sotho.307.tiny (2)
BONA - August 2005
Omo nyenyane tlolo
Ha lesea le sa hole ho ya ka moo ho lebelletsweng ka teng, o lokela ho ba sedi haholo le ho feta pele
ka PRIMROSE WILLIAMS
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
O NE A LE boima bo bokae- Eo ke potso e atisang ho botswa batswadi ba batjha ka mora ho bolellwa bong ba lesea la bona. Ho dumelwa hore lesea le boima haholo ke le phetseng hantle.
Le a kalwa
Boima ba lesea bo bohlokwa haholo bakeng sa ho qala bophelo. Masea a hlahileng ka nako empa ka mabaka a itseng, a se ke a kgona ho hola ka tshwanelo mme a be le boima bo ka tlase ho bo amohelehileng le matjhabeng ba 2,27kg, ho thwe a manyenyane mme hape bophelo ba ona bo ba kotsing.
Hobaneng lesea la ka le le lenyenyane-
Masea a mang a hlaha a le manyenyane hobane a futsitse batswadi athe a mang ona a ba le mathata nakong eo a sa ntseng a inngwe. Hona ho etsahala ha moimana a sa je dijo tse nang le phepo e nepahetseng hape a sa fumane moya o phodileng o lekaneng ho etsa hore ditho le di-tissue tsa mmele wa lesea di hole ka tshwanelo.
Hape mathata a bophelo ba mme mohlomong le pele a nka mpa a ka ama kgolo ya lesea.
Sesosa
Mme
n Kgatello e hodimo ya madi, mathata a diphio, maemo a mabe a lefu la tswekere le mathata a itseng matshwafong.
n Ho phela ka bofutsana: ho se je dijo tse nang le phepo.
n Ho ba le boima bo tlase ba mmele pele o nka mpa le boimaneng.
n Tlhekefetso kapa moferefere ka lapeng.
n Kgatello.
n Ho kgathala kapa ho se be le nako ya phomolo.
n Ho hlatsa kgafetsa.
n Ho kenwa ke tshwaetso boimaneng.
n Dilemo: moimana ya dilemo di ka tlase ho 19 le ka hodimo ho 40, o ba le menyetla e meholo ya ho beleha lesea le lenyenyane.
n Ho phakisa ho hlahlamisa.
n Ho tsuba, ho nwa jwala le dithethefatsi boimaneng.
Popelo le lelana le fepelang lesea
n Ho theoha ha phallo ya madi ka popelong kapa lelaneng.
n Lelana le seng madulong.
n Lelana le sa kgoramelang hantle popelong.
n Tshwaetso ho di-tissue tsa popelo.
Lesea le inngweng
n Mafahla.
n Tshwaetso.
n Mathata ka nako ya pelehi.
n Tlwaelo - hangata matsibola a hlaha a le manyenyane.
Na boholo bo bohlokwa-
Masea a hlahang a le maholo a a thusahala:
n A qala bophelo ha monate.
n Ha a atisa ho kula kapa ho shwa selemong sa ona sa pele.
n Ha a atisa ho kgathatswa ke bophelo.
n Ha a atise ho ba le mathata dithutong kapa kgolong ya ona.
n A ba le menyetla ya ho hola a phetse hantle, a le mafolofolo a bile a ena le seabo sa bohlokwa setjhabeng. Lesea le hlahileng le le lenyenyane lona le ba le phapang. Le ba le menyetla e meholo ya ho kenwa ke dikokwanahloko hobane mmele o le monyenyane haholo, o sa kgone ho lwantsha tshwaetso kapa yona kgolofalo hape le sa futhumale ho lekana. Ka nako e nngwe ha le fepehe hantle e leng se etsang hore le diehe le ho hola kapa hona ho nonopela. Palo ya masea a hlokahalang selemong sa ona sa pele e menahantswe ha 12 ha e tshwantshwa le ya a hlahang a shahlile hantle mmeleng.
Leha ba se ba hodile, eba batho ba baholo bao mmele ya bona e bang kotsing ya ho kenwa ke lefu la tswekere, la pelo kgatello e hodimo ya madi le ho shwa lehlakore.
Qalo e ntle ke ya bohlokwa
Ka lehlohonolo, di ngata dintho tse ka etswang ho thibela lesea le hlahang le le lenyenyane. Qala ka ho hlahlojwa ke ngaka pele o nka mpa. Maemo ana a ba mabe haholo basading ba nang le mafu a sa alafeheng a kang, letshweya, lefu la tswekere le kgatello e hodimo ya madi. Ho beha mafu a kang ana tlasa taolo pele motho a nka mpa, ke ntho ya bohlokwa.
Erekaha phepo le ho matlafala mmeleng ho ama kgolo ya lesea, ho bohlokwa hore moimana a je dijo tse nang le phepo e phethahetseng hore boima ba mmele wa hae ebe bo amohelehileng. A boele hape a nwe le dipidisi tsa divitamin le tsa folic acid.
Kgaohana le kwae! Baimana ba tsubang ba beleha masea a manyenyane ho feta ba sa tsubeng. Kgaohana le jwala mmoho le dithethefatsi hobane di etsa lesea le inngweng le se hole ka tshwanelo hape ka nako e nngwe le hlahe le holofetse.
Ho bohlokwa ho ya tliliniking ka tshwanelo e le hore mathata a bonahale di tloha feela mme a alafshwe.
Kgolo
Ditsebi di dumellana ka hore lebese le motswetse le bohlokwa haholo bophelong ba lesea haholoholo lona le hlahileng le le lenyenyane hobane le tlameha ho nyantshwa dikgweding tse nne ho ya ho tse tsheletseng tsa ho qala tsa bophelo. Athe ha ho kgoneha, lesea le ka nyantshwa ho fihlela selemong sa bobedi hobane hoo ho ka le thusa ho le sireletsa letshollong le mefuteng e meng ya tshwaetso.
Erekaha masea a mang a manyenyane ha a kgone ho nyanya, ao a lokela ho hamelwa lebese la motswetse. Masea a mofuta ona, a ka nna a hloka le meriana e meng e nang le phepo jwalo ka calcium, phosphorus, iron le divitamin, ka hoo, buisana le ngaka ya hao kapa yena mooki wa tliliniking.
Masea a manyenyane a ba kotsing ya ho kenwa ke tshwaetso eo ka nako e nngwe e ka a bakelang mathata matshwafong, kapa a se fepehe ka tshwanelo hape a tsholle.
A boetse hape a ba kotsing ya ho fellwa ke metsi mmeleng ha a tsholla. Maemong a jwalo, a lokela ho nweswa lebese la motswetse. Le ise ngakeng ha le:
n Sa phela hape le le leputswa
n Le sa je.
n Letlalo eka le lesehla.
n Le bata.
n Le kgophoha.
n Le kenwe ke mokgohlane kapa le akgeha.
n Le hlatsa kgafetsa.
n Le nyorwa kgafetsa.
n Mantle a ena le madi.
n Le sa be betere le ka mora matsatsi a mararo.
Tola lesea ka metsi a fofo o le sidile ka oli e futhumetseng. Kgatello e tla theoha, madi a phalle ka tshwanelo le mmele o hole hantle. [s]
Bohlokwa ba boholo
BONA SESOTHO - January 2006
u
t
BONA SESOTHO - January 2006
Phema ho beleha lesea le lenyenyane
