sotho.3011.street children
Dithuto tsa ho thella maqhubung a lewatle di hlakisitse bokamoso ba batjha bana...
Ha se papadi ya ba basweu feela
pale ka CHRISTINE MAROT
setshwantsho ka PHOTOGRAPHER"
KAMEHLA ba ne ba tlwaetse ho itsubela sekgorametsi, empa kajeno ba se ba dutse ba fufunela metsi a letswai a lewatleng.
Bongani, Musa le Victor ha ba sa kakasana le mabakethe a metsi ba nne ba hlatswetse batho makoloi a bona, empa seo ba se etsang ba nka matlapa a bona ba theohele lewatleng.
Bongani Mathe o hodisitswe ke ausia mane Jozi, empa eitse ha a ntse a hola, a hloleha mme Bongani a tloha Jozi a tla Thekong moo a neng a fihlele lehaeng la bana ba diterateng moahong wa kgale wa Tong Lok mmileng o tummeng wa Point mona Thekong.
"Ho ne ho le boima ho dula ntle le bonokwane," ho hopola Bongani.
"Monyetla wa pele oo ke neng ke o fumane e ne e be wa ho ithuta ho thella maqhubung a lewatle, ka hoo, ke ne ke theohele letamong le nna ka ya ithuta."
Dithuto tseo di kentse Bongani papading eo a neng a ipolella hore ke ya makgowa feela.
Le yena jwalo ka makgowa, o ne a hapehe maikutlo letsatsing la pele a feela a palama maqhubu.
"Ke ne natefelwe mme ka nna ka kgutla kamehla ho fihlela ka ba ke tseba," ke yena eo.
Ka lebaka la katleho ya hae, Bongani o ne a etse le dithuto tsa Kayak mme kajeno o se a hapa mabelo a malelele a kayak. O se a lekile ho hohela le metswalle ya hae papading ena ya lewatleng, empa seo a se bonang ke hore metswalle ya hae yona e rata ho fumana "tjhelete e potlakang."
Bonokwane
Victor Ngema o ne a tle Thekong ka 1996 ka mora ho hlokahala ha mmae.
"Ke ne ke dula le malome Vryheid, empa o ne a nwa haholo, jwale he ka tsamaya," ke yena eo.
Le yena jwalo ka metswalle ya hae, o ne a fihle mona Thekong a se na tjhelete mme a tlameha ho kena bonokwaneng hore a tle a fumane tjheletenyana ya ho iphedisa.
"Ke ne ke tlameha hore ke sebedise le dithethefatsi hore ke fumane tjhelete - ho ne ho ntswela molemo," ke yena eo a ntse a sisinya hlooho.
Victor o ne a sebetse ha kgutshwane jwalo ka mohlwekise moo jareteng, empa a phakisa a kgutlela seterateng moo a neng a lefa R5 ka letsatsi moo a neng a dula teng.
"Ha ho bobebe ho fumana tjhelete ka tsela e nepahetseng ha o dula seterateng," ke yena eo. "Ke ne ke hlatswetsa batho dikoloi tsa bona ho iketsetsa tjhelete mme ke hona moo ke neng ke kopane le Alan ya neng a tshepise ho nthuta ho thella maqhubung," ke yena hape.
"Kajeno ke se ke thabela papadi ena mme ke kgothaletsa le ba bang ho etsa ho ithutela yona. Ke se ke ile ka etsa dithuto tsa Kayak le ho ruta batho ho qwela metsing - tseo kaofela ke neng ke di pase," ke yena ka motlotlo o moholo.
Musa Zwane o ne a tlohe Ladysmith ka 1999 a le dilemo di 12 hobane ntataemoholo le mmae ba se ba sa kgone ho ba fepa le ho ba apesa.
O ne a rere ho tla Thekong mme o ne a tseba hantle hore seo a neng a se etsa se ne se mmeha pakeng tsa lefu le bophelo. "
E ne e re a fihla lehaeng la bana ba diterateng Tong Lok, o ne a kopane le Victor mme ya ba le yena o kena dithutong tsa ho thella lewatleng. Le yena o ne a atlehe. O bolela hore haeba ha a ka a atleha, o ne a tla kena bolong.
Tjhebelopele
Pale tsa bona kaofela di a tshwana - ba ne ba tlohe malapeng a bo bona ba le banyane, ba dula diterateng, ba tsamaya ba kopa kapa hona ho utswa hore ba kgone ho iphedisa, ba tsuba le dikgorametsi empa hape ba ne ba na le toro e tshwanang: ho iketsetsa bokamoso bo tjhabileng, ba tlohe diterateng.
Motho ya ba tsheheditseng ho fumana monyetla oo, ke motswalla bona, Alan Wallace.
Ba ne ba ikahela tjhelete ka ho hlatswetsa batho dikoloi mme Alan o ne a hlatswa koloi ya hae ho bona kgafetsa. O ne a atisa ho paka koloi ya hae haufi le sepetlele sa Addington mme a ba a tlwaela batho bao ba neng ba mo hlatswetsa koloi. Ho ne ho se mang ya neng a lebeletse hore Alan a ka ba kgothaletsa papading ena. Ka lebaka la boiphihlelo le tjheseho eo a neng a na le yona, ha ho ka ba ha mo nka nako e kae ho ba ruta papadi ena.
Alan o se a na le dilemo tse fetang tse 30 papading ena ya ho thella moqhubung a lewatle, o na le mabenkele a rekisang disebediswa tsa papadi ena, sekolong sa papadi ena Umhlanga, athe hape o kile a sebetse ditshebeletsong tsa pholoso papading pele a qala leano lena la uShaka Surf Adventures, lewatleng la Addington hona mona Thekong.
"Ho hlokahala lerato feela," ke yena eo. "Kaofela ha bona ba ne ba na le tjheseho mme seo ba neng ba se hloka feela ke tataiso."
Alan o ne a qale ka ho ba rupella ka tsa boipaballo metsing mme a qetella ka ho ba ruta ho thella hoo metsing.
Ka mora moo, ba ne ba rutwe le dithuto tse kang kayak, ho aha sehlopha esitana le ho qwela metsing. Kajeno ba se ba ruta mane uShaka Surf Academy mme jwale ba se ba kgona ho itefella rente ya moo ba dulang.
Alan leha a thusitse bashemane bana ba neng ba dula diterateng, empa o ntse a hloka tshehetso ya ditjhelete. "Ho bitsa R2 000 ka kgwedi ho fepa, ho apesa esitana le hona ho rupella motho a le mong," ho bolela yena a tiisa taba ya hore uShaka Surf Academy e hloka tshehetso.
"Bana ba ratang rupellwa ba a fihla, empa ha re kgone ho fepa le ho ba fumanela mopheme mme ba qetelle ba kgutletse hona mmileng e leng ntho e ferekanyang maikutlo eo."
Alan o ikemiseditse ho thusa bana bana.
Maikemisetso a hae a pakelwa ke katleho ya Bongani, Musa le Victor, banna ba ikemiseditseng: ba tlohileng diterateng, ba etsa letho! [s]
BONA SESOTHO - September 2007
Ho tloha diterateng ho leba lewatleng
HO TLOHA HO LE LETSHEHADI: Victor Ngema, Bongani Mathe le Musa Zwane mmoho le Alan Wallace.
BONA SESOTHO - September 2007
u
Ho thella maqhubung
Papadi ena ke eo motho ho yona a thellang maqhubung a lewatle. Ha ngata, mona motho o sebedisa letlapa la ho sesa ho bapala papadi ena. Ntle le letlapa lena, ho na le leng letlapa la sebediswang motho a kgumame ho lona, athe o mong mofuta ke oo motho a bapalang a paqame ho lona. Lena lona le le kgutshwane athe le bile le bonojwana. Ho Kayak teng, motho o itulela hantle a sebedise masokwana a mabedi ho tsamaisa letlapa leo la hae. Papadi ya ho thella maqhubung e ne e qalwe ka dilemo tse bo 1700 ke Lt James King mane sehlekehlekeng sa Hawaii mme monna eo o ne a ngole buka ka yona a e ngolla mokganni ya neng a tumme wa dikepe, Captain James Cook.
Papadi ena haesale e le e nngwe ya meetlo ya bohlokwa ya setjhaba sa Hawaii. Marena a ne a bontsha bokgoni ba bona pusong ka ho bontsha setjhaba bokgoni ba bona ba ho thella maqhubung!
Matlapa a mangata a papadi ena a entswe ka lekweba la polyurethane e tswakileng le dithupa hore le hle le tihe. Ka hodima ho ba le lesela la fibreglass le phethetsweng ka hodimo ka polyester resin. Letlapa lena ka hodimo le entswe hore le be boreletsana hantle. Matlapa a moraorao tjena a entswe ka epoxy e tiihileng empa e le bobejana ho feta fibreglass.
Letlapa lena le na le leratswana leo sebapadi le itlamang ka lona ho etsetsa hore a se arohane le letlapa la hae. Letlapa lena hape le na le mafutshana a etsang hore motho a se thelle ha bonolo ho lona. Bokatlase ba lona bo na le menonyana a manyane a etsang le kgone ho itshwarella metsing le hore le lebe ka bonolo moo maqhubu a le lebisang teng. .
t
BONA SESOTHO - September 2007
Kajeno ba dula mafoleteng
HODIMO: Ba tlohetse maswana a ho tsuba sekgorametsi - batjha bana jwale ba ikahela bokamoso bo botle. ka ho thella metsing.
KA TLASE: Ntle le ho thella metsing, uShaka Surf Adventure e ruta polokeho metsing ... le kayaking.
