sotho.3000.andile
Thuso ya ho thusa ba mathateng
"Ke lohotha ho atolla lenaneo lena la ka la dikolo hore le kgone ho amohela le bana bana ba mebileng hore le bona ba fumane keletso mathateng a bona a kang ho tetebela maikutlo le tlhelekefetso," ho rialo Andile.
BONA SESOTHO - October 2007
pale ka PATRICIA McCRACKEN
Andile Carelse o bontsha ho hola, o tswile ho kwaito a kena ho Khumbul'eKhaya - jwale o bohala a rata ho thusa Afrika Borwa yohle
ANDILE Gaelesewe Carelse o re sena ke "Selemo sa hae sa katleho." Lenaneo la hae ho SABC1, Khumbul'eKhaya le tswa pele mme o fumana mangolo a mangata haholo ho tswa ho babohi mme sena se ne se mo qobelle ho etsa karolo ya bobedi ka mora ena ya pele.
Leha a dula a le maphathephathe jwalo, empa o ntse a ipha nako ya ho hlwekisa ntlo ya hae mmoho le hona ho hlokomela jarete ya hae. O ne a kgothaletswe ho lema ke rakatara wa hae wa mane Mozambique ya lemeng "khabetjhe" le tse ding dijalo motseng wa hae o mane Yeoville.
O se a lemme dijalo tse kang lehapu, sepenatjhe le tse ding lapeng la hae le mane Yeoville. Andile le mohatsae ya sebetsang ho e-tv, Udo, le bona ba se ba kile ba etela Mozambique. Leeto leo la bona le ne le mo bule mahlo. "Mozambique ke naha e a tsebang mathata le tlala," ke yena eo. "Empa leha ho le jwalo, batho ba teng ba a tseba ho sebedisa mobu ba iphepe ka ona.
"O reka ditholwana tse babatsehang moo. Batho ba bangata ha ba sa ya mmarakeng, ba se ba itemetse ka bobona malapeng a bona.
"Mozambique haesale e thefulwa ke dikgohola le HIV/AIDS, leha ho le jwalo, batho ba ntse ba iphepa ka dijo tse foreshe - ba boele ba fepe le ba bang.
Maafrika Borwa a mangata a se a sebedisa dijo tse omisitsweng.
"Batho ba bangata ba ntse ba fumanehileng le nakong ena ya bolokolohi mme bongata ba bona ha bo kgone ho sebetsa ka lebaka la HIV/AIDS - empa leha ho le jwalo, ba ntse ba kgona ho lema meroho e kang tamati le khabetjhe dijareteng tsa bona."
Tshehetso
Andile o bua ka ntho a e tsebang jwalo ka ha e le setho sa mekgatlo ya tshehetso le tse ding dinaledi tse kang Sibongile Khumalo le Marks Maponyane.
"Re e re qete letsheare lohle le motho ya seng a kudiswa ke EITSI mme re tlise pososelo sefahlehong sa hae - ka sena re tshepa hore re tla kgona ho hohela baahisane le bona ho kene letsholong lena."
Ka tsatsi le leng, mahlo a ne a tlale menyepetsi ha ba ne ba fihla motseng wa monna e mong mane Alexandra.
"Re ne re fihle ba bophelo bo botle ba sa tswa mo hlatswa mme o ne a re bolelle ka moo e neng e le kgale a ne a qetele ho ja cucumber ka teng. O bolela ha e ne e se e le dibeke tse pedi kaofela a e lakatsa.
"Seo se ne se nkutlwisi bohloko. Yena le balelapa labo ba ne ba sa kgone ho ithekela di-cucumber - empa ba ka kgona ho itemela moo ha bona."
Ditholwana
Andile o rata lenaneo la diketsahalo la motlatsa mookamedi wa naha ya US, Al Gore, le bitswang An Inconvenient Truth mme le yena haesale a leka ho qeka Lefapha la Temo hore le ke le tsware letsatsi la setjhaba mane Soweto. "Ha jwale ha ho katleho eo ke e bonang," ke yena a ntse a bonya. Empa mosadi enwa ya tshehetsang leano la mane Califonia la ho jala difate tsa ditholwana US kaofela, o bona e ka toro ya hae e se e tla phethahala.
"Ke hlile ke lakatsa ha letsatsi le ka fihla ka pele, leo ka lona motho a ka ikgellang avocado seterateng," ke Andile a ntse a bonya. "Ha re ka atleha ho etsa sena, ra jala ditholwana tse anetseng, ho ke se be teng motho ya ka nnang a boloka ditholwana tse ngata bakeng sa ho rekisa. Re rata ha motho ohle a ka ikgella ditholwana ha feela a di hloka."
O boletse hore dithopo ha di bitse. Se hlokahalang ke hore motho a leme mme a hlokomele dijalo tsa hae.
"Empa he ha se rona bohle ba kgothetseng. Haeba motho ohle a ka iteka, re ka tlisa phapang naheng ya habo rona.
"Re ke se ahe setjhaba ka hore mmuso o thehe menyetla ya mesebetsi feela, empa le ka hore batho ba iketsetse dintho ka bo bona ka motlotlo."
Ke ka moo Andile a di bonang ka teng. O hopole hore le yena o fetile mathateng a tlhekefetso ya thobalano.
Tlhekefetso
"Ke ne ke bue phatlalatsa ka seo se neng se nketsahalle - ke bolela le taba ya ho betwa ha ka ke ntate ya ntswalang ha ke ne ke le dilemo di 11 feela. "Ke hopola hantle, ke nakong
ya ketsahala ya Ngwana Thabang," ke yena eo. "Ke ne ke itime dijo, ka rapella qeto ya ka. ke ne ke bolelle mme hobane a ne a nkutlwile ke bua seyalemoyeng.
"Ke ne ke leke ho ikopanya le mosadi e motjha wa ntate esitana le yena moradi wa hae, empa ka hloleha. Leha ke ne utlwela ngwana eo weso ya neng a le dilemo di leshome feela, empa ho ne ho se seo nka se etsang."
Jwalo ka sebohodi sa lenaneo le kopanyang lelapa, Andile o utlwisisa mathata a bona hobane le yena o kile a feta mathateng ao ka boyena.
"Ke a rata ho ba bona le hore na ba se ba le jwang - empa ha ke rate ho bonana le ntate. Ke kgotsofetse ka bophelo ba ka moo ke leng teng.
"Ha ke na tsamaya ke tsomana le yena, empa ha re ka teana, ke tla tobana le yena. Ke kgotsofetse moo ke leng teng - Modimo O mphile e mong ntate ya nang le lerato."
Andile tsohle tseo o di fetisitse hore a tle a kgone ho tswelapele le bophelo ba hae. O dutse a le mafolofolo, o dutse a utlwisisa mathata a batho ba utlwileng bohloko mmeleng le moyeng.
Ke ka hona a ileng a bula setsi sa keletso ka katleho ho YFM. Ke sona se ileng sa atlehisa lenaneo la hae la Khumbul'eKhaya, ka tshehetso ya ba ha Urban Brew.
O matla
"Ba bang ba ne ba makale ha ba bona ke tla ho TV ka mora ho bina le hoba ho YFM, empa seo se ntswetse molemo. Jwale ke se ke kgona ho ingolla lenaneo la ka.
"Le etsa hore Moafrika Borwa ka mong a bone hore ha a mong mathateng a hae. Re tlameha ho bontsha setjhaba nnete."
Ke bolela le haeba taba e bonahala e sa tlo phetheleha ka pele, Andile o etsa matsapa ohle a hore nnete e be pepeneneng. Hona jwale re ka etsa mohlala ka sebini sa jazz se neng se boele Afrika Borwa empa sa se ke sa atleha ho ntlafatsa dikamano tsa sona le moradia sona. O mong mohlala hape ke wa seotswa se neng se na le kokwanahloko ya EITSI, se neng se boelangwe le mma sona, empa sa boela sa kgutlela mekgweng ya sona ya kgale.
Andile o na le monahano wa hore a hlahise lenaneo la dipuisano bakeng sa batjha kanaleng ya MTV Afrika kaofela. Lenaneo lena o rata le bue ka dintho tse kang HIV le ho ima.
"Ana ke ona mathata ao batjha ba tobaneng le ona," ke yena eo. Ke rata ho ba thusa ka moo nka kgonang, sa bohlokwa ke hore ke bone lenaneo la ka le tswela babohi molemo."
Matla
Andile hape o ntse a lohotha ho theha mokgatlo o tla thusa batjha mathateng a bona a bophelo dintho tse kang bonokwane, morusu, dithethefatsi mmoho le tlhekefetso ka thobalano.
Hape o ntse a sa e lebala temana ya ho lema.
O dutse a arolelana ka sena le Udo eo a neng a kopane le yena nakong eo ka bobedi ba neng ba sebetsa ho YFM. Ha ba ne ba ntse ba tsamaya mmoho, ba ne ba hlokomele hore boiphihlelo ba bona bo a nyalana.
"Ke dumela hore Mmopi ke Yena ya neng a re kopanye," ke yena eo a bua ka monnae. "Ho bohlokwa hore ha le le banyalani le sebedisane."
"Re rata ho aha ntlo Mozambique, re nke le sehlopha sa batjha ba qete beke le rona moo. Re rata ba bone hore ba ka kgona ho tobana le mathata a bona ba le hole le lapeng. Teng ho haufi le Joburg ha o bapisa le Thekong. Re a tshepa hore ba tla thabela ho ba naheng eo e nngwe - hape ba tsebe ho tobana le mathata a ho seolla batho ba dinaheng tse ding."
Andile ha a qeaqee, o a itshepa. "Seo ke ratang hore ba se tsebe, ke hore le haeba o le maemong a feng bophelong kapa o le ho kae lefatseng, o ntse o ka kgona ho lokisa mabaka a hao ntle le mathata.
"Ho ho wena hore na dintho tsa hao o di etsa ka mokgwa o feng. Ke bolela le haeba o eshwa kajeno kapa o na le bokamoso bo tjhabileng."
Andile ho bonahala a na le tjhebelopele.
"Ha ke ne ke le dilemo di robedi, ke ne ke leme sefate sa diperekisi ha nkgono mane Meadowlands. Ke ne ke dutse ke se tshella kamehla.
"Nkgono o ne a qetelle a se a teneha ka lebaka la sona hobane bashebabane ba baahisane ba ne ba tlola terata ho tla utswa diperekise.
"Kajeno bohle ba a se rata hobane se kgona ho etsetsa motho ohle moriti."
Tswelapele le ho etsa dintho tsa hao, o tla bona, qetellong o tla makatsa ba bangata. O dilemo di 33 mme jwale o se a bona hore tjhe le se le ile matubatsane, ho tlameha le yena a be le bana.
"Dintho tsa rona di tsamaile ka potlako mme re ne re sa tsebana. Seo ke se bonang hohle moo ke tsamayang, ke iponela baimana le masea!"
Hore na Andile yena o tla latela neng, ha ho mang ya tsebang. [s]
Peo ya tshepo
BONA SESOTHO - October 2007
"Jarete ya ka e ntle haholo - e ka ntlhahisetsa ditholwana le meroho," ho rialo Andile Carelse.
u
t
BONA SESOTHO - October 2007
Thuso ya ho thusa ba mathateng
"Re tlameha ho jala difate tse ngata - ke bolela tsa moriti le tsa ditholwana," ho rialo Andile.
