sotho.3009.circum
Lebollo le ka fokotsa menyetla ya tshwaetso ya HIV
Tse ding ka twantsho ya EITSI
BONA SESOTHO - February 2007
Sephetho sena sa dipatlisiso tsa EITSI ho thwe ke "pale e sa tla nka dilemo ho phethalaha mohwantong ona wa EITSI."
Ke tlaleho ya
pele e monate ho
tloha haesale ho qalwa ho sebediswa kalafo ya antiretrovirals - empa hlokomelang lona ba etsang thobalano e sa bolokehang, le beha bophelo ba lona kotsing e tshabehang...
pale ka PAT LIGARIS
ditshwantsho ka PERS-ANDERS PETTERSSON/IAFRIKA PHOTOS
HO BOLOTSA banna ho ka fokotsa menyetla ya ho kenwa ke EITSI ka halofo. Ena ke tlaleho e ntshitsweng ka mora diteko tse pedi tse kgolo tse entsweng Kenya le Uganda, ho netefaditswe hore dingaka le ba lwanelang ditokelo tsa ba kenweng ke tshwaetso ena, ba a belaela mme ba bile ba na le tshepo ya bokamoso.
Sephetho sa diteko tseo ebile se setle haholo. Kevin de Cock, mookamedi wa lefapha la EITSI la World Health Organisation, o re diteko tsena di bontshitse ha palo ya banna ba kenwang ke EITSI e ka fokotseha ka makgolokgolo dilemong tse tlang. Jwalo ka ha nale ya ho thibela lefu lena ho bonahala ekare e sa le hole le ho fumaneha tjena, ekare lebollo ke yona thebe. Empa ho sa ntse ho ena le dipotso tse se nang dikarabo mme le mosebetsi o sa le moholo.
Ntlha ya bohlokwa haholo eo banna ba lokelang ho dula ba e tseba ke hore ditlaleho tsena ha di bolele hore banna ba bolotseng ba tsamaye ba iketsetsa thobalano ntle ho dikgohlopo!
Ho ya ka Anthony Fauci, wa National Institute Of Allergies And Infectious Disease, ya neng a tsheheditse diteko tsena ka tjhelete, o re ho hotle hore batho ba utlwisise bohlokwa ba ho tswelapele le ho itshireletsa ka dikgohlopo mme ba etse matsapa ohle a ho etsa thobalano e bolokehileng.
Lebollo le fokotsa menyetla ya ho kenwa ke kokwanahloko ya HIV empa leha ho le jwalo De Cock o re: "Lebollo le ke ke ba etsa mehlolo."
DITEKO tsena di bontshitse hore tlhaselo ya lefu la HIV e theohile ka dipersente tse 48 banneng ba Uganda ka tse 52 ho ba Kenya. Borasaense ba re ho na le mabaka a mangata a etsang hore lebollo le theole menyetla ya ho tshwaetseha ka HIV.
Letlalwana le ntlheng ya botona le na le disele tse ngata tseo tse ding tsa tsona di ratwang haholo ke kokwanahloko ya HIV mme le karolo e kahare ho lona e dutse e le mongobo.
Ba bileng le seabo ditekong tsena ba ne ba kgethwa feela ho sa shejwe hore ba bollotse kapa tjhe.
Ditekong tsa Kenya ho ne ho ena le batho ba 69 ba neng ba kenwe ke konwanahloko ena hara ba 2 784 ba neng ba kenetse diteko, ba 22 ba bona ba ne ba bollotse ha ba 47 ba sa bolla. Athe ba Uganda bona, banna ba 65 hara ba 4 996 ba ne ba phela le kokwanahloko ya HIV, ba 22 ba bona ba bollotse ha ba 43 ba sa bolla.
Ho bonahetse hore lebollo le bile le seabo se seholo sephethong sena. "Ke lekgetlo la pele ho bonahala seabo sa bohlokwa phareleng ena," ho bolela Ngaka Dr Francois Venter wa Reproductive Health And HIV Research Unit mane Hillbrow.
"Sephetho sena se bohlokwa haholo ho sohle se kileng sa buuwa ka lefu la HIV ho tloha ka 1966 ha ho ne ho qala ho tlalehwa ka kalafo e matla ya antiretrovirals," ho bolela Ngata Tinyiko Khosa wa Zuzimpilo Medical Centre ya Joburg.
LEHA ho le jwalo, lebollo le na le ho fapana ha meetlo ka lefatsheng lohle - jwalo ka Maindia, Mamuslim a a bolla athe Mahindu ha a bolle - mme Afrika Borwa ha ho jwalo. Lebollo haesale e le moetlo wa bohlokwa. Empa leha ho le jwalo, matsatsing ana bashemane ba lokela ho bolotswa ke ditsebi tsa profeshenale tse tla etsa mosebetsi ka polokeho le ka makgethe mme ba kgone ho ba hlokomela ho fihlela ba fola.
Bonneteng, ho lokela ho netefatswa hore bashemane ha ba kenwe ke dikokwanahloko nakong eo ba bolotswang. World Health Organisation e ikemiseditse ho kgothalletsa hore ho thehwe ditliliniki ho rupellwe basebetsi hore ba tsebe ho bolotsa ka polokelo. Ho boetse hape ho na le kotsi ya hore tlaleho ena e ka nna ya se utlwisisehe hantle.
"Leha ho se sesupo sa hore banna bao ba Kenya le ba Uganda ba ne ba etse thobalano e sa bolokehang, empa ho totobetse hore ho na le molemonyana o ka etswang ke lebollo," ho bolela Anthony Fauci.
Nnete ke hore lebollo le ke ke la o sireletsa kgahlano le EITSI hohang. Empa feela e fokotsa menyetla hanyenyane, qha!
Mitchell Warren wa AIDS Vaccine Advocacy Coalition o re mosebetsi o sa le moholo o lokelang ho etswa twantshong ya EITSI mme ha jwale o etsa boipiletso hore bashemane ba bolotswe hantle mme ba sireletswe." Dipatlisiso di tswelapele ho shebisisa hore na ebe basadi ba banna ba bolotseng bona ba ba le menyetla e mekae ya ho kenwa ke tshwaetso ya
EITSI. [s]
Mail & Guardian
BONA SESOTHO - February 2007
u
t
BONA SESOTHO - February 2007
Nahana feela
u Batho ba 38,6-million ba ne ba phela le kokwanahloko ya HIV selemong se fetileng, hara bona ba 24,5-million ke banna, basadi le bana ke ba dinaheng tse haufi le lehwatata la Sahara, Afrika. Dinaheng tse ding ke batho ba ka hodimo ho karolo ya boraro ya setjhaba e kenweng ke kokwanahloko ena.
u Ba 4,1-million ba tshwaetsehile boleleleng ba selemo - ba 2,7-million ke ba dinaheng tse haufi le lehwatata la Sahara hona Afrika. Ba Matjhaba a Kopaneng ba etsa boipiletso ba hore ho lekwe matsapa ohle a ho thibela lefu lena.
u Ba 2,8-million ba bolailwe ke mafu a tsamaisanang EITSI ka 2005.
u Ba 8,3-million ba Asia ba kenwe ke kokwanahloko ya HIV, karolo tse pedi borarong ke ba India.
KA HO LE LETSHEHADI: Basebetsi ba tsa bophelo bo botle ba re haeba lebollo le ka ba le seabo sa bohlokwa twantshong ya kokwanahloko ya HIV, ho a totobala hore bashemane ba se ba tla bolotswa ke dingaka tsa profeshenale hore ba sireletsehe le ho feta kgahlano le EITSI.
