sotho.336.designers
Tsa lapeng!
BONA SESOTHO - June 2007
Sue Sishange - o rata ho kgothaletsa batho ka feshene mane Standerton.
NAKO eo Sue Sishange a neng a batla mosebetsi Joburg ka 2004, o ne a etswe diteko tsa ona ke Mongane Wally Serote, e mong wa diroki tse pele Afrika Borwa, eo e bileng hape e leng sengodi sa dibuka. "Boela Standerton o tswelepele le seo o se ratang. O tla itshebetsa."
Ha o ka fumana keletso e kang eo ho motho ya kang eo o ka etsa jwang, ha ho potang, o a e nka. Sue o ne a boele habo mme kajeno ke motsamaise wa diprojeke tsa Lekwa Designers, e leng sehlopha sa difeshene se atlehang haholo.
Hang ka mora ho kgutlela ha hae lapeng, o ne a bokeletse batho ba ratang feshene mme ba etsa mokete wa pokeletso ya ditjhelete. Sue o ne a iphumane e se e le yena ya ka sehloohong ditlhophisong tsa dipontsho tseo.
"Ka tsona re ne re thuse mokgatlo o seng tlasa mmuso, Zithobeni Care Home, ka lenaneo la HIV/AIDS," ke yena eo. "Zithobeni ke mokgatlo o sa sebeletseng phaello o fanang ka thuso le tlhokomelo bakuding ba HIV le AIDS. Taba ya feshene e ne e be mohopolo o motle haholo."
Dipontsho tseo di ne di atlehe haholo. Ha re a ka ra lefella motlakase le diletsa feela, empa ho etsa dipontsho tsa kalaneng ho a bitsa, empa re ne re kgone ho ba le tjhelete e neng e sale, eo re neng re nehelane ka yona ho Zithobeni.
Lekwa Designers, e ne e phatlalatswe, ke bolela sehlopha sa diakanyi tse 12 tsa sebakeng sa Standerton. Ka mora moo, diotara tsa qala ho subuhlellana mme kgatello ya ba kgolo ya hore ho be teng tse ding dipontsho tsa 2005. "Motho ohle o ne a lakatsa dipontsho tse ding, empa mathata e ne e le hore tjhelete ya ho di etsa re ne re tla e nka kae," ho hopola yena Sue. Empa ho ne ho hlahe Mosamaria ya molemo.
Di ne di ba hape
Nelly Ndlovu, wa Lefapha la Setso, Boithabiso le Dipapadi Mpumalanga o ne a le teng dipontshong tsa 2004. Le yena o ne a hapehe maikutlo mme ya ba e mong wa ba neng ba letsetse Sue, ba mmotsa hore dipontsho tse latelang di ne di tla ba neng.
O ne a tshehetse ka ditjhelete mme diakanyi tse 15 di ne di bontshe ka mosebetsi wa matsoho a tsona. Seo se ne se tswele diakanyi tseo molemo jwalo ka ha di ne di kgone ho tsebisahala.
"Lefapha leo la bonono le setso le ne le re thonye ho ya nka karolo ho workshop ya Sanlam SA Fashion Week Fusion mane Nelspruit ka 2005," ho rialo Sue.
Mokete wa selemo o neng o hlophisitswe ke SA Fashion Week, ho ona diakanyi tse pele naheng di etsa di-workshop, ho hlwaya talente diakanying tse ntseng di hola. Ho kgethelwa maemong ao e ba tlotla e kgolo ho tsa feshene.
Ho ya Nelspruit ha Sue ho ne ho mo tswele molemo haholo jwalo ka ha a se a fumana diotara tsa masale ao a neng a a akanyetse lebenkele le leng la feshene la Nelspruit.
Ka leihlo la Seafrika
Mpume Nyoka le yena o ne a nke karolo moo ho Fusion workshop. Mpume yena o laola setsi sa motlakase sa Eskom, sa Tukuta se mane haufi le Standarton. Mosebetsi wa hae ke ho hlahloba hore na setsi se pompa matla a makae a motlakase ka hora.
Ha a sa etse mosebetsi oo wa hae, o itlosa bodutu ka dimakasine tsa Manyesemane le Maamerika tsa feshene. O ne a shebe diaparo tsa tsona ka leihlo la Moafrika.
"Diaparo tse ntle ke tsa ka," ke yena eo. "Ho akanya feshene haesale e le ntho eo ke e ratang, empa jwale ke se ke feteletse. Feshene ke bophelo ba ka - ke a e rata. "
Betty Coetzee ya dilemong di ka hodimo ho tse 50, ke e mong wa mekaubere e tlo tiisa sehlopha sena sa Standerton. O ne a so ka a sebedisa paterone ha a ne a roka diaparo tsa hae.
"Ke se ke entse mosebetsi ona dilemo tse 24 kaofela mme ke roka ka tsela eo mme a neng a roka ka yona: ha ke roka mose, ke o qala ka thekeng, ke qetele ka sefuba," ke yena eo. Ho na le letlapa le leholo kantle ho motse wa Betty le ngotsweng tjena: "Proudly South African Creations."
Ka mora dipontsho tsa Lekwa tsa 2006 tsa feshene, Sue jwale o ne a tsepamise kelello ya hae bokamosong ba sehlopha.
Ba ne ba bule sebaka moo motho ohle a neng a tla hlahisa talente ya hae mme a kgone ho rekisa mosebetsi oo wa matsoho a hae. Ntle le diaakanyi tsa diaparo, le tsa dieta, mabenyane, ba etsang dieta le masela le bona ba amohelehile." Re na le talente mona Standerton," ke yena eo ka tjheseho e kgolo." Ke kgothatso feela e hlokahalang." [s]
African Eye News Service / Highveld Living
pale ka SAMANTHA KILLIK
KA HO LE LETSHEHADI: Betty Coetzee o sebedisa boiphihlelo ba hae molemong wa sebaka seo.
Ditho tsa sehlopha sena sa diakanyi, se ikemiseditse ho ikahela lebitso ho tsa feshene
KA HO LE LETONA: Mpume Nyoka o jele koto ka tse kgabileng ka bofubedu le bosweu tsa kgabiswa ka difaha, e leng tseo a ikakanyeditseng tsona.
Diakanyi tsa basadi tsa Afrika Borwa
u
BONA SESOTHO - June 2007
t
BONA SESOTHO - June 2007
Re na le talente - ke kgothatso feela e hlokahalang
Se seng sa ditaele tsa sehlopha sena.
