sotho.340.yourlifeguide_motivation
BATSWADI ba ka e ne le BaKreste. Lapeng ho rapelwa, hoseng le mantsiboya. Ke hotse ke eya le batswadi kerekeng mme ha ke sa tla lebala ka le leng ke shapelwa ho se ye kerekeng.
Eitse ho ba ke ye kholetjhe, ke fumane tokoloho, ka qala ho tsamaela thokwana le Modimo.
Ka tlohela ho ya kerekeng ka Disontaha. Ka qakeha ka Disontaha. Jwalo ka batjha ba bang, le nna ke ne ke iketsetsa boithatelo. Botebong ba pelo ya ka, ke labalabela ho ba le dikamano le Modimo wa ka. Empa le ha ho le jwalo ha ke tsebe hore nka tiisa dikano tsa ka jwang le Mmopi ntle le ho ya kerekeng.
Ho boetse ho na le dintho tseo ke ithabisang ka tsona jwalo ka motjha. Ekare ho tla ba bodutu ha nka dula ke rorisa Modimo.
Selemong sa bobedi ke le kholetjhe, ha ba le morutwana e mong ya mokgelo. O ne a eya kerekeng mme a dutse a tshwere Bibele e kgolo. Hape o thabile jwalo ka bana bohle mme o na le nako ya boithabiso. Ho bua nnete o ne a thabile ho mpheta. A mmemela ho ya le yena kerekeng.
Yaba qaleho ya dikamano tsa ka tse ntjha le Modimo. Ke tsela eo e sa leng ke phela ka yona ho tloha dilemong tse 20 tse fetileng mme nke ke ka tjhentjha mokgwa ona ho sa kgathallehe hore mang o ntshepisa eng.
Ka ba le dikamano le Jesu Kreste ho tloha selemong seo mme yaeba qaleho ya bophelo ba ka bo botjha. Ke na le modisa ya nkalosang bophelong bona ya tla dula le nna le mohla ke le siyang. Ke ena mekgwa e ka o thusang hore le wena o tiise dikamano le Modimo wa hao kapa o di tsoseletse.
MMOPI O BATLA HO BA LE DIKAMANO LE WENA!
Ke ntlha ya pele eo o lokelang ho dula o e tseba. Modimo o moholo ho feta diketsahalo tsohle lefatsheng hobane tsohle di bopilwe ke Ona. Empa O ntse O batla dikamano le wena ka sebele. Ha O bitsetse ho tla etsa mesebetsi ya kereke - O bitsetsa ho tla ho Ona.
O batla ho tsamaya le wena, a bue le wena mme O netefaletse hore O motho ya Ona ho isa ka ho sa feleng. O batla ho o thusa ditlhokong tsohle tsa hao. O batla ho ba wa pele o buang le yena hoseng le wa pele eo o mo tsebisang ka ditlhoko tsa hao. O batla ho o etella pele ho o ntsha mathateng
HO BA LE DIKAMANO LE MODIMO HO BONOLO HAHOLO
Ha o ka hlokomela, Modimo o entse mosebetsi o moholo mme Wa re siela karolo e bonolo. Amohela hore o hloka Modimo le hore ntle le Ona, o moetsadibe ya se nang le tshepo. Dumela hore Jesu o shwele mme a ba a tsoha bafung ho ya ka moo Bibele e bolelang ka teng. Dumela ka molomo wa hao hore Jesu ke Morena bophelong ba hao.
TSHEPAHALA
Ha o etsa tsena tsohle ka botshepehi, o tla hlokomela dintho tse mmalwa tse tla etsahala bophelong ba hao. Hodima tsohle, o tla ikutlwa o thabile, o tseba hantle hore lefatshe le ke ke la o amoha kapa hona ho o neha letho.
Bibele e re: ke "thabo e se nang ho lekanngwa." Thabo e itshetleha diketsahalong, empa ona mofuta wa yona, ke o itshetlehileng dikamanong tsa hao le Ntate ya Mahodimong.
Hape o tla ba le kgotso e feletseng moyeng. O tseba hantle hore kgotso ha e bolele hore mathata a fedile, ke ho ikahela dikamano le moya o Mokgethwa.
Ke kgotso eo motho a ke ke a tseba ho e hlalosa. Kgotso e etsang hore motho a be le pososelo le ha a le ntlheng ya lefu, e rapitlang maqhaana a tlala le mathata ohle.
Ho na le kgotso ya Modimo, kgotso ho Modimo le kgotso ya Modimo.
O boela hape o qale ho hlokomela phetoho ditlhokong le ditakatsong tsa hao, ha ke bolele dijo le dino empa ke bolela dintho tseo o di etsang.
O tla ikutlwa o sa lokoloha qalong ka dintho tseo o neng o tlwaetse ho di etsa ntle le hore o nahanisise. O tla rata dintho tseo pele o neng o re di bodutu.
Ka mantswe a mang o tla tjhentjha ka pelong.
Ebe ke phetho! O amohelehile bophelong bo botjha! [s]
KGOTHATSO
A re boelaneng
LE MODIMO
Ho na le kgotso ho Modimo, kgotso ya Modimo le Kgotso le Modimo
Bophelo ba motho ya nang le dikamano le Mmopi wa hae ke bo phethahetseng ho feta
