sotho.3028.project
Maqephe a projeke ya Bona
Motho ohle o na le toro ya seo a lakatsang ho ba sona ka moso. Ke bolela ho lakatsa ho ba ngaka, mooki, leqwetha kapa titjhere, empa ba ba kae ba lakatsang ho ba le dikgwebo tsa bona"
Kgatisong ena re lekola taba ya tsa kgwebo - ho hlokahala eng, hobaneng batho ba kena dikgwebong le hore ba reng ka tsona.
Dintlha tsena di qotsitswe letotong la dibuka tse bitswang Business TODAY le phatlalatswang ke ba ha Maskew Miller Longman.
Letoto lena la The TODAY ke la dihlopha tsa Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Ke eng rakgwebo"
Rakgwebo ke motho ya lekang metsi ka lere ka hore a etse matsete ka ho qala kgwebo ka tjhelete eo a nang le yona kapa a e kadimmeng.
E bolelang"
Leka metsi ka lere - iteke lehlohonolo ka ho qala kgwebo ya hao ka mora ho etsa dipatlisiso.
Etsa matsete - ho boloka tjhelete ka mokgwa o itseng ka kgopolo ya ho fumana phaello.
Tjhelete ya ho qala kgwebo - ena ke tjhelete eo o qalang kgwebo ya hao ka yona.
Ho hlokahalang hore o be rakgwebo ya atlehileng"
58 BONA SESOTHO - June 2006
ITSHEPE
BUA LE BATHO
KGOTSOFALA
HO SEBETSA KA THATA
AMOHELA MATHATA
EBA BOHLALE
TJHESEHO
MOETAPELE
THABELA DIPHEPHETSO
BOIKARABELLO
TSEBA KA BATHO BA BANG
HLALEFA
Rakgwebo wa Afrika Borwa ya atlehileng!
Mokaubere o Mark Shuttleworth o ne o tume ka ho ba Moafrika wa pele wa ho ya sepakapakeng mme ke lerato la hae la tegniki le katleho ya hae kgwebong ya Internet tse neng di mo kgothaletse ho fihlela toro ya hae ho tloha bongwaneng ba hae ya ho ya sepakapakeng.
E ne e be radimilione a le dilemo di 26 nakong eo a neng a rekisa khampane ya hae,
VeriSign, ka US$575 million.
E loketse bana ba dilemo di
8-14
Hobaneng batho ba kena dikgwebong"
Leqeme la mesebetsi ke bothata bo boholo Afrika Borwa mme ba mmalwa haholo batho ba
sebetsang. Lebaka le leholo la sena ke hobane batho ba hirwang ke ba nang le boiphihlelo.
Diketekete tsa Maafrika Borwa di atlehile ho iqalla dikgwebo tsa ona tse nyane.
Ke sena se bolelwang ke ba bang ba bona:
Na o ne o tseba"
Khampane ya ha Coca-Cola e ne e thehwe ke rakhemisi ya bitswang Dr John Pemberton. O ne a ritele Coca-cola lekgetlo la pele lapeng la hae ka pitsa e maoto a mararo. Kajeno Coca-cola e nowa ke batho ba fetang bilione ka letsatsi!
Re ne re fumane dikopo tse 273 ka sekgeo seo re neng re sa tswa se phatlalatsa...
Ke ne ke sa kgolwe hore ke ne ke tla atleha! Ke se ke itshepa hanyane!
Ke sebetsa ka thata
molemong wa ka e
seng wa motho e mong.
Ke lakatsa ho ba rakgwebo hobane ke tsielehile.
Mosebetsi oo ke o etsang ha o na tjhelete o nkgathatsa matla.
Re fana ka di Longman Mini English Dictionary tse hlano!
Re bolelle hore na o ka iketsetsa tjhelete jwang
ka mantswe a sa feteng100.
Romela dikenelo tsa hao ho:
Longman Mini Dictionary Giveaway
Maskew Miller Longman
PO Box 396, Cape Town, 8000
Se lebale ho kenya lebitso, aterese, mohala le lebitso
la sekolo sa heno.
Ho theha kgwebo ya ka e bile mosebetsi o boima, empa he ke ithutile letho.
Ke sebetsa ka thata, empa tjhelete yohle ke ya khampane!
Ke a itaola - ke ntho e ntle!
BONA SESOTHO - June 2006 59
Ke qetile materiki
dilemong tse tharo
tse fetileng. Haesale ke tsomana le mosebetsi ho tloha ka nako eo. Le kajeno ha ke
so o fumane.
Ka mora ho hloka
mosebetsi nako e telele,
ke ntho e ntle ho iqalla
ntho eo e leng ya hao.
Ha nka ba ka fumana
monyetla wa ho qeta
sekolong. Ho boima ho
fumana mosebetsi o se na mangolo.
Dimpho!
