SOTHO.3002.free
30 DIPHUTHELWANA
Difilimi - tse pedi
Naledi ya hip-ho, Curtis "50 cent" Jackson o bapala ho Get Rich Or Die Tryin', ngwana ya holelang mebileng ya tlohelang dithethefatsi a batla ho ba sebini sa rap. BONA e fana ka diphuthe-lwana tse 15 tsa Get Rich Or Die Tryin' tse bitsang R240 ka seng. E tsamaisana le kepisi, T-shirt le setshwa-ntsho. Ho ba e mong wa ba lehlohonolo, romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Get Rich Or Die Tryin' Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
Karolo ya mosadi ya dihlong filiming ya Last Holiday, e bapalwa ke Queen Latifah, ya neng a le leetong la ditoro la Yuropa. Hoteleng, baeti ba bang le basebetsi ba mo makatsa.
BONA e na le dikhopi tse 15 tsa Last Holiday, tse bitsang R174 sephuthelwaneng ka seng tseo e fanang ka tsona. E tsamaisana le khamera le setshwantsho. O ka re romella lebitso, aterese le nomoro ya mohala, ha o batla ho ba le monyetla atereseng ena: BONA/Last Holiday Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
BONA SESOTHO - April 2006
Ya Hao Ya Mahala
10 DIPHUTHELWANA
E loketse masea
Motswetse o batla se molemo feela bakeng sa lesea la hae. New Krayons Skin Nourishing Baby Body Milk e na le metswako e ikgethang ho ntlafatsa letlalo la lesea. Setlolo sena se se nang mafura se nolofatsang letlalo, se monyeha ka bonolo hape se utlwana le letlalo le boi le lesea.
Ho ba e mong wa ba tla fumana sephuthelwana se seng sa tse 10 tsa Krayons tse bitsang R400 ka seng, re romelle lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Krayons Giveaway,
Box 32067, Mobeni, 4060.
25 DIPHUTHELWANA
Moriri o motle
Hair Success Frizz Treatment Serum ya ha Palmer ke e ikgethang bakeng sa moriri o benyang, o bonolo le o sa harahaneng. Hape e na le Vitamin E, aloe vera le motswako wa ho o sireletsa mahlaseding a letsatsi! Olive Oil Formula e a o ntjhafatsa, e o nolofatse ebe e o matlafatse hape e o sireletse hobane e na le Vitamins A, B le E.
Olive Oil For Braids, ke senyanyatsi, se bolokang moriri o le mongobo, moloho o be motle hape e na le Vitamins A, B le E.
BONA e na le mekotla ya dintho tsa ho hlapa e 25 ya Palmer, e bitsang R160 ka mong e nang le dietswa tsena tse tharo ka hare tseo e fanang ka yona, romela lebitso, aterese le nomoro ya mohala ho: BONA/Palmer's Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060.
Letsatsi la ho kwala:
28 Mmesa 2006
25 DIPHUTHELWANA
Ha nngwe feela
Ka One Coat Nourishing Mascara ya ha Almay o itlotsa hanngwe feela empa o tla shebahala hantle hoo e kang o itlotsitse hangatangata. Bakeng sa dintshi tse telele tse ntle, se hlole o sheba hole!
Exclusive Triple Action gel formula e aha dintshi, e di etse hore di shebahale ha lekgala le Vitamin B5 di di nolofatsa. One Coat Nourishing Mascara e fumaneha ka mmala o Motsho, Blackened Brown le Blackest Black.
BONA e na le diphuthelwana tse 25 tse bitsang R160 ka seng, tseo e fanang ka tsona. Sephuthelwana ka seng se na le mebala e mebedi ya mascara. Ha o batla ho ba e mong wa babadi bana ba lehlohonolo, o ka romella lebitso, aterese le nomoro ya hao ya mohala moo o fumanehang motsheare ho: BONA/Almay Giveaway, Box 32067, Mobeni, 4060. [s]
Dimpho tse bitsang
R15 600
BONA - August 2005
