sotho.3008.strikers
BOLO
RE BATLISENG:
Forose tse hlwahlwa
BONA SESOTHO September 2008
James Chamanga.
Collins Mbesuma.
LEQEME la dintlha dihlopheng tsa Premier Soccer League, re se re sa bue letho ka Bafana Bafana, ke mathata a maholo bolong ya Afrika Borwa. Leqeme lena la dintlha, le se le ngongorehisitse ba bangata, bang ba ipotsa hore tharollo ya tshitabaholo ena e ka ba efe.
Jwalo ka ha selemo sa bolo se thwasitse, bakwetlisi ba ingwaya dihlooho, motho o ipotsa hore a ka fumana mohlabadintlha kae.
"Ho tshwana feela le ha motho a ipatlela nale moferong," ho rialo Bobby Motaung wa Kaizer Chiefs ya thetileng dikgwedi a tsomana le forose e ka hatang mehlaleng ya Collins Mbesuma ya neng a hlabele Amakhosi dintlha tse 30 selemong se le seng sa bolo dilemong tse nne tse fetileng.
Ka dintlha tsa moshemane eo wa Zambia, Chiefs e ne e kgone ho hapa liki, ha ho ya kgonneng ho kwala sekgeo seo sa hae.
Selemong se fetileng sa bolo, PSL e ile ya tlameha ho behella kgau ya R50 000 bakeng sa sebapadi se hlabileng dintlha tse ngata ka thoko hobane e bolela ha dintlha tse hlabilweng di sa kgotsofatse.
Ba ne ba tlamehile hobane sebapadi se neng se na le dintlha tse ngata, e ne e le James Chamanga wa Zambia, ya bapallang Moroka Swallows ka dintlha tse 14 feela mme o ne a hlatsuwe mahlo ka R1 000 bakeng sa ntlha ka nngwe a e hlabileng.
PSL e boletse hore kgau eo e tla hatjwa ke sebapadi se hlabileng dintlha tse 15 le ho feta, e leng se sa etsahaleng jwalo ka ha dintlha tsena di ntse di theoha selemo le selemo.
Ke habedi feela dilemong tse leshome tse fetileng moo dintlha di ileng tsa feta tse 20.
Ha re tla ho Bafana Bafana teng, leqeme lena la dintlha le ba behile ka mosing haholo jwalo ka ha ba tlameha ho hlola Nigeria kgweding ena hore ba tle ba ho kena Mohopeng wa Afrika o tla ba Angola ka 2010.
Bafana ha ho hlokahale e be e bapalle ho kena Mohopeng wa Lefatshe, empa ha e ka hlolwa ke Super Eagles, e tlameha ho lebala ka tonamente ya Angola.
Ho fosa ha bona menyetla kgahlano le Sierra Leone - papading tse pedi mane Freetown le Tshwane - ke hona ho ba behileng ka mosing haholo.
Jwalo ka ha 2010 e ntse e atamela, le dilemo di ntse di tsamaya dibapading tse pedi tseo e leng letshepa le leholo la Bafana.
Benni McCarthy, o tla be a kopanya 31 ya dilemo ka Pudungwana, Sibusiso Zuma, yena o dilemo di 33. Ha re tsebe hore ho tla etsahalang jwalo ka ha McCarthy e le ngwana ya lehlaswa, Zuma yena a kgathatswa ke ho lemala.
McCarthy o bolela ha a na le pinyane ya ho hlaba dintlha.
"O tlameha ho tseba ho lara ha o le ka motswetseng, o boele o kgone ho nahanela se ka etswang ke dibapadi tse ding," o boletse jwalo.
Khabo Zondo, ya kileng a kwetlisa dihlopha tse pele tse kang Mamelodi Sundowns, Bloemfontein Celtic le Lamontville Golden Arrows, o bolela hore mathata ka diforose, a tloha dihlopheng.
"Tsela eo re kgethang dibapadi ka yona, ha e maemong a matjhaba," ho bolela Zondo.
Zondo o entse mohlala ka Petros Mahlatsi, eo selemong sa hae sa pele ho Celtic, maemo a hae
a neng a ntse a nyoloha a theoha mme a qetella a hula ka falese.
"Sebapadi se kang yena, se ebe se bontsha bokgoni, empa bokgoni boo, ha bo se etse mohlabadintlha ya feletseng.
"Bakwetlisi ba tlameha
ho lekola dibapadi mahlakore ohle, kelello ya sona, bokgoni esitana le bona boiphihlelo.
"Bahlabadintlha ba rona ba hloka dintho
tse jwalo,"
ho bolela Zondo.
Shaun Bartlett, ya seng a hlabetse Bafana Bafana dintlha tse ngata, o re ha se toka hore dibapadi tsena tse sa leng nyane di dule di nyatsuwa.
"Bonnete ke hore diforose ha re na tsona ha jwale," o boletse jwalo.
Forose ya mehleng ya Kaizer Chiefs, e bolela hore le tsona dibapadi di tlameha ho sebedisa kelello ha di bapala. "Ho ya ka nna, ho ipulela menyetla ya ho hlaba dintlha, ke yona taba ya bohlokwa ha o le forose." [s]
O hapa papadi ka ho hlaba dintlha. Ena ke ntho ya bohlokwa papading ya bolo ya maoto, empa sena ke se sa etsahaleng Afrika Borwa. Ba kae bahlabadintlha? Pale ka Mark Gleeson, ditshwantsho ka Gallo
"Ho tshwana le ho batlana le nale moferong," ho rialo Bobby Motaung
Ba itlhommeng pele ho hlabeng dintlha ho tloha ho thehwa PSL ka 1996...
2007/8: James Chamanga (Moroka Swallows), 14.
2006/7: Chris Katongo (Jomo Cosmos), 15.
2005/6: Mame Niang (Moroka Swallows), 14.
2004/5: Collins Mbesuma (Kaizer Chiefs), 25.
2003/4: Jackie Ledwaba (Zulu Royals), 14.
2002/3: Lesley Manyathela (Orlando Pirates), 18.
2001/2: Ishmael Maluleke (Manning Rangers), 18.
2000/1: Gilbert Mushangazhike (Manning Rangers), 19.
1999/2000: Dennis Lota (Orlando Pirates), 18.
1998/9: Daniel Mudau (Mamelodi Sundowns), 24.
1997/8: George Koumantarakis (Manning Rangers), 14.
1996/7: Wilfred Mugeyi (Umtata Bush Bucks), 22.
FOROSE TSE PELE TSA PSL
BONA SESOTHO September 2008
Shaun Bartlett.
