sotho.313.tsha
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
Naledi e ntjha ya Tsha Tsha
DIPHEHISANO ke le leng la mabaka a etsang hore pale ena ya Tsha Tsha e hape dipelo tsa dimilione tsa babohi ba TV le ho hapa dikgau tsa matjhaba ho tloha ka nako eo e neng e qala ho bapalwa ka 2001. Maikemisetso a yona ke ho hlokomedisa batjha ka EITSI le mafu a mang a tshwaetsanang ka thobalano.
Empa pale ena e makatsang ya bophelo ba lerato pakeng tsa moruti le ngwanana enwa ya motle, e bonahala eka e tla hapa babohi le ho feta dipale tse ngata tsa marato tse bapalang kamehla - haholoholo karolo ya monna wa moruti e bapalwang ke thatohatsi ho TV, Hlomla Dandala, ya neng a bapala ho Isidingo hape e kile ya eba sebohodi sa lenaneo la All You Need Is Love.
"E ne e re Lungi ha a fihla mona a ba melomong ya boraditaba," ho hlalosa Ziki. Kaofela bomme ba sebaka sa Lubisi ba ne ba labalabela hore baradi ba bona ba nyalwe ke Moruti enwa.
"Ke mohlala o motle setjhabeng. Jwale ke ntho e makatsang haholo ho mo fumana le bomanrahile ba kang Zukiswa."
Ke yona toro ya Ziki ho TV. O dilemo di 23 mme o holetse mane setjhabeng se senyane sa KwaZulu-Natal. Ka mora ho etsa dithuto tsa taolo ya tsa kgwebo le IT, o ne a ye Joburg.
Botle le bolelele ba hae ba 1,8m bo ne bo mo fumanele mosebetsi ho tsa feshene le dipapatsong tsa TV.
Ngwahola o ne a hlahelle ho Generations, a bapala karolo ya raditshwantsho wa makasine ya Ngamla (Menzi Ngubane). O ne a hlahelle ditemaneng tse pedi feela.
Ka mora moo, Ziki o ne a ye ditekong tsa ho bapala karolo ya Thandeka ho Isidingo - ya neng a kwallwe tjhankaneng le Cherel de Villiers eo e neng e be mphato wa hae bonokwaneng.
Empa Ziki ha a ka ba a e fumana karolo eo jwalo ka ha e ne e fumanwe ke Kholeka Qwabe. O ne a phoqehe haholo mme a rera ho tjhentjha setaele sa hae sa moriri, a boela dipontshong tsa TV a le lekorwana.
"Dintho tsa ka tsa fetoha ka motsotswana," ke yena a ntse a bonya. "Nakong eo ke neng ke le sebontshi, ke ne ke na le Afro eo ke neng ke e kokobantse. Ho beola ha ka ho TV, ho ne ho mphe boitshepo - ka kgona ho kenela dikarolo tseo ke neng ke di tshaba peleng.
"Ha ba ne ba ngola Tsha Tsha, ba ne ba batla ngwanana ya neng a itshwere seshanyana, ke ne ke sa nahane hore karolo eo e ne e ka bapalwa ke nna. Empa ke yona e neng e nkahele lebitso ho TV."
Mohlahisi ya ka sehloohong, Tracy Clayton, o boletse hore Ziki e mo tshwanetse karolo eo - haholo ha a ne a tlo bapala le dikakapa tse kang Hlomla.
"Ke a e rata karolo ya Zukiswa," ho rialo Ziki. "Ba mpitseditse ho tla kopanya batho ba kereke."
Zukiswa yena ha a tshepatshepe banna feela jwalo ka ha banana bohle ba matha ka mora Lungi.
Zukiswa ha a na tshusumetso haholo: ha a qeta ho sebetsa mane moo ho ahwang dikoloi teng, Port Elizabeth, o kgutlela lapeng mane Lubisi. O a o tseba mosebetsi wa hae, empa jwale o kgathetse ke batho bana ba shebang feela seemo sa hae ba tlohele kelello ya hae.
O rata ho itaola. Ntatae o ne a balehe le pele a hlaha mme jwale o hlokolosi haholo ho tsa thobalano, ha a rate hore banna ba bapale ka yena. Leha mmae a nwa jwala, empa Zukiswa yena ha a nwe. O a para dikipa le di jean a kganne dilori. Lungi o rata ho thusa setjhaba sa habo. Ha a natse ho silafatsa matsoho a hae, ha feela a sebeletsa Modimo. O ne a kopane le Zukiswa a isitse dijo dibakeng tsa ba futsanehileng.
Ntho ya ho qetela eo ba e batlang bophelong ba bona, ke ho ratana mme Ziki o re ke moo mokotaba wa pale ena o leng teng. Ha ba batlane hobane ba shebahala kapa ka lebaka la moo ba dulang, empa ke hobane ho na le seo ba patelanang sona.
Ziki jwalo ka sebontshi, o tseba hantle hore bophelo ba Joburg bo a potlaka, taba ya ho kena dikamanong ka lebaka la botle, ha ho etse dikamano tsa lona di nke nako e telele.
Jwalo ka mosadi ya tsebang seo a se batlang bophelong, ha a rate ho nna intsha le banna.
"Banna ba nang le ditjhelete ba rata ho ba le basadi ba batle," ke yena eo. Ba batla dikoloi tse pele, diaparo tse ntle, ho be le mosadi e motle haufi le bona.
"A mang mathaka a hana ho bona sekete feela, a be a kope hore mohlomong le ke le intshetse dibakeng tse kang Fora. Ho ba palesa ya motho ke ntho e tswafisang. Ke a rata ho phela le batho, ke ikopanye le bona, re ithabise mmoho meketjaneng - ke ka hona ho leng bobebe ho nna ho dula o ikamahanya le menyetla ya mosebetsi.
"Empa he ho na le phapang pakeng tsa ho ikopanya le batho bakeng sa mesebetsi le ho itshunyatshunya. Ke rata ho hlakisa hantle. Ha ke sebedisetse monyetla wa ho hlahella ho TV bakeng sa ho fumana mohlankana ya ruileng." [s]
BONA SESOTHO - May 2006
Hlomla Dandala le Zikhona Sodlaka, dithatohatsi paleng ya lerato ya TV.
O ratana le moruti
Zikhona Sodlaka ya motle o kena ka sekgahla dipaleng tsa SABC 1 - ke mosetsana ya matla, ya ratanang le moruti ya sa tswa fihla moo hara motse...
"Ha ba ne ba hlahisa karolo ya ngwanana ya itshwereng seshanyana ya kang Zukiswa ke ne ke sa lebella hore ba ka e neha motho ya kang nna. Ke bona ekare ke lekorwana lena le entseng hore ke fumane mosebetsi ho TV," ho bolela Zikhona.
BONA SESOTHO - May 2006
