sotho.3027.drumming
BONA SESOTHO - December 2007
Setloholo sa Rakgetse se shebeletse sebapadi sa moropa.
BASADI ba ne ba le maphathephathe ba phehela mokete wa badimo wa ngaka e tshetjwang ya motseng ona wa Tafelkop. Bang ba hlatswa moroho ba a o kgabela ha ba bang bona ba ratha patsi ya ho besa mollo ka ha ho phehwa papa le nama ka dipitsa tse kgolo tsa setso.
Le bona, ba shebile ngaka ena ya bona ya setso, Ntate Mpubane Julius Rakgetse ka mahlo a matala, ha a keteka dilemo tse 35 e le ngaka setjhabeng sena. Setjhaba sa lebatoweng la Limpopo mane Tafelkop se tsebisahala ka hore ke tulo ya meropa kaha selemo le selemo ba ba le mokete wa meropa. Mokete ona o seng a ena le dilemo tse 15 o ketekwa, o hohela batjeki ba serabe ba tswang dibakeng tse fapaneng tsa naha ena, bohle ba tlo kopanela lapeng lena le halalelang.
Mokete ona o ne o qalwe ke Rakgetse ka mora hore a o bontshwe ke badimo ba habo ka pono mme a mema batjeki bohle ho tla keteka le yena ha a kgonne ho kopanya diletsi tsa meropa, mathuela esitana le setjhaba ka kakaretso.
Tlhohonolofatso
Rakgetse o ne a hlohonolofatswe ka mpho ena ya bothuela ke ntataemoholo, Motswiri Rakgetse, pele a hlokahala ka 1920. Boikarabelo ba hae setjhabeng ke "ho se thusa le ho tataisa meya ya batho ba Tafelkop."
Hape o boetse o hlokomela le polokeho ya bana lebollong. O thwasisa mathuela mme hape a shebane le ditlhoko tsa meya ya setjhaba sa Tafelkop ka kakaretso. Lethwasa leo hape e leng sebui sa lefehlong lena, Paledi Sefoloshe o re "ha o dula le Rakgetse ekare o dula lehodimong le lenyenyane."
Monate ona o utlwahala haholo ka nako eo setjhaba se seng se emetseng kgerenkgwa ena ya bona ya ngaka e ba hlabetseng dikgomo tse 30. Bohle ba subuhlellana motseng wa hae o majabajaba ba tshwere dimpho tsa mefutafuta.
Dimpho di tliswa ke bohle ba kileng ba thuswa ke ntate Rakgetse. Dimpho tsa bona di kenyeletsa le dikobo, dijana le meseme.
Sehlopha sa batjha se ipitsang REMS Immanuel Brass Band, se ne se kene se tsanyaolela hodimo sefela sa Ithemba Lami, se kgothatsang tshepo setjhabeng. Batjeki bona ba latela sehlopha seo ka morao. Ka nako eo jwale mokete o a qaleha.
Mathwasa
Mathwasa a ntate Rakgetse ona a mo emela monyako wa ntlo ya hae.
Basadi ba binela fatshe. Eric Tsiane ya sa leng motjha, o boletse ha a le dilemo a sotleha bophelong ba hae ho fihlela a thuswa ke ngaka ena.
"O tseba mosebetsi wa hae hantle mme ha ke kgolwe ho ena le ngaka e nngwe ya setso e ka mo fetang," ho bolela yena. Rakgetse, "eo e leng yena feela ya tsebang ho kopanya motho le badimo ba habo," o hlaha a tenne hempe e difaha. Ke monna ya shahlileng ya mokgutshwane ka seemo mme le yena o kenella hara letshwele ho leba sebakeng seo a se lokiseditsweng.
Ditloholo tsa hae tse tsheletseng le mathwasa a hae a mo latela ka morao. Rakgetse o ema ka pela koloi ya maemo ya Audi Q7 SUV, eo e leng mpho eo a e fuwang ke bana ba hae. "Ke palame Q7 ya maemo," ke yena Rakgetse eo a hwelehetsa ka motlotlo. "Ke ya ka Q7 yena!"
"Ho bua tjhelete!" ho arabela basadi.
Meropa
Ha le eya madikelong, ho qala mokete wa meropa. Meropa ena ke yona e dumellang batho hore ba kgone ho utlwana le meye e meng," ho bolela Paledi Sefoloshe.
Banna ba tena dikete tse metsero e kang ya Scotland, ba neng ba amane le Bapedi ka nako ya Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe. Ba kena sebayeng le meropa ya bona e meraro. Hape ho na le dihlopha tsa basadi tsa mokgibo.
"Bohle ba kenang moyeng, mokete wa teng kaofela le ona o utlwahala hantle hore ke wa meya, "ho bolela Sefoloshe. "Sohle seo re se etsang ka letsatsi leo ke se amanang le meya." [s]
Basadi ba phehela mokete.
Batho ba habo rona
Sohle se
laolwa ke
moya
Ba thabisa badimo ka meropa le motjeko
pale ka BENJAMIN MOSHATAMA/FEATURENET ditshwantsho ka MUNTU VILAKAZI
Banna ba potapota kgomo hore ba tsebe ho e hlaba.
BONA SESOTHO - December 2007
