sotho.301.size
Mahlo mahlong le Fat Charlie
EKABA boholo ba botona ba hao bobolelang" Fat Charlie o bua nnete hore ho bile thata ho araba potso eo. Monna ya bohlale o iphumanela karabo ya potso ena ka boyena. Empa leha ho le jwalo nnete e a sala - banna ba bangata ba ngongorehiswa ke boholo ba bashemane bana ba bona. Ba bang ba qetella ba lahlehetswe ke boitshepo ka lebaka lena. Ba bang ba qetella ba kene sefing sa dipapatso tse reng: "hodisa botona ba hao." Ba senyehelwe ke tjhelete ka masawana, ha ba bang ba qetella ba sala ba holofetse, maemo a mpefatse le ho feta pele.
Ena ke taba e tlamehang ho hlakiswa. Ho molemo re qale ka ho hlakisa sena.
Banna ba qala ho ngongoreha ka botona ba bona nakong eo ba qalang ho kena bophelong ba tsa thobalano, haholoholo ha ba fihla dilemong tse 12 jwalo jwalo.
Motho o qala ho ngongoreha nakong eo a utlwisisang hore thobalano ke eng. Motho wa teng a qale ho ingamangama ka boholo ba botona ba hae.
Mamelang lona mathaka - boholo ba botona ha bo etse letho ho natefisa thobalano.
MONATE wa thobalano o ya ka seo motho a se etsang ho kgotsofatsa molekane wa hae, o tsohetswe kapa o sa tsohelwa. Monate wa thobalano ha o ye ka boholo ba botona - o ya ka mofuthu wa madi le methapo ya bonna.
Setho sa sesadi, ke "lesoba" feela le potapotilweng ke dinama. Ka nako ya pelehi, se ka saroloha ho fihlela ho 10cm, empa hape se kgona ho tshwara tampon - e leng ntho e nyane hole le botona ba monna!
Nnete ke hore setho sa sesadi se ka sarohola le hona ho honyela ho ka kgona ho tshwara boholo ba botona ba monna ka mong.
E, re a dumela hore ho teng banna ba nang le botona bo "bonyane". Empa ha ke kgolwe e le wena moreso.
Empa bothata boo bo tlameha hore bo ile ba hlokomeleha motho a sa le monyane mohlomong a be le mathata a ho rota mme ha ho bile jwalo, o fumantshwa kalafo ya teng.
Haeba le wena o ngongorehile hore o na le botona bo bonyane, ikopanye le ngaka, empa ha ke bone ho le teng seo o tlamehang ho ingongorehisa ka sona.
E nngwe taba e makatsang ke ya hore ho na le basadi ba bang ba tletlebang ka hore banna ba bona ha ba ba kgotsofatse ka thobalano leha ba na le botona bo boholo. Nnete ke hore ho ba thatohatsi ho moratuwa wa hao, ho kelellong ya motho; tseba se hlokwang ke moratuwa wa hao; o mo tsebe, o tsebe le tsela ya ho mo kgotsofatsa.
Tsela ya ho thabela thobalano e ho lona, le tlameha ho etsa menyakwe ka ditsela tse fapafapaneng.
Boholo ba botona ba monna ha bo na seabo se se kalo monateng wa thobalano. Setho sa sesadi se boi haholo ho tloha qalong ho teba ka 10cm.
Jwalo ka ha re tseba, setho se lekaneng sa monna se ka hodimo ho 10cm bolelele, ka hoo, ho tlameha ho ba bobebe ho monna ho kgotsofatsa mosadi.
Hore o se ngongorehe haholo, ke sena se bolelwang ke ngaka: "Boholo ba botona ba hao bo laolwa ke lefutso ho tloha batswading ba hao. Botona ba hao bo hola ho fihlela boholong ha ngwana a tswa boshanyaneng a kena bohlankaneng.
"Sena hangata se etsahala dilemong tse 10 ho ya ho tse 14 leha ba bang ba qala le pele ho moo.
"Ho hola marete pele mme ho latele maboya. Botona bona bo qala bo hole ka bolelele mme ho latele botenya ba bona.
Botona bona bo fella hantle ho hola dilemong tse nne ho ya ho tse hlano marete a qadile ho hola."
Leha tsena di hola ka tlhaho, empa ba bang ba a makala. "Jwalo ka ha marete a hola pele ho feta bonna), bongata ha bo hlokomele ho hola hona ha marete, motho o phakisa a ipolelle hore botona ba hae bo bonyane ha a bo bapisa le marete.
"Dithaka tsa hao tsona tse ileng tsa holelwa ke botona ba tsona pele ho wena, o ka fumana hore bo boholo feela, empa ha ho ba tswele molemo wa letho!"
Sena se re tlisa ntlheng e nngwe lona mathaka.
Hopolang hore leha botona bo le bonyane, bo tla hola ka matla ha o tsohetswe.
Ha madi a qala a futhumala, motho o a tsohelwa mme ka nako eo, botona bo lelefala ho phetilweng ha hlano, mme botenya bona bo sarolohe habedi, ha boholo bona bo ka hola hangwe le halofo feela.
E nngwe ntho e o thetsang, ke hore nakong eo o shebang botona ba hao, o bo sheba bo shebile fatshe mme he mahlo a hao a ka o thetsa, o bone bo le bonyane, e tsohile kapa e sa tsoha.
HLOKOMELA ha le bo kala. Le dingaka di a phehisana hore na bo kalwa ka mokgwa o fe, ho kwalwa bolelele kapa botenya.
Ba bang ba bolela ha o tlameha ho bo kala nakong eo o tsohetsweng e leng ntho e boima hore e ka etsahala o le ngakeng.
Ngaka e nngwe ya Brazil yona e ne e rarolle mathata a na ka hore e hlabe monna ka nale ya ente e tla etsa a tsohelwe hore e tsebe ho mo kala botona.
Tse ding dingaka di bo kala ka hore di bo sarolle ho fihlela monga bona a qala ho utlwa bohloko.
Bolelele ba bona bo kalwa motho a eme, bo se shebe fatshe bo shebiswe pele.
Ho boele hape ho phehisanwe hore na hantlentle ho kalwa ka tlase kapa ka hodimo, empa karabo e totobetse, ho kwala moo bo leng bolelele ho feta.
E nngwe hape taba e bonahetseng ke ena ya hore ha ho thwe motho a ikalle ntho ya hae, motho o e a bolele boholo bo fetisisitseng.
Kgolwa Fat Charlie tabeng ena... Taba ha se hore na o ruile ho le ho kae, ke hore feela leruo la hao o le sebedisa ha jwang - o ka nna wa wa ba le leruo le leholo empa o bolaise bana ba bang tlala. [s]
BONA SESOTHO - March 2007
Setshwantsho VAL ADAMSON, ba ditshwantshong ke dibontshi
Boholo ha bo bolele letho!
Ena ke potso e kgolo dimilioneng tsa banna lefatsheng ka bophara
BONA SESOTHO - March 2007
Itlhatlhobe
Kankere ya marete e ka etsa persente feela mefuteng ya dikankere tse tshwarang banna. E tshwara haholo banna ba dilemong tse 16 ho ya ho tse 35.
Testicular Self-Exam (TSE) ke mokgwa wa ha monna a itlhahloba marete a hae, a hlahlobe hore na ha a na dikaqa tse sa tlwaelehang, tseo e ka bang matshwao a kankere.
Dula o itlhahloba kgafetsa, o tsebe hore na marete a hao a makakang, o tsebe le sebopeho sa ona, o tsebe ho hlokomela ha bobebe ha ho le teng se sa lokang ho ona. Nako e nepahetseng ya ho etsa seo, ke ka mora ho hlapa nakong eo mokotla ona wa ona o sa leng bonolo.
A hlahlobe hantle o sebedisa matsoho mme o shebe dikaqa tse sa tlwaelehang. Ho fumana dikaqa tseo ha ho bolele hore o se o na le kankere, empa netefatsa hore o bonana le ngaka. Hape o ka nna wa fumana a ruruhile, leha ho le jwalo ha ho bolele hore o se o na le kankere.
Le haeba o na le kankere, e phahamele ka maoto di sa tloha feela, kankere ya mofuta ona e alafeha ka bonolo.
