sotho.321.nhlanhla
BONA SESOTHO - October 2007
Nhlanhla Nciza ka mosollane
NHLANHLA NCIZA (28) o hopola dinako tsa kgale moradiae a sa le monyane. Naledi ena ya Mafikizolo e tsitlallela hore maradi wa hae, Zinathi a hole a na le sohle seo a se hlokang.
"O tla fumana seo nna ke sa se fumanang," ke seo mme enwa a ikanang ka sona. O nyetswe ke monga khampane e pele ya ho hatisa ya Johannesburg mme khampane ya hae yona e ntjha, NN Vintage, e laola mekete ya hae ya mmino le diaparo.
"Ke holetse Kagiso, lelapa leso le ne le se na tjhelete e lekaneng ya hore ke be le menyetla ya ho ikgethela bokamoso boo ke bo ratang," o boletse jwalo makgwebo enwa ya seemo se setle. "Sohle seo ke nang le sona ke se sebeleditse ka thata.
"Katleho ya Mafikizolo ha e a tla ka bonolo. Mmino wa rona o ne o qale ho rekisa hantle ka 2002 ka albamo ya bone mme mathata ao re neng re be le ona ka nako eo a ne a nthute hore ke inehele ho sebetsa ka thata le ho feta pele hore ke kgone ho laola bophelo ba ka.
"Ke dutse ke le tseleng le sehlopha re ntshetsapele mmino wa dialbamo tsa rona tse pedi mme ke hlolohelwa ngwanaka, Zinathi. Empa leha ho le jwalo ha ke ikwahlaye hobane ke mo ahela bokamoso."
Re buile le yena a ntse a phoka kofi lebenkeleng le leng Jozi, mme Nhlanhla o ke ke wa mo fosa ka kepise ya hae ya letlalo le baki ya teng. Ke diaparo tseo a di ratang
Ho ne ho se dinaledi tsa mmino wa pop ho TV ka nako eo a neng a kena ka sekgahla mminong. Ka nako eo Mafikizolo e neng e fumana tumellano ya ho hatisa, Kalawa Records ka 1997, ba ne ba sebeletsa sebakeng se majabajaba sa Bongo Maffin, e neng e sebedisana le khampane ena.
Ka mora selemo Nhlanhla a lemetse kotsing ya koloi a tsamaya ka setulo se mabidi, a kgutlela sehlopheng sena mme ba hlahisa albamo, Siyabonga, ka 2002.
"Thekiso e ntle ya dikhopi tse ka hodimo ho tseo re neng re hlola re di rekisa tse 30 000 e ne e fihle hantle ka nako ho nna. Ke ne ke sa hohele mahlo a boraditaba haholo. Ke ne ke se ke tsebana le TK ka nako eo mme ka qala ho ithuta ka moo ho sebetswang ka teng khampaneng ya ho hatisa."
TK Nciza le mosebetsimmoho le yena Sbu Leope, ke beng ba TS Records, mme Nhlanhla o ne a qale ho sebetsa le dibini tse kang Ntando hona moo, a kgabisa leqephe la kantle la direkote tsa hae hore di rekise hantle mme a ba a hapa kgau ya Metro le ya SAMA ka 2005/6.
"Ke lokolohile hobane TS ke lehae la ka," ho bolela yena. Ho qala lelapa le hona ho ne ho rerwe hantle jwalo ka kgwebo. O ne a ime ka 2003, a hatisa albamo ya Kwela pele a pepa, le pele a qala ho e ntshetsapele.
Albamo ena e rekisitse dikhopi tse ka fihlellang ho 400 000 mme ntho e nngwe feela eo Nhlanhla a e llelang, ka ho ba le ngwana, ke ho lahlahelwa ke karolo ya hae ya pele bohlokwa ya ho bapala filiming.
O ne a kopilwe ho bapala karolo ya mokaubere wa Sophiatown, Dorothy Masuku filiming ya Drum.
"Boimana ba mo sitisa hore a ka bapala karolo eo," ho bolela yena. "Ke ne ke utlwe bohloko e seng hobane ke lakatsa ho bapala difiliming hakaalo empa hobane feela ke le motho ya ratang diaparo tsa feshene ya mehleng eo ya Sophiatown."
Dikakanyo tsa Nhlanhla di tla qala ho hlahella ho TV ho video ya mmino wa hae, pineng ya Ulieame (What Goes Around Comes Around), e hlahisitsweng ka Loetse. E hatiseditswe lekeisheneng empa o se lebelle hore sebini sena se tla qothisana lehlokwa le batshehetsi ba sona ka moaparo.
"Ke dumela hore botle ba mmele wa mosadi bo bonahala ka mokgwa wa boitshepo ba hae e seng ka ho dula a hlahisitse ditho tsa mmele kantle," ho hlalosa yena a hatella puo ya hae. "Mafikizolo e se e rekisitse dikhopi tse fihlellang ho dimilione empa hohang mese e mekgutshwane ha a e tene.
"Ke akantse diaparo tse ntle tsa mmino wa ka o motjha, di ntle sebayeng. Basadi ba ka nna ba di tena mme ba itshepa."
Maikisetso a Nhlanhla ka feshene a tsamaisana le tumelo ya hore basadi ba dibini ba lokela ho laola matlotlo a bona. "Basadi ba bangata mminong ba se ba batla ho iketsetsa diqeto ka bokamoso ba bona. Ba na le tshusumetso le palamenteng le dikhampaneng tse kgolo, ba ka hlolwa keng kgwebong ya boithabiso.
"Dilemong tse leshome tse fetileng ha ke ne ke qala ho hatisa le Mafikizolo mminong wa kwaito o ne o ratwa haholo, o hlahiswa haholo ke banna. Empa kajeno ke ipinela ke le mong mme hape ke na le matla a ho laola ka moo mmino wa ka o tla rekiswa ka teng. Ha ke batle hohang ho amohela hore banna ke bona ba nang le bokgoni. Batshehetsi ba thabela mmino wa rona." [s]
Kgosatsana ya mminong wa Afro-pop ya Kagiso, e se e rekisitse dikhopi tse ka hodimo ho milione ya dialbamo tsa Mafikizolo dilemong tse hlano tse fetileng. Ke naledi ya mosollane jwale, o bina sebayeng, o laola le kgwebo ya hae...
BONA SESOTHO - October 2007
ka DOUG GORDON
