sotho.1193.beauty
BATHO ba bangata ba tshaba ho itlotsa ka foundation hobane ba nahana hore e tla shebahala hampe. Mohato ona wa pele wa ho ikgabisa sefahleho o bohlokwa - ha o ka o etsa ka nepo, letlalo le tla ba boreletsana mme le amohele sohle se tla latela. Iphe nako ya ho sheba foundation e tla dumellana le letlalo la hao hape e theko e ntle. O rata foundation e kganyang, e tla etsa letlalo le shebahale le le letle le le boreletsana le bile le sa benye"
Se reke foundation o tatile. Iphe nako mme o buisane le barekise ba tsona. Bongata ba dikhampane tsa ditlolo tse kang MAC, Clinique kapa Estee Lauder, di atisa ho nehelana ka disampole tseo o ka di sebedisetsang lapeng - ke mohopolo o motle hobane kganya ya lebenkeleng e ka nna ya o lahlehisa. Ho molemo ho leka setlolo sena motsheare. Itlotse letsatsi kaofela ho ya ho a mabedi hore o utlwe ka moo se o tshwarang ka teng pele o ka etsa qeto ya ho reka botlolo kaofela. O tla bona le haeba e qetella e bile lerotho ha letsatsi le ntse le phahama.
Ha letlalo la hao le omelletse, phema tse ngotsweng 'oil-free' le tse monyelang letlalong hobane di tla etsa letlalo le shebahale ekare le na le matheba. Ha letlalo la hao le le mafura phema e tla etsa le be mafura ho feta. Ba letlalo le seng mafura le bileng le sa omelleng ba lokela ho reka e ngotsweng 'normal' hobane ke e ikgethang bakeng sa letlalo la bona.
Bongata ba di-foundation di mokedikedi kapa ke ditlolo empa tse ding di thata mme di hloka ho tlotswa ka sepontjhe. Se leke ho tjhentjha letlalo la hao ka foundation - o lokela ho e sebedisetsa ho ntlafatsa letlalo la hao le le jwalo ka ha le le jwalo.
Ela hloko o kgethe mmala o tla dumellana le wena, e seng o kang wa ditholwana o tla etsa hore o bonahale o le hole hore o itlotsitse ka se seng.
Foundation e sa loyang haholo e ntle lehlabula, e loileng yona e ntle mariha. Ho molemo ho reka e loileng hanyenyane - o tla e tswaka le setlolo se seng sa mongobo hore e kganye ka nako ya lehlabula.
O ka e leka jwang
n Molao wa motheo wa ho leka foundation ke hore o se e leke letsohong kapa ka ho e sheba ka mahlo feela. E tlotse hanyenyane letlalong le hlwekileng karolong ya mohlare. (O ka e leka hape le nkong hobane masobana a letlalo a maholwanyane mme o kgona ho bona ka pele ka moo letlalo la hao le tla shebahala ka teng.)
n Se sidile foundation haholo hobane e monyela letlalong ka mora nakwana.
n Mafura a letlalo le ona a ka tjhentjha mmala wa foundation mme ka nako e nngwe e fiifale ka mora nako. Ela seo hloko.
10 mehato ya letlalo le letle ka foundation
n Qala ka ho tlotsa setlolo sa mongobo pele hore letlalo le phaphame mme le amohele mmala hantle.
n Sebedisa mokgwa ofe feela o ratang wa ho itlotsa ka foundation. Menwana e betere hape ha o hloke bokgoni bo itseng athe sepontjhe kapa borashe di laoleha ha monate hape di thusa ho e ala ka pele. O ka itlotsa ka sepontjhe mme o latele ka menwana hore e be boreletsana hantle.
n Beha foundation sefahlehong pele o e ala. (Hona ho tla etsa hore o kgone ho e laola hantle.)
n E tlotse letlalong le phodileng. (Ha le tjhesa le atisa ho etsa hore e etse matheba.)
n Etsa matheba ka yona marameng pele mme o e tlotse ekare o ngola 'T' o leba tlase.
n Se e tlotse haholo nkong - e tla shebahala hampe mme e senye sefahleho.
n E tlotse moo ho hlokahalang feela.
n E tlotse kapele ha e le e mokedikedi hobane e oma ka pele.
n Lebisa ka thoko o tloha marameng o leba lehlakoreng la ditsebe o ntano lebisa tlase ho etsa tjhebeho e babatsehang.
n Qala ka ho tlotsa e nyenyane mme o nne o e eketse jwalo ha ho hlokahala.
Concealer
Concealer e bohlokwa ho pata matheba a letlalo. E kge hanyenyane ka menwana, o e tlotse butlebutle hore e monyele letlalong.
O ka kgetha mmala o metsana ho pata matheba mahlong, e ntse e le o tshwanang le letlalo la hao mme o tlotse e kganyakganyang dikarolong tse ka tlase tsa mahlo ho kgantsha letlalo. O se tlotse e mmala o kganyang haholo karolong e matheba hobane hoo ho tla a totobatsa haholo.
Powder
Itlotse ka powder hodima concealer ho etsa hore yona le foundation di se ke tsa etsa mafura haholoholo mahlong. Powder e lokela ho ba le mmala o tshwanang le letlalo la hao. (Motsheare o ka nna wa tlotsa sefahleho sa hao hape ka powder ho fokotsa ho benya ha letlalo). [s]
BONA SESOTHO - June 2006
O ferekanngwa ke dietswa tsa botle tse ngatangata" Se di dumelle! Latela mehato ena e bonolo ya ho kgabisa sefahleho
ka CHRISTINE HAMMANN
mothusi ZAHIRAH VARIAWA
ditshwantsho CHRISTOPHER LAURENZ
sebontshi VANESSA wa Ice
mekgabiso ya sefahleho le moriri LISA BAILEY
Iketse pabala
Charlie Long Wear (Caramel), R67,95. Revlon Colorstay (Mahogany), R135.
Foundation
Revlon Complexion Concealer, R89,95.
BONA SESOTHO - June 2006
Concealer
MAC Blot Powder (Medium-dark), R140.
Powder
