sotho.330.teens
Matsatsi a sehloho, ke bua ka matsatsi a sekolo
Mahlo mahlong le Fat Charlie
Hobaneng ho NEPAHETSE ho tswafa sekolo...
O TSWAFA sekolo, re a o lebohela! Fat Charlie o ne a tla ngongoreha haeba seo e ne e le mathata. Sekolo se a tswafeha haholo! Ho ntse ho tshwanetse hore o e nke jwalo ka leeto la ho ya ngakeng ya meno. Ha ho potang o tlameha ho nka leeto lena la dilemo tse 12.
Se sebe le ho feta, ke sebaka se dinthontho tse kang tlhekefetso ya thobalano, sebaka moo matitjhere a botswa a sa etseng mosebetsi a ipatang teng.
Baena le dikgaitsedi, re tlameha ho ba hlokolosi mona. Ha re a tlameha ho dumella ho tswafa ha rona sekolo ho emise thuto.
Ha re se kopanye merusu ya dikolong le leano la thuto.
Ho se ho fetile dilemo tse leshome jwale ditsebi tsa rona tsa thuto di hlile di nyatsa tsela eo thuto ya rona e tsamaiswang ka teng. Ha ke bue ka Afrika Borwa feela - ke bua ka dikolo tsohle lefatsheng ka bophara.
Ke bolela mokgwa ona oo ho dulwang ka ona, tsela eo ditafole di kolokiswang ka yona ka pela titjhere.
Mekgwa e mengata eo ba kileng ba e leka, empa kaofela ha yona ya hloleha. Maemo a thuto a hlile a theohile haholo, moloko ona o motjha o tswa sekolo o bile ha tsebe le ho bala esitana le hona ho ngola, e leng se behang bokamoso ba bona kotsing e kgolo.
Leha ho na le diphosohadi ka mokgwa ona oo re nang le ona wa thuto, empa nnete e a sala, ke ona o betere.
Ka lebala lena, re tlameha ho sebetsa ka thata, re tlameha ho hopola hore thuto ke sona senotlolo sa bokamoso bo tjhabileng.
JWALO ka ditjhankana, dikolo tsa batho ba kulang ka kelello le tsona ke dikolo. Ka hoo, dikolo tsohle di tlameha ho sekasekana le batho ba bangata ho tswa malapeng a sa tshwaneng, ka hoo, dikolo tsena di hloka ho ba le melao le dipehelo tsa tsamaiso.
O ke ke wa kgona ho ruta batho ba bakang lerata ba bileng ba ntseng ba iketsetsa dintho tsa bona lehlakoreng. Haeba wena o hlile o ikemiseditse ka ho nna o phatsamisa dithuto, ba ikemiseditseng ba tla dula ba ikemiseditse mme mamello eo ya bona e ba tswele molemo. Wena ha o bone hore o itlhaba ka lerumo.
Wena hohle moo o yang o tla tlameha ho mamela melao e behilweng ke ba bang - ho jwang ho phela ntle le
melao le dipehelo.
A ko shebe ho bana ba sebetsang hantle sekolong. Ekaba ba bohlale ho o feta"
Ha ho jwalo. Seo ba se etsang ke ho mamela melao, ba etse seo ba se laelwang.
Ho teng molemo le bobe ba sena. Molemo wa sena ke hobane se ba ntsha dikgathatsong mme bobe ba sena ke hore bana ba bonahalang ba etsa hantle sekolong, ba atisa ho hula ka ditlhako tsa morao ha ba fihla yunivesithing moo ba tlamehang ho iketsetsa mosebetsi wa sekolo ka bobona.
Dintho di a fetoha, ha ba kgone ho emelana le seo.
Empa lona baena le lona dikgaitsedi - ha le a tlameha hore le se ke la ikemisetsa sekolong hobane le re le emetse ho ya yunivesithing.
Ha o nahana jwalo o ke ke wa ba wa fihla hohang yunivesithing. Yunivesithi e na le melao ya yona, o pele ho yona kaofela ke o reng ha ho mang ya tla o latela ka morao hore o etse mosebetsi wa sekolo, kapa ya tla kgathatseha ha o feitsi. Ha ho mang ya tla nne a mamelane le ditletlebo le mabaka a hao!
Nka malebela ho bana ba mamelang sekolong. O ka thusahala ka hore o kope thuso ya bona dithutong tseo di hlileng di o tsietsang.
E nngwe ntho ntle le moo ke hore o ka kgona ho ba le metswalle e metjha mme ho ka ba teng dintho tseo o ithutang tsona ka ho tswafa sekolo!
Nnete ke hore dikgalapa di a buseletsana, mohlomong le wena ho teng seo o ka ba thusang ka sona. Mohlomong ba ipona ba kgesehile hobane feela ba tsebisahala ka hore ba "bohlale" mohlomong o ka ba tsebisa metswalleng ya hao, le leke ho phedisana mmoho.
TABA ke hore re tlameha ho iponahatsa lona baena le dikgaitsedi. Sebetsang ka thata. Bao ba etsang betere sekolong ha se hobane ba le bohlale ho le feta, empa ke hobane ba sebetsa ka thata...
Fat Charlie o a tseba hore di ngata dikolo tse hlokang ditlhoko tsa ho sebetsa kapa tsona dititjhere tsena tse botswa ho etsa mosebetsi wa tsona, ba rutang bana ba botswa.
Empa hore na batjha ba ntlafatsa jwang maemo a dikolo tsa bona, ke taba eo re tla bua ka yona ka tsatsi le leng. Empa he diphetoho di tlameha ho tla le bao ba ratang diphetoho.
Se ngongorehisang Fat Charlie mona ke - boitshwaro.
Ntho eo batjha ba e tsebang haholo ke yena ya ho sosobanya difahleho ha ba tlameha ho etsa ho hong. Se etse jwalo tabeng ya thuto.
A ko e nahane jwalo ka diaparo tsena tsa sekolo. Bohle le shebahala le tshwana, empa ka hara diaparo tseo ha le tshwane.
Re tlameha ho nka taba ya sekolo jwalo ka diaparo tsa sekolo tseo re di aparang dilemong tsa ho qala tsa bophelo ba rona. Se thetswe ke tjhebeho. O ka thetswa ke tjhebeho athe sa bohlokwa ke se ka hare.
Ho sa natsehe hore o rerile ho etsang ha o se o le moholo, empa o tlameha ho sebetsa ka thata sekolong, re bolela hore o pase!
Haeba sekolo sa haeno se se na "ditlhoko" ke boikarabelo ba hao hore o etele dibaka tse tshwanang le dilaeborari, o ikopanye le metswalle ho netefatsa hore o fumana dinthla tsohle tseo o di hlokang bakeng sa diteko tsa hao.
Le haeba seo e le phoso ya titjhere ya hao, ha ho re letho hoo. Ho nna o ba nyatsaka ha ho na o buseletsa ditekong tsa hao.
Se molemo seo o ka itlhabang malotsana ka sona ke ho ithuta boiphihlelo bo itseng hobane mona lefatsheng kanyane ho phela le diretsana.
Ka hoo, lona baena le dikgaitsedi - ke bona ho lokile ho bile ho nepahetse ho tswafa sekolo. Empa he sekolo se bohlokwa hobane ke sona se re nehang motheo wa bokamoso bo botle.
Jwalo ka ntho e fe kapa efe bophelong, ho sebetsa ka thata sekolong ho tla o tswela molemo bophelong. [s]
BONA SESOTHO - August 2006
Laeborari e ka o thusang ha o hloka dintlha tse ka tlatseletsang dinoto tsa hao - kapa sona sebaka se kgutsitse sa ho ithutela.
Ho nna o nyatsana le titjhere ya hao ha ho na o tswela molemo wa letho ditekong tsa hao.
BONA SESOTHO - August 2006
