sotho.3024.fashion
Tse phodileng tsa lehlabula
BONA SESOTHO - September 2007
Lehlabula mese ho tenwa e mekgutshwane ya mefutafuta le meseho e fapaneng esitana le masela a yona, o tla kgetha hara e mengatangata. Kgetha o o tshwanelang ho sa kgathallehe hore o bolelele bo bokae mme o kenye le mabenyane a ho ikgabisa
ka CHRISTINE HAMMANN
ditshwantsho PETER HOOPER
sebontshi CAROL wa Ice
mokgabiso wa sefahleho le moriri CATHERINE VEER
Mose ona o motle haholo. O bile o setaeleng, o tennwe o le mong kapa o tenelletswe ka borikgwe kapa ka jean e tshesanyane.
Mose o mebalabala (R240), Foschini. Dieta tse ntle tse mebala e mebedi (R225), Rage.
BONA SESOTHO - September 2007
Mose wa lehlabula o molala o bulehileng! O hlahisa molala hantle - hore o shebahale o le mosadi wa sebele.
Mose o molala o bulehileng o dipalesa (R100), Max.
Sefaha sa letsoho (R89), Chameleon.
Masale (R30), Gorgeous. (Dieta ke tsa sebontshi)
Tse phodileng tsa lehlabula
Mose ona o motle o mebalabala, o ka shebahala hampe ha o ka ba mokgutshwane haholo!
Mose o matsoho a kgabisitsweng hantle (R149,95), Edgars. Lebanta le sarolohang le letsho (R89,95), Edgars. Masale a maholo (R30), Gorgeous.
BONA SESOTHO - September 2007
Itshepe mme o tene tse fubedu mmele kaofela. O ikgabise ka mabenyane hore o hle o hlahelle hara letshwele.
Mose o mofubedu o mebalabala o bileng o nang le thae (R290), Max. Mabenyane (R59), Smac ha YDE. Dieta (R185), Rage. Masale (R55), Gorgeous.
Mose ona o bulehileng, o bileng o tsamayang le sebopeho sa mosadi o motle haholo ha o tenellwetswe le dieta tse phahameng.
Mose o mmala wa lamunu o yang le sebopeho sa motho (R169,95), Edgars.
BONA SESOTHO - September 2007
Tse phodileng tsa lehlabula
Ditshwantsho di nketswe Sun Coast Hotel & Towers: 031-314-7878; Website:www.southersun.com
DIAPARO: CHAMELEON: 021-253-1451 EDGARS: mabenkeleng ohle naheng ena FOSCHINI: mabenkeleng ohle naheng ena GORGEOUS: 031-201-2811 MAX: 031-312-8834 MOGLIO: 012-853-0454 RAGE: 031-265-0660;
011-444-1282 S VCP: 082-240-6832 YDE: Makaleng ohle naheng ena. Dipotso di ka lebiswa ho 021-797-8002
BONA SESOTHO - September 2007
Ona o bulehileng o motle haholo bakeng sa ho pata mpa e kgolo. Netefatsa hore o tenella ka dieta tse bulehileng empa tse phahameng, mme o hlahise ditlhafu tse ntle ho lekana hore o tla shebahala o le setaeleng..
Mose o mebalabala (R280), Max. Katiba (R45), VCP. Sefaha sa letsoho (R179-R189) Miglio.
