sotho.2.left-handed
BONA - August 2005
DI NGATA ditsela tsa ho ba leqele, empa he ho ka thwe ngwana ke leqele haeba a sebedisa leqele dinthong tsohle jwalo ka ho ngola, ho ja, ho akgela bolo, ho itsukunya, ho kama kapa hona ho phahamisa letsoho ka phaposing ya borutelo. Ho ba leqele ho bolela le ho sebedisa leihlo la leqele ha o sheba dinthong tse kang telescope kapa khamera esitana le ho beha mohala tsebeng ya lehlakore la leqele.
Athe hape ho na le batho bao e leng maphathe, ba kgonang ho sebedisa matsoho ka bobedi.
Hobaneng re tswalwa re le maqele"
Ntle le dipatlisiso tse itseng, e ntse e le pharela hore hobaneng dipersente tse 15 tsa batho lefatsheng ba tswalwa e le maqele. Hangata sesosa sa hona ke lefutso empa hoo ha ho bolele hore ha batswadi bobedi e le maqele, bana ba bona bona ha ba no ba maqele.
Mafahla, a ka hlaha le leng e le leqele, le leng lona le sebedisa le letona. Maqele a banna a mangata ho phetilweng habedi ha ho bapiswa le a basadi.
Bana bao e leng maqele ba ka kgothaletswa ho sebedisa le letona"
Hohang! E seng jwalo! Ho etsa jwalo, ke ho hlekefetsa!
Seo batswadi ba bana bao e leng maqele ba tlamehang ho se tseba
Bana bao e leng maqele ba hlahella ba sa tlwaeleha setjhabeng hobane batho ba na le tumelokgwelana ya hore lefatshe lena ke la batho ba sebedisang letsoho le letona. Ho etsa mesebetsi e bobebe jwalo ka ho sebedisa sebula dikotikoti, ho betla dipene, ho sebedisa sekere kapa yona thipa, e ba ntho e sa tlwaelehang jwalo ka ha tseo tsohle ba di etsa ka leqele. Ha o ruta ngwana ho tlama dintho tse kang maqhwele a dieta kapa yona thae, ema ka pela hae a tle a tsebe ho bona hantle seo o se etsang, a latele ditaelo hantle.
Se tlamehang ho tsejwa ke titjhere
Bo bong ba mathata a tobanang le maqele, ke ho ithuta ho ngola. Ke ntho e tlwaelehileng hore ha ba ngola ba dule ba sekamele ka ho le letona, ba behe pampiri ka leqeleng, ba e sothe hanyane e leke ho sheba ka ho le letona. Pene yona ba e tshwarella hojana le ntlha ha ho bapiswa le ba sebedisang le letona e le hore ba tle ba tsebe ho bona moo ba ngolang.
Dikere di a ba sotla batho ba mofuta ona hobane ha ba kgone ho bona moo ba sehang teng. Dikere tsa batho bao e leng maqele di a fumaneha mabenkeleng a rekisang dintho tsa ho roka.
Ha o ruta ngwana dintho tse kang ho tlama marapo, o tlameha ho ema ka pela hae a bone seo o se etsang le tsela eo o etsang ka yona. Leqele ha le roka kapa le loha, le qala ka leqeleng le lebise ho le letona, ka hoo, ho tla ba boima titjhereng e sebedisang le letona ho "ruta motho ya jwalo." Le metjhine ya ho roka e ahetswe batho ba sebedisang letsoho le letona.
Metjhine ya dibetli tsa mapolanka esitana le e meng, e ahetswe ho sebediswa ke ba sebedisang le letona mme le dikonopo tsa teng di etsa ba sothehe ha bohloko. Batswadi le dititjhere ba tlameha ho tseba diphephetso tse tobaneng le bana bao e leng maqele, empa he ha se seo ba tlamehang ho ingongorehisa ka sona hakalo. Tse monate ke hore maqele a hlooho e bonolo dithutong. [s]
BONA SESOTHO - October 2006
Ha ho LERE LEBE ka ho ba leqele
Hara dintho tseo o ka di etsang, ke ya ho qetela ya ho qobella ngwana eo e leng leqele hore a sebedise letsoho le letona...
pale ka LYDIA LUTHULI
setshwantsho ka GREAT STOCK!
Seo batswadi le matitjhere ba tlamehang ho se tseba
BONA - August 2005
