sotho.324.ffff invitational
Ke nako ya ho fetola bophelo ba hao!
WORKSHOP YA MOTSHEANONG
BONA le Food For Fun And Funds
e o memela ho workshop ya yona
O RATA ho etsa tjhelete ka dijo? O a rata ho ithuta ho sebedisa lerato la hao la ho baka ho sapota lelapa la hao? Ikamahanye le BONA le Food For Fun And Funds ho e nngwe ya di-workshop tsa rona tse thabisang.
Di-workshop tsa rona tsa kgwedi tsa Food For Fun And Funds di tla o tlisetsa karolo eo ho yona o tlang ho fumana dikeletso tsa ka moo o ka iqallang kgwebo ya hao ka teng. Diphehi tse pele tsa ha Food And Beverage Institute mane Joburg di tla o eletsa ho ntlafatsa tsebo ya hao ya ho baka le ho rekisa dihlahiswa tsa diresepe tsa hao.
Lenaneo le tla kenyeletsa ba latelang:
Lluwellyn Diedericks: O a mo tseba Lluwellyn leqepheng la Food For Fun And Funds mme kgweding ena o tla be a le teng le yena ho tla re kumela tsebo ya hae.
Patisserie Chef Nicolas: Ha re tla ho tse tswekere, tse rekwang haholo tse kang dikuku le dibiskiti, Nicolas ke yena ya ka o hlabang malotsana ka ho di rekisa.
Chef Lesley: O tla o bontsha ka diresepe tsa hae, a o bontshe seo o se hlokang bakeng sa katleho ho tsa ho baka jwalo ka ho tseba ho kala metswako ya diresepe ka nepo.
Louraine Modirwa: Makgwebo enwa ya atlehileng le yena o tla thusa ho tsa ho baka mme ba lehlohonolo ho ba tla beng ba le teng, ba tla kgethwa ho ba karolo ya dipontsho tseo tsa ho baka.
SEBAkA:
The Crown Reef Room,
Gold Reef City Casino, Joburg
LETSATSI: Moqebelo, Motsheanong 16, 2009
Nako: Boingodiso 8am
Lenaneo le tla qala ka 8.45 am
le fele ka 4pm
Ho kena: R150/motho
Ho kenyeletsa le dijo ha o fihla,
tee, dijo tsa motsheare,
kaofela di tla fepelwa ka phaposing eo
ya kopano, mme ho tla fumaneha
le diphuthelwana tsa dimpho.
Di-workshop tsa rona di tsheheditswe ke NESTLÉ le GOLDEN CLOUD,
ba ikemiseditseng ho etsa phapang maphelong a Maafrika Borwa ka ho ba bontsha ka moo ba ka iketsetsang tjhelete ka teng ka dijo.
Ho ipeheletsa/Ditefello:
Letsetsa Anna ho 086-010-5954 (Mantaha ho ya ho Labone, 9am ho ya ho 4pm;
Labohlano, 9am ho ya ho 1pm). O boloke nomoro eo ba tla o neha yona e leng yona eo o tlang ho kena ka yona.
Motho ohle o tlameha ho lefa ka Mantaha, Motsheanong 11, 2009. Ha ho motho ya tla kgutlisetswa tjhelete. [s]
Haeba o se na ho tswelella mohla la 16 Motsheanong, se kgathatsehe!
Ho na le tse ding di-workshop selemong sena matsatsing a latelang:-
Moqebelo, Phupjane 27
Moqebelo, Phato 29
Moqebelo, Loetse 26
Labobedi, Mphalane 20
Labobedi, Pudungwana 17
Sheba sebaka sena bakeng sa
dintlha!
Se lebale!
