sotho.312.pyramid
BONA - August 2007
Maano a mang a matsete a ditjhelete ha a o buseletse ka letho - a ka o jella tjhelete. Ke ena mekgwa e molemo eo o ka a bonang ka yona...
HA RE BUA ka ho etsa matsete a tjhelete, maemo a mpefala ho ya ka bongata ba tjhelete eo o e kenyang ka kgopolo ya ho fumana phaello. Empa maano a mang a kotsi di tloha feela. Ho bua nnete ke a dinokwane.
Ha se BONA e nahanang jwalo, ke mmuso mme o etsa matsapa ohle a ho kwala maano ana.
A kotsi haholo ke ana a ho nyollana, hore eo lebitso la hae le seng le le ka sehlohlolong le ntse le nyollwa ke a ba bang, a fumane tjhelete.
Ke bana bao mabitso a bona a seng a le sehlohlolong bao e leng bathehi ba maano ao, ba qetellang ba nkile tjhelete, ba siya bana bao mabitso a bona a sa ntseng a le tlase ba ntse ba lla.
Mashodu ana hangata a bapalla bathong ba sa tlo kgona ho itwanela jwalo ka maqheku le bafutsana.
BONA e kile ya ngola ka pale ka ka mefuta ena ya ho boloka tjhelete dilemong tse hlano tse fetileng. Ka nako eo, ho ne ho tumme Miracle 2000, eo ho yona ho neng ho bile ho kene le batho ba hlomphehileng jwalo ka Moruti Kenneth Meshoe.
Mapolesa a Gauteng a sa tswa hlokomedisa batho ka maano ana a kotsi a tjhelete. A sa ntse ba fokisa lequlwana la batho ba ballwang ho 17 kapa tsona dikhampane tseo hara tsona ho balellwang le Young Stars, Silverton Assets le Eagle Forex, tseo ho dumelwang hore di se di qhekeletse batho tjhelete e ka fihlellang ho R15 million bonyane.
Ho kenya tjhelete maanong a mofuta ona ho tshwana hantle le hore o ka nka leha e le R200 o e tabole feela o e lahlele ditholeng. Ke mang ya ka etsang seo"
Ke nnete hore batho ba kenang maanong ana ba ebe ba sa tsebe kotsi eo ba ikenyang ho yona. Bang ba nahana hore ba lehlohonolo ha ba mengwa ho tla ba ditho tsa mokgatlo o motle kahana wa ho etsa tjhelete, oo ba bileng ba kgolwang hore o molaong.
Phapang ke hore feela mekgatlo yohle ya ho boloka tjhelete e molaong, esitana le ditokofele di behilwe leihlo ke molao ho netefatsa hore ha ho motho ya tla qhekellwa. Athe ana a ho nyollana, (phush-phush), ha a taolong ya molao hohang mme morero wa ona ke ho o qhekella.
Empa ho fihlella jwale, leha a se tlasa molao wa Unfair Business Practices Act, beng ba yona ba ntse ba kgona ho a nyolla ka pele le hona ka bonolo hobane Molao ha o so be matla tshireletsong ya bareki ho ya ka moo Sipho Tlaene, mookamedi wa tshehetso ya molao wa Lefapha la tsa Mesebetsi le Diindasteri, a bolelang ka teng.
"Re na le tokelo ya ho nka bohato ha feela setjhaba se tletleba. Empa ho na le moalo o motjha wa Tshireletso ya Bareki, o tla re dumella ho nka bohato le pele ho hlaha ditletlebo ha feela ho ena le seo re se belaellang. Ha ho kgathallehe hore re tla be re badile ka taba eo koranteng kapa re utlwile ka yona boithabisong kapa kae."
"Nakong eo molao ona o motjha o kenngwang tshebetsong, mohlomong ka Phujane, isao, re tla be re se re kgona ho iketsetsa diphuputso tsa rona, re ena le lekgotla la rona. Empa ho fihlella jwale re sa ntse re tla etsa sohle seo re ka se kgonang ho thusa setjhaba mme re kope batjhutjhisi ho tjhutjhisa dinyewe tsa rona ka katleho - mme re etsa le boipiletso setjhabeng hore se tlalehe maano a mofuta ona a belaetsang." [s]
matsete a tjhelete
Se kgahlwe ke none e feta e hlotsa
O bona jwang ha o qhekellwa
Ho ya ka Reserve Bank, maqheka a batho bana a kenyeletsa le:
n Kgatello e kgolo ya hore ho batlwe hore o kene - ha o nehwe monyetla wa ho inahana.
n O hatellwa hore o saene le pele o inahana kapa o buisana le batho ba bang.
n Ho kopanelwa dibakeng tsa maemo moo ya seng a putsitswe a tlang ho paka ka katleho ya laeno leo.
n O a tatiswa ho thwe, "Monyetla ona o a feta."
n Tswala ya teng e ngata bo makatsang - e ka hodimo hole ho ya dibanka.
Ho netefatsa hore leano leo le moloang kapa tjhe, letsetsa Financial Services Board: 0800-110-443. Athe ho tlaleha ha o ena le kgwao teng, o ka letsetsa ho DTI: 0861-843-843.
BONA SESOTHO - August 2007
ka PATRICIA McCRACKEN
