. O nahana hore o a nthata"
MAT, Bloemfontein
nHo banahala eka o a o rata... leha eka ho na le e mong lehlakoreng. Jwalo ka ha le se le qetile dilemo tse hlano, o tlameha ho tseba se kelellong ya monna enwa.
Diketso tsa hae di bontsha hore ho teng seo a o patelang sona.
Ha se toka hore motho wa dilemo tsa hao a nne a ipate ha a rata ho bonana le motho wa hae. Buisana le
yena ka taba ena.
Thobalano ha e kgotsofatse
Ke dilemo di 42 ke ratana le monna ya dilemo di 44. Ke mo rata haholo empa o na le mathata empa ha a batle ho ya batla thuso dingakeng.
Ha a tsohelwe le lero la hae la bonna le nkga hampe bo tshabehang athe le na le mmala o sa tlwaelehang. Ha a nkgotsofatse hohang ka thobalano. Ke tla etsa jwalo hobane ke a mo rata" Hape ha ke batle ho ratana le monna e mong ka thoko.
MBP, Rustenburg
nHa ho lebaka le etsang o hloke botshepehi monneng wa hao eo o mo ratang. Ha ke bone mathata tabeng ena hobane ngaka e ka thusa. O lokela ho loha maano a tla etsa hore a bone ho hlokahala hore a ye ngakeng ntle le hore a ikutlwe a phoqehile. O lokela ho fumana kalafo ka pele pele mathata a eja setsi, hape ha o kgotsofale thobalanong. O ka nna wa fumana hore mathata ao a theola lerato la hao ho yena. Le lokela ho loha leqheka le leng bobedi ba lona leo le tla ikgotsofatsa ka lona thobalanong ntle ho mokgwa ona o tlwaelehileng. Mo bolelle se o thabisang haholo ka nako ya thobalano. Ha a sa tsohelwe hantle leka ho fumana hore esebe o na le mathata a mang a itseng a bophelo.
O rata basadi
Pelo ya ka e bohloko hobane mohlankana wa ka o rata basadi. O nketsetsa sohle empa ke kgathatsehile hobane ha ke tsebe le haeba o etsa thobalano e bolokehileng le bona kapa tjhe. Ke etse jwang"
SN, Witbank
nHobaneng o mo bitsa mohlankana wa hao, ha e le hore o ratana le basadi bohle bao a kopanang le bona" Ha ke bone lebaka le etsang hore o tswelepele le dikamano le monna ya boitshwaro bo jwalo.
A ka nna a o etsetsa sohle empa nnete ke hore o o utlwisa bohloko bo tshabehang hape o beha le bophelo ba hao kotsing haeba a sa etse thobalano e bolokehileng. Na bophelo ba hao le bokamoso ba hao ha di bohlokwa" Ke bona ekare o lokela ho ipatlela monna ya tshepahalang ya tla o hlonepha.
Na ke tla ima"
Ke dilemo di 31 ke na le bana ba babedi. Mohlankana wa ka o ba rata jwalokaha ekare ke ba hae empa yena ha a na bana hohang mme o batla re etse ngwana. Selemong se fetileng ke ne ke ime empa ka senyehelwa. Ka 2003 ke ne ke ntshe mpa hobane ntata ngwana o ne a ntlhekefetsa a sa batle mpa eo, ka tlameha ho e ntsha.
Se nkutlwisang bohloko ke hore, ke ile ka nahana hore mohlomong ke ahlolelwa seo ke neng ke se etse ka nako e fetileng. Na ke sa tla boela ke eba le ngwana e mong"
NP, Johannesburg
nHa ke na boiphihlelo bo botle ba hore nka o eletsa ho tsa kalafo empa ngaka ya hao ha o ka e hlalosetsa ka mathata ana, e tla o thusa.
Di ngata dintho tse etsang hore batho ba senyehelwe e seng hobane ba kile ba ntsha dimpa. Ho boela o ima hape ho bontsha hore o ka nna wa boela wa ba le ngwana. Hangata ho qhalana ha mpa ke mokgwa feela wa tlhaho wa ho qhala mathata mmeleng. Bonana le ngaka ya hao ka pele hore o tsebe ho tseba maemo a hao a bokamoso.
Tlhoriso ena e tla fela neng"
Ke dilemo di 26 monna wa ka o dilemo di 27. Ha ke mo rate hohang, ke ne etsa eka ke a mo rata hobane a nthata. Re na le bana ba babedi mme pelo ya ka e bohloko ke hona. Leha ho le jwalo ke dumela hore Modimo ke Ona o re kopantseng.
Ke kene lenyalong ka lebaka la bana ke tshaba le batswadi ba ka. Ka mora lenyalo lerato la ka la fela tu mme ke kgathetse ke ho ikutlwisa bohloko. Ke etsa dintho feela hobane ke leka ho mo thabisa. Nka intsha jwang mathateng a makale"
FW, Mpumalanga
nKe wena feela ya ka intshang moo. Ka maswabi ha ho tsela e bonolo ya ho etsa seo ntle le hore ba amehang ba utlwe bohloko. Mohlomong ha o ka ba bolella nnete ho ka ba molemo. Ha o rate monnao empa o ntse o tswelapele le bophelo ba lenyalo"
O dutse le yena hobane feela yena a o rata, le ka lebaka la bana ba hao le batswadi ba hao. Ke nako ya hore o kgethe se ratwang ke wena empa o lebelle hore o ka nna wa lahlehelwa ke ba lelapa le metswalle.
Bohle ba tla utlwa bohloko ho tseba hore o ne o ntse o iketsisa. Ba bolelle hore o entse seo ka lebaka la bona le ka tshepo ya hore ke seo le Modimo O se batlang ho wena. Ke nako ya hore o etse se ratwang ke wena.
Moratuwa wa sebele
Ke dilemo di 22, moratuwa wa ka wa dikgwedi tse nne o dilemo di 25. O dula le mosadi e mong eo a reng ba na le nako ba ratana. Ha a ne a qala ho bua le nna o ile a mpolella ka yena mme nna ka hana ho ratana le yena ka lebaka leo.
A nkgatella ka hore ho dula le motho ha ho bolele hore ba nyalane. Ha a tsamaye le nna hara batho empa o a tsamaya le mosadi eo e mong...leha nna ke le teng. Re na le nakwana re ratane empa ke mo rata ka pelo yohle ya ka. Ke etse jwang"
NM, Kapa
n Na ka nnete o nahana hore monna eo o fela a o rata e le kannete empa a dula le mosadi e mong mme a tshaba le ho bonahala a ena le wena hara batho"
O ka nna wa nahana hore ke moratuwa wa sebele hobane feela a o kgotsofatsa empa ha a o hlonephe. Ke molotsana mme o tseba seo a ka se buang le seo a ka se etsang ho thabisa mosadi - o o sebedisetsa ho kgotsofatsa ditakatso tsa hae. O ne o sa lokela ho ratana le yena ho tloha qalong, tlohela ho itshenyetsa
nako! [s]
Botsa Sis Sarah
Ela hloko: Sis Sarah ha na bokgone ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le koptjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliniking ha le ena le mathata a mofuta ona.
BONA SESOTHO - July 2006
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo" Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
