sotho.332.khaye
Ba fiela
BONOKWANE
Basadi bana ba sebete ba lwantsha bonokwane ba hlomme ka melamu, melangwana ya baseball, ya kolofo le diphafa feela...
Pale ka Brenda Nkuna
BONA SESOTHO June 2008
TWANTSHO YA BONOKWANE 3
BOSIU ba Labohlano le Moqebelo mane
Khayelitsha, di a duma, ke meketjana ka mahohle. Hara boithabiso boo, bonokwane ha bo fele jwalo ka ha mekete e meng e qetella ka dintwa kapa dinokwane di lalle ba tahilweng di ba tshware poho kapa di hlasele le ba yang le ba tswang moo boithabisong hara mafifi.
Ke hara kgitla ka Labohlano, mebileng ya sebakeng sa Harare mane Khayelitsha, empa ke ikutlwa ke bolokehile jwalo ka ha eka ke ka kerekeng ka Sontaha hoseng.
Diteboho tsohle re di lebisa sehlopheng sa basading ba 60 ba dilemong tse pakeng tsa tse 17 le 60 le banna ba 30 ba ithaopileng ho lwantsha bonokwane ka ho lebela sebaka seo bosiu, ba ipitsang Imbizo hobane kajeno Harare e kgutsitse, ho rena kgotso.
Ba kopana ka hora ya borobedi bosiu khonteineng e nngwe. Ha ho motlakase kapa ona metsi moo athe ba dula hodima ditene le makase a dibiri le meqomo ya dipente. Empa leha ho le jwalo, ha ho le ya mong ya tletlebang ha mongodi wa Imbizo, Nonkoliseko Mcaleli (35) a ntsha buka ya hae e kgolo a ba bitsa mabitso a batho ho utlwa hore ba feletse kganyeng eo e lerotho ya dikerese tse nne.
Ho sa le jwalo, ho lla mohala - ho tlalehwa bonokwane mme banna kaofela ba tswa ba petetsane ho leba moo. Hang ha ba etswa basadi ba qala ho seba, ba tshehe ba etse lerata. Bang ba bolela mabaka a ba qositseng hore ba tele boroko ba bona ba tlo lelekisana le dinokwane bosiu kaofela.
"Re rata bolebedi bona," o boletse jwalo mme e mong ya dilemo di 68, Nomsa Mthuwekhala, mme bohle ba oma ka hlooho ho ananela puo ya hae. O re ba leka ho aha setjhaba se bolokehileng ka ho netefatsa hore dibaka tsohle tse rekisang jwala le mabenkele a kwala ka 7 bosiu, jwale re netefatsa hore boramerusu ba ilo robala ka pelo tse bohloko - kapa ba ilo batla makgulo a matala dibakeng tse ding.
Mesebetsi le meketjana eo ho letswang mmino ho yona, e lokela ho qhalana le yona ka hora ya bosupa mme basadi ba Imbizo ba qale ho felehetsa ba theohang ditekesing le ba phirimetsweng ho netefatsa hore ba fihla hae ba bolokehile.
Mthuwekhala o re ka nako e nngwe ba kopana le batho ba tellang haholo, empa leha ho le jwalo, re a kgona ho ba laola, ka ho buisana le bona ka hlompho kapa ha maemo a le mabe haholo, re ba hase ka diphafa mahetleng mona, dikello di kgutle! Mookamedi wa sepolesa sa Harare, Rodger Rikhotso o re bonokwane bo theohile haholo haesale ho thehwa Imbizo.
BA tshehetsa sepolesa ka bokgabane. Palo ya bonokwane bo tlwaelehileng Khayelitsha ho tloha ka Mmesa ho ya ho Loetse 2002 ebile 7 835. Ka nako yona eo ka 2007, ya theoha ka 3 308, e leng dipersente tse 57,8.
Leha le bonokwane bo theohile le malekeisheneng a mang, empa Khayelitsha e tsamaya pele. Pakeng tsa 2002 le 2007, bonokwane bo theohile ka 37,5% Gugulethu, athe Nyanga, bo theohile ka 27,3%.
Ha o shebisisa dipalopalo tsena, katleho ya Imbizo e a totobala, haholoholo ha o tseba hore ba lebela karolo e le nngwe feela e nyenyane ya Khayelitsha. Ebe basadi bona ba ne ba ke ke ba sala mahae le bana bakeng sa ho nna ba nyolosa ba theosa le mebila, ba lelekisana le ditsotsi mafifing le serameng?
"Ke rata mosebetsi ona haholo ebile o mpoloka ke kwenne," ho bolela Mthuwekhala a bile a tsheha. "Bana ba ka ba a nkgathatsa, ho monate ha ke le mona," o boletse jwalo mme e mong. Leha ho le jwalo, ba hloka tshehetso e matla.
Ha ba na dithotjhe, mahlaahlela, dijase tsa pula kapa tsa serame, ba bang le mathata a lefu la pelo le la tswekere, ba ba le mathata a ho tsamaya hara bosiu ha ho bata kapa pula e ena. Hape bongata ba bona ha bo sebetse mme ha ba kgone ho ithekela mofao kapa hona ho reka moya wa ho hlaba mokgosi ha ho hlokahala.
Leha ho le jwalo ha ba a ikemisetsa ho tlohela mosebetsi ona. Ha ba se ba hlomme ba kena mosebetsing, ho fela bosawana.Eitse re eja mothinya, ra kopana le monnamoholo ya tahilweng hoo a neng a sa tsebe le lebitso la hae, empa basadi bao ba ile ba netefatsa hore o fihla ha hae a bolokehile. Ka mora moo, ho ne ho hlahe batjha ba babedi ba tenneng dibaki tsa letlalo ba tsamaya ba enwa Savannah le Black Label.
Ba botswa moo ba dulang mme ba felehetswa ho ya fihla. Eitse masiu a rwalella, ka be ke kgathetse, ke otsela ho le thata le ho bua empa bomme bao ba ntse ba le mafolofolo ho fihlela mesong.
Eitse ke tsamaya ka be ke ikutlwa ke le motlotlo ka bomme bana ba sebete hakana ba behang bophelo ba bona kotsing ho pholosa a batho ba bang mme ka utwliswa bohloko ke ka moo baahi bana ba sa lefuweng le ho lefuwa ba itetseng ka teng ba siileng malapa a bona ba seng ba sa tsebe boroko hobane ba batla ho pholosa naha ya habo bona e ripitlwang ke bonokwane. [s]
BONA SESOTHO June 2008
Ba bang ba basadi ba lwantshang bonokwane bao e leng ditho tsa Imbizo ba netefatsa hore mebila ya Harare mane Khayelitsha e a bolokeha bosiu.
u
t
Ba hlomme ka melamu, diqelepa le dikubu, basadi ba Imbizo, mokgatlo o lwantshang bonokwane lekeisheneng la Harare sebakeng sa Khayelitsha.
BO A THEOHA
HO ya ka ditlaleho le dipalopalo tsa bonokwane sebakeng sena, ho bonahala dipolao di theohile ho tloha ho 238 ka 2002 ho ya ho 84 ka 2007; ho hlekefetsa ka maikemisetso a ho lematsa ha bohloko, ho theohile ho tloha ho 1 221 ho ya ho 281; ho lematsa thepa ho theohile ho tloha ho 466 ho ya ho 184; mme ho tshwara poho ho tlohile ho tloha ho 443 ho ya ho 100 ho ya ka moo ditlaleho tsa bonokwane di bonahetseng ka teng.
