sotho.309.editorial comment
Ke banna ba bakae ba KGAHLANO le bonokwane?
MAIKUTLO
MONG Dube ya ratehang... Lebitso la ka ke Pule Sekano. Ha o ntsebe. Mohlomong ha o na bala le lengolo lena la ka.
Hobane ho ya ka moo dintho di leng ka teng naheng ena, ba nyoretswe madi a batho, ho ka etsahala hore ka nako e nngwe le nna ba tla be se ba mpshatlile boko bona.
Kapa mohlomong e tla be e se e le nako ya hao.
Kapa bobedi ba rona, re tla tshwana hantle le moahisane eo wa hao, Bashimane Mofokeng. Lehlatsipa la bonokwane bo jeleng setsi naheng ena ya Afrika Borwa.
Ho lekilwe matsapa ohle - empa batho ba bolawa ka sehloho, ho na le ba iphetotseng diphoofolo, ekare ha ba kgone ho laola maikutlo a bona, ha ba bang eka mahlanya...bonokwane bona ke bophelo ba letsatsi le letsatsi, batho ba bolaelwa dikoloi le diselefounu tsa bona.
Ho boetse hape ho na le basebetsi ba mmuso ba lefuwang meputso e meholo, ba dipelo di telele hona hoo ba bileng ba utswang tjhelete ya pei.
Ba ka bo lwantshetsang bonokwane bo ba thusa?
Empa ho wena Mong Dube le dimilione tsa batho ba bohlale ba naheng ena, bonokwane bona e sa ntse e le pharela setjhabeng. Ke sebata se lokelang ho bolawa.
Ha ke makale ha o ile wa ipiletsa ho bohle ba amehang ba itele, ho ya kokota menyakong ya baetapele.
Diketekete tse neng di kgobokane mabaleng a Union Building, e ne e le karolo feela ya setjhaba sena se tsietsing. Re kgathetse!
Ka bomadimabe ona e ne e le monyetla wa batho bana ba dutseng ba sa angwe ke letho le etsahalang setjhabeng. Ke ka hona nako le nako ha ba ne ba bua ka mohwanto ona, ba neng ba re: "Mohwanto o mona o bitswang ka hore ke Million Man March."
"O ba o bitsang ka hore." Ke mantswe ao ba ha SABC ba neng ba a sebedisa le mehleng ya kgethollo ya mmala ha ho buuwa ka ba neng ba lwanela tokoloho."
Ke mantswe a phoqang, a bontshang hore yena o a intsha tabeng eo. Mohwanto wa Million Man March, palo e ne e se sa bohlokwa hakaalo. Le Louis Farrakhan ha a so ka a hlophisa mohwanto wa batho ba dimilione. Maikemisetso a mohwanto ona wa ho lwantsha bonokwane, e ne e le hore boraditaba ba toboketse taba eo setjhabeng, e seng palo ya batho ba neng ba hwanta hakaalo.
Mong Dube ha se hore ke wena feela ya kgathatsehileng ka bonokwane naheng ena. Ke dumela ha o le mohlala ho rona kajeno. Hantle jwalo ka Barack Obama ya emetseng setjhaba sa habo diphetohong tseo e leng kgale di lebelletswe Amerika.
O hanyetsa bonokwane hantle jwalo ka ba neng ba lwanela tokoloho Afrika Borwa. Re maemong a thata ho tsa moruo, ho rena lehloyo la baditjhaba, re lokela ho iphumana pele re ka tswelapele ho kena tokolohong.
O lokela ke bothatohatsi ho ba hlekefeditsweng. O lokela ho ballwa hara bahale ba ileng ba itela, ba lwanela diphetoho. Ke bile ke kgalla ho ngola lengolo le leng, leo ke tla le lebisa ho Monghadi Thabo Mvuyelwa Mbeki ya ratehang..." Empa nke ke ka etsa jwalo. Ke nahana hore o se a tseba hantle seo a lokelang ho se etsa ho lwantsha bonokwane.
Ke mpa feela ke re: Dube ha e be Presidente!
Pule wa Sekano [s]
BONA SESOTHO August 2008
Lengolo le lebisitsweng ho Desmond Dube mabapi le leano la hae la Million Man March...
BONA April 2008
