sotho.304.pep
leqephe le tsheheditsweng
BONA SESOTHO - November 2007
HEMELA hodimo, o kwale mahlo, o hule moya butlebutle - na ha o utlwe phapang" O tla lokela ho tobana le kgatello e tla ya e phaellana ha selemo se kodumela...
Ho hemela hodimo makgetlo a 5 - 10, ho hema butlebutle ke tse ding tsa dintho tse ka thusang bohle ho tloha ho dinaledi tsa TV ho ya ho boradipapadi hore ba kgone ho dula ba le tjhatsi hantle hore ba tobane le kgatello le sohle se lebeletsweng ho bona.
Ho ja dijo tse nang le phepo e phethahetseng le ho robala bonyane dihora tse robedi ke tse ding tsa dintho tsa bohlokwa. Di hlaphola mmele le kelello ho matlafale le masole a mmele.
Ka nako e nngwe o ba tlasa kgatello empa o sa shebane le mosebetsi wa bohlokwa. Ke nakong ena moo o hlokang Mixture Of Life's Aloe-X ya ha Pep.
E tswakilwe ka Aloe ferox, lekgala le mmala o kang wa lamunu. Metswako ya teng ya ho alafa ke eo e sa leng e sebediswa ho alafa ka setso le melokong e fetileng.
Hape e tswakilwe le ka African potato le divitamin tseo kaofela di thusang ho theola kgatello le ho matlafatsa masole a mmele. Moriana wa Mixture Of Life's Aloe-X hape o thusa motho hore a phakise ho hlaphohelwa mme a tsohe molota. E sebetsa jwalo ka:
lMoriana o tshollisang.
lO hlwekisang madi.
lO alafang bohloko ba masapo le ho satalla.
Aloe-X ke kwakwariri eo o ka e tshepang. Ka yona o ka ipolokelang tjhelete wa matlafatsa le mmele bakeng
sa boithabiso
ba lehlabula! [s]
Intjhafatse hape
Qeta bodutu ka Aloe-X - e ka o tsosa molota selemo kaofela, bodutu e be ntho e hole le wena
BONA SESOTHO - November 2007
