sotho.322.music
Di a bela di a hlweba, madiba ho tjha a matala
BONA SESOTHO - March 2008
7 ya mekeubere ya mmino
Jwalo ka ha barati ba mmino ba tseba, monate wa mmino ha se morethetho wa ona feela, ho sa kgathallehe hore ke wa kwaito, hip-hop, house kapa ofe feela o ratwang matsatsing a kajeno. Mmino wa dibini tse ding ha o tswe dipelong tsa batho - le dibini tse neng di ratwa ke batswadi ba hao, e sa ntse e le dithatohatsi le kajeno ho wena mme morethetho wa mmino wa tsona o ntse o kgabola jwalo ka pele.
Lethathama la rona ke mohlala feela wa dikakapa tsena - ha se ho fela - empa ke motheo o motle wa ba ratang ho bokelletsa mmino...
pale ka ROBERT JOHNSON
O ne a tsejwa ka ho tlerola, ka mmino o se nang ditlhapa, Lady Ella, sebini sa jazz se nang le tshusumetso e kgolo.
"Ha a bina le katse ka tlung, phoofotswana ya batho e ka qetella e hloka sepika hore e utlwahale, kapa e lo phomola," o ne a bolele jwalo Geoffrey Fidelman, ya neng a ngola pale ya bophelo ba hae.
"Ke hlahisa maikutlo a ka ha ke bina," o boletse jwalo mosadi enwa ya neng a hole ka thata, a bile a sebetsa moo ho rekiswang mmele pele a ya sebakeng sa ho lokiswa dimelo. Ho tloha ho 1956 - 1964, Ella o ne a hatise lethathama la dialbamo le bitswang Songbook, leo pina ka nngwe e neng e ikgetha ho ya ka moqapi wa yona jwalo ka Cole Porter kapa Duke Ellington, ho tloha ho ba maemong a hodimo ho ya tlase.
"Dialbamo tsena tsa ballwang hara tse pele tsa mmino wa pop, di baqapi bo botle," ho boletse sengodi se seng. Ho a swabisa hore le qetellong ya bophelo ba hae ho bile boima jwalo ka botjheng ba hae. A foufatswa ke lefu la tswekere mme a boela a kgaolwa maoto bobedi ka 1993. Ka 1996, lefu lena la qetella le mo hlotse, a hlokahala a le dilemo di 79.
MAMELA: Albamo efe kapa efe ya Songbook moo Ella And Basie! e neng e etswa le Count Basie, e balellwang hara tse pele tsa hae. Ella In Rome le Ella In Berlin ke dialbamo tsa hae tse ikgethang.
NA O NE O TSEBA: O ne a le dihlong haholo. "Ha ke motle mme ha ho bonolo ho ema ka pela letshwele ke bine," o ne a bolele jwalo.
"Ke ne ke kgathatseha haholo empa ke hlokometse jwale hore Modimo o mphile neo ya mmino mme ke lokela ho e sebedisa, ke phetho."
Sengodi se seng sa mmino se ne se re: "Armstrong o na le tshusumetso, ke sebini se ikgethang se nang le neo se bileng se kgothaditseng dibini tse ngata mme o bile le tshusumetso e kgolo diphetohong tsa mmino wa jazz, kajeno ha e sa binwa ka diletsa feela, empa di bapalwa ka mekgwa e fapaneng le hona ho kenyeletswa le mmino wa mantswe. Moya wa Armstrong o motle le boitshwaro ba hae setjhabeng, di etsa hore bang ba lebale le nehelo eo a e entseng mminong."
Re leboha Armstrong, hobane kajeno re na le terompeta e otlang mosollane mminong wa jazz. Bang ba re ke mothehi wa mmino ona ho latela bokgoni ba hae mminong wa diletsa.
Ka mora ho tswa sekolo a le dilemo di 11, Armstrong a bina le bashemane ba bang mebileng. A reka terompeta ya pele ka tjhelete eo a e adimileng ho Karnofskys, Morashia e mong wa Mojuda ya neng a mo hira nako le nako. Ho leboha Karnofskys ka ho mo amohela jwalo ka e mong wa ba leloko la habo, Armstrong a rwala sefaha se Star Of David bophelo bohle ba hae.
Ba mo reneketsa ka la Satchmo, lentswe le bolellang ka moo a kopanyang molomo le leleme ka teng ha a letsa terompeta.
Kgatello e hodimo ya Armstrong ya bonahala ka hore a ruruhe marama mme a tlameha ho bina mantswe ha nakwana ho phomotsa molomo hore a tle a kgone ho boela a letsa terompeta hape.
MAMELA: What A Wonderful World, When The Saints Go Marching In, Dream A Little Dream Of Me, Ain't Misbehavin' le Stompin' At The Savoy. Hape ho na le Hello, Dolly. Ka 1964, Armstrong a hlola Beatles ka ho nka maemo a pele ho Billboard Top 100 ka pina ya hae e neng e etse pale US ka ho ba ya sebini se dilemo di 63 seo mmino wa sona o nkang Maemo A Pele.
NA O NE TSEBA: Ka Tshitwe 31, 1999, terompeta ya Louis Armstrong le yona ya kenyelletswa hara dintho tse bitswang hore ke tsa Dilemong tse 2000 tse tla bulwa ka 2099.
BONA SESOTHO - March 2008
u
t
mmino o tla dula o le monate
BONA SESOTHO - March 2008
E ne e le sebini sa mmino wa maikutlo se pele mehleng eo, le ka 2008 o ka nna wa mo mamela sebayeng. A reha katara ya hae lebitso la "Lucille," dilemong tsa bo 1950 ka mora ho phonyoha malakabeng a mollo moo a neng a bina teng. Banna ba neng ba tseka mosadi, Lucille, ba ne ba tjhese sebaka seo. King a tswe ka soba la nale, ha a hlokomela hore o siile katara ya hae ka hare, a kgutlela mollong.
Ka mora moo a reha katara eo "Lucille," hobane a batla hore a dule a hopola, mme a se hlole a etsa bowatla bo bokaalo. "Ke ka makgetlo a 15 basadi ba re ho nna: 'Kgetha pakeng tsa ka le Lucille.' Ke ka hona ke qetelletseng ke ena le bana ba 15 basading ba 15 ba fapaneng," ho boletse yena.
O ne a ena le mangolo a ho kganna difofane. BB King o phetse le lefu la tswekere ya mofuta wa Type 2 dilemo tse ka hodimo ho tse 20 ya eba sebui se pele twantshong ya lona.
A tshehetsa le dithuto tsa mmino baneng, a ba a hlontjhwa jwalo ka setho sa mokgatlo o sa etseng phaello, o rupellang bana ho bapala diletsa le ho bina mahala dikolong tsa mmuso hohle USA.
MAMELA: You Know I Love You, Woke Up This Morning, When My Heart Beats Like A Hammer le tse ding! E nngwe, Live At The Regal, e hatisitswe ka 1964.
NA O NE O TSEBA: King o ne a rata mmino wa Frank Sinatra, a mamela albamo ya hae, In The Wee Small Hours bosiu bo bong le bo bong. A hlonepha Sinatra ka ho thusa dibini tsa batho ba batsho tse neng di sa dumellwa ho bina dibakeng tsa makgowa dilemong tsa bo 1960.
O ne a qale e le sebapadi sa piano sa jazz pele a qala ho bina hoo a bileng a balellwa hara dibini tse pele tsa mehleng eo.
Ke Nathaniel Adams Coles, o hlahetse Montgomery, Alabama, a qala ho bina dilemong tsa bo 1930. A hlokomela hore batho ba rata mmino wa mantswe - a sebedisa lentswe la hae le phodileng.
MAMELA: The Christmas Song, Nature Boy, Mona Lisa le Unforgettable.
NA O NE O TSEBA: Ka 1948, Cole a reka ntlo sebakeng sa makgowa, Los Angeles. Mokgatlo wa barekise ba matlo wa bolella Cole hore ha ba batle hore ho kene batho ba sa kgahleheng moo. Cole a ba araba ka hore: "Le nna. Hang ha ba hlaha, ke tla tletleba."
Leha a ne a hlokahale kotsing ya sefofane pele a fihlella maemong a hodimo mminong, empa lebitso la hae ha le lebalehe, o ballwa hara dibini tsa mmino wa maikutlo - o bua ka boiphihlelo ba batho ba batsho ba Amerika, a tswake mmino wa Bodumedi le wa R&B ho etsa o monate o potlakang.
MAMELA: Mr Pitiful, I Can't Turn You Loose, Redding o bina Try A Little Tenderness, (I Can't Get No) Satisfaction and Respect. O se lebale (Sittin' On) The Dock Of The Bay, eo e leng e nngwe ya dipina tse pele hara tseo a kileng a di ngola.
NA O NE O TSEBA: Dock Of The Bay e ne e hatiswe matsatsi a mararo pele ho lefu la Redding. Ya hlahiswa kgweding e latelang eo mme yaeba pina ya hae ya pele ya ho rekisa dikhopi tse millione.
A ka nna a etsa hore Fender Stratocaster a etse seo a se ratang esitana le ho tjhesa diletsa pele a theoha kalaneng. Ha a na thaka katareng.
A bina Star Spangled Banner ho hanyetsa ntwa ya Vietnam mane Woodstock ka 1969, ya ka o tjhesa folakga ya Amerika, a e phuthela, a sothaka le pina ya setjhaba, a kenya le medumo e tshabehang ya dikanono, diboko tse bohloko le ho phahloha ho tshosang, kaofela a di etsa ka katara.
A batla le ho ngola dipina, a kopanya morethetho wa mmino wa maikutlo, wa jazz le wa funky ka lentswe la hae le tlerolang.
MAMELA: Hey Joe, The Wind Cries Mary, mmino o kang wa Hendrix ho All Along The Watchtower, ya Bob Dylan, e neng e ratwe haholo ke masole a neng a lwana ntweng ya Vietnam, le morethetho o monate wa katara ho Purple Haze.
NA O NE O TSEBA: A le matsoho a maholo ho lekana hore a letse dithapo tse tsheletseng tsa katara ka o motona feela hape a tseba ho bina a bile a bapala le seletsa. Hendrix e ne e le leqele empa a letsa katara e letswang ka le letona, ka hoo, a e pelekanya hoo dithapo tsena tse thata di neng di eba ka hodimo ho tlelella molaleng.
u
SE NKILWE KE SEBONTSHI
BOTHATA: Jwalo ka HR manager ya khampane, ke tlameha ho tobana le mathata a basebeletsi ba tlang mosebetsing ba tahilwe kapa ba nwellang mosebetsing. Molaodi e moholo o hatella hore batho ba jwalo ba lelekwe hang hang. Ha ke dumellane le yena. Ke sefe se ka etswang"
KELETSO YA HA SCORPION:
Ho lelekwa hang hang ho bolelwang ke molaodi kapa leha e le mosebeletsi ofe feela, ho kgahlano le molao wa Basic Conditions Of Employment Act (BCEA) esitana le wa Labour Relations Act. Ho tlameha ho fuputswa se etsahetseng, ya amehang a qoswe hantle mme a be a bitsetswe komiting ya kgalemo.
Ho hlakile mona hore diphuputso tsena di tlameha ho etswa ke motho ya nang le bokgoni, ya tla tseba ho hlahloba hantle hore na e feela mosebeletsi eo a ne a le tlasa tshusumetso ya tahi kapa a ne a tahilwe.
Taba ya pele ho tlameha ho hlahlobisiswa hore sena se etsahetse jwang. Re bolela le ho hlahloba mabaka a kang maikemisetso a ho nwa hoo.
Mosebeletsi ya tlang mosebetsing a nkga jwala, ha ho bolele hore o tahilwe kapa hore o fetisitse tekanyetso ya 0.05%. Motho ya etsang ditlhahlobo, o tlameha ho bona hore na motho eo ya amehang a ke ke a kgona ho etsa mosebetsi wa hae ka nepo ka lebaka la tahi eo.
Ho tlameha ho shebisiswa tjhebeho ya hae - hore na e be o nkga jwala" O a shwashwatha ha a bua" Haeba ho se bobebe ho nka qeto, mosebeletsi eo o tlameha ho etswa diteko tsa madi kapa tsa moya.
Haeba mosebeletsi eo tumellanong ya hae ya kgiro o ne a ngotse fatshe hore o a dumela ho etswa diteko tseo, ha a ya tlameha ho hana. Haeba a hana, o tlameha ho hatellwa ka kgang ho etsa jwalo.
Ho tla sebediswa mokgwa o tshwanang haeba ho belaelwa hore mosebeletsi o tlasa tshusumetso ya dithethefatsi. Ho tlameha shebisiswa maemo. Ha ho kotsi haholo ho mosebeletsi wa jareteng ho sebetsa a le maemong ao ha ho bapiswa mohlomong le ya kgannang forklift.
Maemong a fe kapa a fe, tlaleho e tletseng e tlameha ho nkuwa dipaki hape le komiti ya kgalemo e tlameha ho bitswa. [s]
Re netefaditse hore dikeletso tsohle tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa BONA le baphatlalatsi ba makasine ena, ba ke ke a rwala boikarabello ba ha motho a hlotswe ke nyewe kapa a utlwisitswe bohloko ka mokgwa ofe kapa ofe hobane a ile a latela dikeletso tseo re faneng ka tsona.
BONA SESOTHO - March 2008
ya hao ka molao
Ho tahwa mosebetsing
Romela mathata a hao ho BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060 - mme o fumane monyetla wa ho buisana le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohlomong dikantorong tsa ona hohle naheng ena kapa ka mohala.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection
t
A hlahela UK, empa a holela New York. O tumme ka dipina tse ngata tsa mmino wa mantswe le bokgoni ba ho sebedisa lentswe la hae ho etsa medumo e fapaneng. Hape o hlahisitse dialbamo tseo a binang a le mong ho tsona e leng yena feela sebini seo hape se bapalang le diletsa sehlopheng.
MAMELA: The Voice, Spontaneous Inventions le Simple Pleasures, albamo ya 1988 e nang le dipina tse kang Don't Worry, Be Happy.
NA O NE O TSEBA: McFerrin o ne a hlola a etetse hohle United States le Canada jwalo ka sebintshi mminong wa symphony orechestra hape a bile a bapala le diletsa mme a bina mmino wa mantswe ka lentswe la hae le ikgethang.
Ha re etsa mohlala, meketeng ya hae ya mmino o ne o kenyeletsa le wa ho bintsha sehlopha sa mmino wa orchestra se binang pina ya William Tell Overture, moo sehlopha se neng se bina ka mantswe bakeng sa ho bapala diletsa. [s]
7 mekaubere...
