sotho.3014.sangoma
HO SA kgathallehe hore ho buuwa ka dipapadi, dipolotiki kapa yona kgwebo, batjha ba kgothaletswa ho ba le seabo ka mahohle matsatsing ana. Ekare le badimo ba bona jwalo.
Seo re se hlokometseng kgwebong ena ya rona ya tsa kalafo, ke hore badimo morao tjena ba se ba inole bana hara ba bang, hore ba fehlellwe ba sale banyenyane le pele ba senyeha.
Ke nnete - bana ba kene ka sekgahla kgwebong ena ya kalafo.
E mong wa bana bana ke Letsie Mohloai (16). Ha o bona eka o tlwaetse lebitso la hae, mohlomong ke hobane o ne o tseba ntatae, mampodi wa ditebele wa mehleng, SA welter- le junior middleweight, Morris "Yankee" Mohloai.
O hopole hore Yankee, o kile a tuma haholo ka nako eo a neng a lwana haholo le dikakapa tse kang Maxwell "Black Hero" Malinga, David "Baby Lux" Khambule le Harold "The Hammer" Volbrecht.
Letsie o ne a bala Grade 8 ho se seng sa dikolo tse pele tsa Joburg mme a tlameha ho siya sekolo a lo fehlellwa mane Soweto.
Pono
"Ho ne ho le thata haholo ka phaposing ya borutelo, ke ne ke bona dipono tsa meriana feela le diphoofotswana tsa metsing ha ke sheba seo titjhere e se ngotseng letlapeng," ho bolela yena.
A dutse a kgathetse ka phaposing ya borutelo, a otsela a be a robale ka nako
e nngwe. "Ke bona le mathata a bana ba bang, ao a mang a ona e leng lekunutu."
Ha ho makatse hore o ne a tshaba le ho ba bolella seo a se bonang maphelong a bona.
"Tabataba hape e le hore bongata ba bona e ne e le makgowa. Hape ke bona le hore ba banyenyane haholo hore ba ka utlwisisa se etsahalang bophelong ba ka," ho hlalosa yena.
O ne a kopa ho ya ntlwaneng nako le nako ha tsena tsohle di qeta ho etsahala. Ke ne ke iphotla hore ke hlaphohelwe, ke be betere, ke tsebe ho kgutlela dithutong," ho hlalosa yena.
O ne a kgathatsehile ke se neng se etsahalang bophelong ba hae mme le mosebetsi wa hae wa sekolo o salla morao. "Leha ka nako eo ke leng betere ke ne bala ka thata, empa ke ne ke hula ka falese".
Dikupu
"Ha ho a mmakatsa ha qetellong ke bona a amohela pitso ena ya badimo," ho bolela ausi wa hae, Maletsielo. "O ne a ena le bokgoni bo botle haholo ba ho letsa dikupu dihlopheng ho tloha a le dilemo di tsheletseng. Pele ho moo o ne a hlola a ile motseng wa ngaka e nngwe ha a kgutla keretjhe.
"Ka nako e nngwe, re ne re nahana hore o a hlanya. O ne a hlola a tlile le dikatse lapeng, a ekga ditlamatlama mme ka nako e nngwe a lome le diphoofolo. A boetse a rata dintja hona hoo a neng a robala mmoho le tsona."
Ba lelapa lena la ha Mohloai ba isa Letsie tliliniking hore a fumane kalafo. "Empa ya se ke ya thusa ka letho," ho hlalosa kgaitsedi ya hae. "O ne a phetha nako e telele a dutse ha moahisane e mong eo e neng e le lethuela, moo ho neng ho dutse ho letswa dikupu mme ka dinako tse ding a be a akgehe."
Letsie ha a hola, a ithuta ho hlaba le ho phehela mekete. Ke ka hona re sa kang ra makala ha a amohela pitso ena.
"Ke ne ke bone hantle jwale hore nako ya hae e fihlile ya hore a jare kgetsi ya hae ya bongaka," ho bolela Maletsielo.
"Ke ne ke bokanelwe ke sehlophahadi sa dinotsi hloohong metsotso e 10 empa ho se leha e le nngwe e ntomang. Mantsiboya a mohlang oo, ka bona maeba a mararo a ditono di tshweu a dutse hodima ntlo ya heso. E ne e le sesupo sa bophelo bo botle mme ka bona hore Letsie o hlohonolofaditswe ka matla a badimo."
Dithuto
Ntata Letsie o ne a le lekgonono ho ntsha morahae sekolong. "Ke ne ke batla a kene sekolo," ho hlalosa Morris.
"Empa ke ne ke tjhentjhe maikutlo ha mohatsaka a ntlhokomedisa hore re tla shwellwa ke mora e mong hape ka mora hore Letsie a akgehe ka kitjheneng nakong eo a neng a iketsetsa dijo."
Lelapa lena le sa ntse le le bofifing ba mora e mong wa lona, Lehlohonolo, mme Morris o re o ne e ikemiseditse ho etsa leha e le eng feela ho tla pholosa Letsie.
"Ka dumela hore a tlohele sekolo. Ka netefatsa hore o fumana lethuela le nang le bokgoni le tla mo fehlella ka tshwanelo, ho sa kgathellehe hore le bitsa bokae.
"Bothuela ha se ntho e ntjha lapeng lena, le rakgadi e ne e le lona mme ke thabile jwale hobane Letsie o a phela."
Mehloho
Bophelo ba Letsie haesale bo ena le mehlolo le pele a tswalwa. "Ke ne ke nahana hore mpa ya ka e tla qhalana hobane ke ne ke kula haholo ha ke qala ho e nka," ho bolela mma Letsie, Dorah.
"Lethuela le leng la nneha moriana o neng o nthuse, wa tswa motjhesohadi wane wa badimo.
"Mathuela a hlola a mpolelletse hore ke ithwetse ngwana moshanyana, eo e tlang ho ba lethuela le yena."
Le pele a tswalwa, o ne a se a tseba hore o tla rehwa lebitso la Letsie, lebitso la morena wa Basotho, athe hape ho na le ngaka ya setso - e neng e bitswa Letsie, e neng e patelwe ka Lesotho.
Dikamano tsa hae le naha eo di matla haholo hona hoo di ileng tsa iponahatsa le diponong tsa ngaka ena e nyenyane.
O ne a tlamehe ho ya Lesotho ho ya batla lerumo le ikgethang le letjhoba tse tla sireletsa lelapa la ha Mohloai.
Letsie o phethile morero wa hae jwale mme ke ngaka ya setso, o tseba le ho laola ka masapo le ho alafa, ha se lethuelanyana feela le lenyenyane.
Hlopheng e le nngwe feela, re ne re kopane le a mang a mane a manyenyane, a dilemo tse tlohang ho 17 ho ya ho 20.
Badimo ba bohlale e le ka nnete! Ba dumela hore thuto ke sebetsa sa bohlokwa mme ke ka hona ba dumelletseng Letsie ho ya ntshetsapele dithuto tsa hae. [s]
BONA SESOTHO - April 2008
PALE FORCE KHASHANE DITSHWANTSHO SIPHO MCHUNU
Letsie o dumedisa ngaka ya hae, Nhlanhla Obed Ndlovu.
Letsie o kopa mathuela a mang le babohi ho bina le yena.
Pitso ya badimo ha e natse dilemo
Le badimo ba bona bokgoni batjheng ba kajeno mme ho bonahala batjha ba banyenyane haholo dilemong ba ntse ba amohela pitso ena ya badimo ya ho ba mathuela
BONA SESOTHO - April 2008
BARONA
BONA SESOTHO - April 2008
Lelapa la ha Mohloai - Morris, Maletsielo, Mapuleng, Dorah le Letsie.
