sotho.331.divas
Ba na le toro e tshwa- nang
BASADI ba ikgethang ba kopantswe ke mmino. Bone ba bona ba na le toro e tshwanang: ho ba dibini! Toro ya basadi bana eo ba neng ba sa kgolwe hore e tla phethahala, kajeno e phethahetse...
Ha o ka utlwa mmino wa bona - ke o amang maikutlo - o ke se kgolwe hore dibini tsena di qadile ho bina mmoho ka Hlakola 2006!
Lindokuhle le Gugu ba ne ba sebetsa ha Checkers athe Sibongile le Zodwa ba ne ba sa sebetse.
"Re ne re be le diteko ho Bayede Shaka ka Hlakola 2006," ho rialo Xolani Majozi, mookamedi wa Ekhaya Multi Arts Centre Ha-Mashu.
"Wa pele ya neng a kene, re ne re hapehe maikutlo ke lentswe la hae. Ha latela e mong, 'Jonna we! Ra kopanya leo le la wa pele, a nyalana.'
"Ba ne ba sa tsebane. Ha latela e mong, ra fapana hlooho jwale. Ha kena wa bone, sa fella sehlopha. Ra theha sehlopha sa basadi sa Mmino wa Bodumedi! Re ne re sa qeaqee hore sena e tla ba sehlopha sa matjhaba!'"
Nakong eo, lenaneong la mesebetsi ya rona re ne re tlameha ho ba le dipontsho tsa Bayede Shaka, le Inkosi Albert Luthuli ya Edmund Mhlongo mane Playhouse, Thekong, Sibaya Casino, diterateng, diholong tsa setjhaba, dikolong le dikerekeng hohle lebatoweng la KZN esitana le Joburg, empa leha ho le jwalo, sehlopha sena se ne se tlameha ho thuswa hore se hlahise CD ya sona ya pele.
Basading bana, diphetoho e ne e be ntho e potlakang haholo - empa mosebetsi o ne o le moholo - empa e ne e be katleho ka mora dilemo tse ngata.
Keletso ya bona ho ba bang ke hore: o se lahle tshepo, itshepe, tsitlallela katleho kamehla, o netefatse hore o sebeletsa ho fihlela ditoro tsa hao. [s]
BONA SESOTHO - April 2008
Toro ya kgale ya basadi ba bane e phethahetse. Ba ne ba sebeletsa malapa a bona ka thata, leha ho le jwalo, ba behile tshepo yohle ya bona ho Modimo hore ka le leng toro tsa bona di tla phethahala... Ena ke pale eo o tlwaetseng ho e utlwa difiliming, empa ena ke nnete!
MMINO WA BODUMEDI
pale ka ANDRE FIORE le ANNE SCHAUFFER
ditshwantsho ka SALLY CHANCE
Ho tloha ho le letshehadi: Lindokuhle Khuzwayo, Zodwa Miya, Sibongile Dludla, Gugu Ndlovu
LINDOKHULE KHUZWAYO
O ne a sebetsa e le cashier ha Checkers dilemo tse tharo kaofela pele a nyahlatsa mosebetsi oo. Haesale e le toro ya hae ho bina ho tloha a le dilemo di 12. Moradinyana wa hae ya dilemo di 12, Samkelisiwe, le yena ke tswere.
Toro ya hae: Ho phatlalatsa Lentswe la Modimo batjheng hore ba tsebe Modimo.
Keletso ya hae: Mamela batswadi ba hao mme o nke maele ho bona.
SIBONGILE DLUDLA
Sibongile o ne a sa sebetse mme o ne a bina sekolong le kerekeng. O na le bana ba babedi, Simphiwe (9) le Zama (14).
Toro ya hae: Hore batho ba sebeletse Modimo.
Keletso ya hae: Ithute.
GUGU NDLOVU
O ne a sebetsa lebenkeleng dilemo tse tsheletseng, o ne a qale a paka thepa mme a qetella a baka mahobe. Ba a tsebana le Lindokuhle mme ba ne ba tlwaetse ho bina mmoho. O ne a na le toro ya ho ba sebini - o ne a tseba hore e tla phethahala ha feela a sa lahle tshepo. "Ke ne ke ntse ke ipolella hore ha ke no sebetsa moo bophelo bohle ba ka, ke ne ke mpa ke etsetsa hore pitsa e ye ifo."
Toro ya hae: Ho bina a le mong.
Keletso ya hae: Tshepa Modimo, o itshepe le wena.
ZODWA MIYA
O ne a sa sebetse mme toro ya hae e phethahetse! "Ke ikutlwa ke le ya ikgethang," ke yena eo. O rata ho sebetsa le moradinyana wa hae. "Le yena e ntse a bina jwalo ka tswere le thaha!"
Toro ya hae: Ho ba naledi!
Keletso ya hae: Rapela Modimo, o se fele matla leha dintho di le thata!
BONA SESOTHO - April 2008
