sotho.3013.teenoct
BONA SESOTHO - October 2006
Mahlo mahlong le Fat Charlie
Re bua ka morusu...
NAKONG eo re sa le masea, re ne re ithaburanya, re lla, re etsa mehlolo ena kaofela ha re sa fumane seo re se batlang! Ho a swabisa hore ba bang ba hola le mokgwa o jwalo.
Mona re bua ka morusu.
Bophelong ha o a tlameha ho hlapanya, o ipolelle hore ntho e itseng o ke ke wa e etsa, ho ka etsahala hore re qobellwe ke maemo hore re kene merusung ho itshireletsa.
Nakong ya mmuso wa Verwoerd, ho ne ho be le mehwanto ya kgotso, empa ka lebaka la maemo, mekgatlo e kang ANC le e meng, e ne e tlamehe ho qala "merusu" hore e fihlele seo e neng e se batla.
Empa leha ho le jwalo lona baena le dikgaitsedi, le tlameha ho sebedisa morusu jwalo ka ntho ya ho qetela.
Ka bomadimabe, re phela hara batho bao ha ho ena le seo ba se batlang, ba se batle ka dikgoka. Ba lebala hore morusu o kotsi, o tshwana le lori e tswileng taolong, eo ho seng mang ya ka e laolang.
Batho ba reng morusu ha o na molemo, ba bua nnete. Hobaneng" Hobane ke qaleho ya mathata - o eketsa mathata hodima a mang...
TADIMA sena... sehlopha se seholo sa basebetsi, ka mora ho hlokomela hore meputso ya bona e menyane haholo, ba ne ba kopane ba ba ngatana nngwe tlasa lebitso la mokga wa basebetsi mme ka mora dipuisano tse sa atlehang le batshwari, mokga oo o kena mohwantong.
Eo ke ntho e utlwahalang" E bileng e nepahetseng... Ha re nke ka hore ditletlebo tsa basebetsi bana ke tse utlwahalang, jwalo ka hore bongata ba bona ke bona ba sapotang malapa, e re leha ba sebetsa dihora tse ngata, empa ho be boima ho fepa malapa ao a bona.
Ka bokgutshwanyane, ba tlameha ho ntlafaletswa meputso ya bona mme molao wa naha o a ba dumella ho hlahisa ditletlebo tsa bona ka mokgwa wa mehwanto.
Re ka nna ra nka ka hore basebetsi bana ba sitisa setjhaba ka mehwanto ya bona, empa re tlameha ho hopola ntho e le nngwe feela, re tlameha ho hlonepha tokelo ya bona ya ho etsa jwalo...
Ho e meng ya mehwanto, ho ba teng batho ba se nang molato ba fetohang mahlatsipa jwalo ka mabenkele a thujwang difenstere a mang ho ona ho nkuwe thepa ka mahahapa.
Ho etsahala eng" Mathata a a fetoha.
Ka nako le motsotso, mohwanto jwale o a fetoha, haesale ona wa ditletlebo tsa meputso, e se e ba morusu feela, ho sengwe thepa ya ba bang.
Ke mang ya lahlehelwang moo" Ke basebetsi - hobane ke bona batho ba babe jwale! (Re llela basebetsi bao ba seng madi matsohong merusung eo!)
Ke ona o mong mohlala. O nkolota R500. Ke fihla ha hao ke tlo e batla, re a phehisana ho fihlela ke ba ke senya thepa ya hao.
O tla nkisa lekgotleng. Nke ke ka itshireletsa ka hore o a nkolota. Mohlomong ke o senyeditse thepa e bitsang R2 000. Leha re ka tlosa tjhelete eo o nkolotang yona, empa ke ntse ke o kolota R1 500!
Morusu o ekeditse mathata! Morusu oo, o mpaketse mathata - nna ya neng a na le tletlebo e utlwahalang!
NNETE ke hore morusu ona ha o hlokahale hohang hobane o kotsi haholo. Ho utlwela ke o mong wa mefuta ya morusu. Re ka etsa mohlala ka hore, ha ho mmuso kapa leha e le sehlopha se fe feela sa batho se ka bolellang batho hore ba ka bala kapa tjhe, o ka shebella kapa tjhe kapa hona ho kgollwa nthong e itseng.
"E kwaleng!" ba ne ba rialo batho ba bangata nakong eo ho neng ho phatlalatswa filimi e bitswang The Da Vinci Code. "Ke ntho e phoqang!"
Ekaba tumelo ya bona e fokola ka tsela ya hore ba ke ke ba kgona ho bona dintho ka tsela e sele" Ha ho mang ya ba qobeletseng ho sheba filimi eo, hape ha ho mang ya qobellang mang ho se e shebelle!
Haeba motswadi a sa rate ha bana ba hae ba mamela pina e itseng, eo ke taba eo a lokelang ho e sekaseka le bana ba hae, a se lebelle hore mmuso o kenelle o bolele hore motho ohle a se mamele pina eo.
Le lona he baena le dikgaitsedi haeba o tla kena morusung - ka ho etsa dintho tse bonahalang kapa ho rohakana le hona ho baka lerata - hopola hore qetellong ya taba, ke wena ya tla lahlehelwa!
O tla lahlehelwa e le ka nnete, ha ho sa tla ba teng motho ya tla o mamela, seo ba tlang ho se etsa feela, ke ho shebana le diketso tsa hao.
Ha motho a phehisana le seo o kgollwang ho sona jwalo ka dipolotiking kapa tsa tumelo, o tla hlabeha, empa motho eo o mpa a phehisana le seo o se bolelang.
Haeba o hlile o kgollwa nthong, ha o a tlameha ho ngongorehiswa ke se nahanwang ke batho ba bang.
MONNA eo ke Mokreste, eo yena ke Momuslim. Ke Lejuta, ke Mobuddhist. O kgethile mokga wa hae, o tshehetsa sehlopha sa hae o bile o a se thoholetsa.
Bao ba kgollwang morusung, ba tlwaetse hore "sephetho se dumellana le seo ba se etsang," empa ha ho nnete ho seo ba se bolelang baena le dikgaitsedi. Haeba o tshela tjhefo dijong, o tla ba le tjhefo mmeleng!
Diketso di bontsha sephetho!
Tsela eo o e sebedisang ho fihlela letho e ka fetola seo o se phehelletseng.
Eish, lona baena le dikgaitsedi, ha o a tlameha ho akgela motho e mong kantle terene e tsamaya hobane feela a apere baki o sa e rateng kapa a bua puo eo o sa e utlwisesing.
Ha re hlahiseng ditletlebo tsa rona ka mohwanto lona baena le dikgaitsedi.
Ha re beng motlotlo re phahame re tshwarane, re howe re re: Phela o phedise ba bang. [s]
Se hlapanye!
BONA SESOTHO - October 2006
Letlobo le leng le setseng ntweng. Ka nako e nngwe re tlamellwa ho lwana athe moferefere ona ha o re tswele molemo wa letho ha ho mohlodi ntweng..
u
t
Mahlo mahlong le Fat Charlie
NAHANA!
Ho kgona ho sebedisa kelello ka nepo, ke e nngwe ya dintho tsa bohlokwa eo motho a tlamehang ho e fihlela. Empa ho mamedisa ka hloko ke ntho e thata eo motho a sa e rutweng sekolong.
Tsela e betere ke hore o ithute ho sebedisa kelello ka nepo!
Ke ka hona nako le nako Fat Charlie a tlang ho o mema hore le wena o nahane ka dintho tseo re tlang ho tobana le tsona - ho sa natsehe hore o mo kae dilemong.
Mohlomong o ka kgona ho bona dintho ka tsela e nngwe eo ho seng mang ya neng a e nahana. Leha o sa dumellane le Fat Charlie, le moo ho ntse ho nepahetse. Taba ya bohlokwa ke hore o se kgolwe ntho yohle eo o e utlwang le eo o e bonang, qala pele o e nahane!
BONA SESOTHO - October 2006
