sotho.303.python
SE SEHOLO: Agnes Soul o bontsha hore o di tshwere e le kannete dithapo. Mona o na le mosebetsimmoho le yena, Lynne Keogh.
Balebedi ba tshepahalang
Ke a tshepa le wena o kile wa utlwa ka dinoha sefofaneng, lekgetlong lena di tletse faboriking...
BONA SESOTHO - May 2007
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka PAPI MORAKE
HA MAMATI a maholo le a di tshepe a se a sa kgone ho sireletsa faboriki ya hae, rakgwebo enwa wa Joburg, Wayne Keogh o ne a hlokomele hore o lokela ho nka bohato bo thata haeba a batla ho qeta dinokwane hohang mabeleng a kgwebo ya hae hobane di ne di se di bapalla ho yena. Tharollo ya ba efe"
Ditlhware tse pedi, o di bitsa Ngwenya le Satan.
Ya utlwahala menyenyetsi - ba re ho na le faboriki e nngwe e sa bapallweng - dinokwane le tsona tsa itlheka pela yona. "Ke ne ke kgathatsehile ke bona hore dintho di tswa taolong jwale ha re na polokeho," ho bolela Keogh.
"Mathaka ana ha a utswetse rona feela. Ka le leng ba ne ba latele mokganni ho tloha bankeng mme ba fihla mona ba se ba re tsokoletsa dithunya.
"Re ne re batle re eshwa.
"Kajeno, re bolokehile kaofela ha rona," o boletse jwalo ka pososelo.
Agnes Soul le yena o a dumela o re: "Pele dinoha tsena di fihla, ho ne ho sa bolokeha hohang sebakeng seo."
Yena mosebetsi wa hae ke ho hlokomela tsona dinoha tsena mme jwale ba se ba di bitsa maseanyana a hae. Ba re ha e nngwe ya tsona e sa phela hantle, o be a lle ke pelo bohloko.
"Ke nnete," ho bolela yena. "Ha ke batle letho ka tsona. Ke dutse ke di hlahloba ka hanong hore di phetse hantle na kapa tjhe. Noha ha e phetse hantle, lehano la yona le lokela ho ba lepinki."
Leha e le e tona le e tshehadi empa ha di kotane hobane di a itseba hore 'di tshwana le motho le kgaitsedi ya hae,'" ho hlalosa Agnes, eo habo e leng Khayelitsha mane kapa Botjhabela. "Moo re neng re di reka teng, re ne re bolellwe hore di tswetswe ke noha e le nngwe mohlomong ke ka hona di phedisanang ka kgotso tjena."
Dinoha tsena ha di rate Agnes feela, empa di tseba le mabitso a tsona. "Ha ke di bitsa ka mabitso a tsona, di a bontsha hore di a utlwa.O ka di bona le wena ha di se di lapile. Ha di be le botsitso - mme ke tseba hantle hore ke lokela ho romela mokganni ho ya reka ditadi lebenkeleng lane le di rekisang."
Ditlhware ha di je diphoofolo tse shweleng. Di batla ho ipolaela tsona ka botsona," ho bolela Agnes.
Serobe sa tsona se dutse se kgantshitswe, ho na le kutu ya sefate mmoho le khaphete e mofuthu. "Ke dutse ke hlahloba hore motjheso o mokae hore ho se tjhese tlolo ya molao. Diphoofoo tse mmele e batang ha di batle motjheso o mongata," ho hlalosa Agnes.
Ka nako eo BONA a neng e fihla moo, Agnes o ne a fufuletswe a batla ditadi hobane lebenkele le haufi le di rekisang le ne le se na tsona. Ngwenya leha e ne e shebahala ekare e robetse empa Satan yona e ne e tjhobatjhoba, e eya hodimo le tlase.
"E a halefa, e phakisa ho fela pelo haholoholo ha e lapile," ho bolela Agnes.
"Ha Satan e ntse e budula moya kgafetsa, e tjhentjha e ba tenyahadi, e ikgara, e ikgarolla, tseba hore e lapile mme e ka nna ya hlasela neng kapa neng."
Ditlhware tsena di a bulelwa ka mora dihora tsa mosebetsi kapa ka mafelo a beke hore di hwanke hohle ka hara faboriki ka moo.
Pele ditlhware tsena di ne di hlatswetswa ka dibateng kantle ho baforiki ka moo mme batho ba ne ba etla ka bongata ho tla shebella hona hoo le ho tsamaya ha dikoloi ho neng ho sitiseha mmileng! [s]
Ho a intshwa ke nkeka.
Ho lwantsha bonokwane
Ke nako ya ho bapala ya tlhware e nngwe.
BONA SESOTHO - May 2007
