sotho.2999.legless man
Hobaneng o sa tlameha ho lahla tshepo
O hatela hodimo!
pale ka DAVID MACGREGOR
ditshwantsho ka @LIVEWIRE MEDIA
RAYMOND NAKO o hopola nyakallo ya dilemong tse 40 tse fetileng ha a ne a fumana mosebetsi morafong wa mashala mane Newcastle. Mesebetsi e ne e le siyo mahaeng a Mount Coke haufi le East London mme jwalo ka banna ba bang, Raymond le yena a tela lelapa la hae, a ya sebetsa hole, a bona ba lelapa la hae ka Keresemese feela.
Ho ne ho le boima, motho a sebetsa dihora tse 12 ka letsatsi, matsatsi a tsheletseng ka beke mme o amohele R3 ka kgwedi eo o neng o tlameha hore o romelle mosadi le bana lapeng ho yona.
Ditoro le merero yohle eo Raymond a neng a na le yona, e ne e fetohe lefeela la mafeela mohla a lemalang moo morafong ka 1968...
"Ke ne ke le monyane ke le mohlankana ya dilemo di 25 ka nako eo. Merero yohle ya ka e ne e fetohe lefeela la mafeela ha thepa yohle e neng e le motjhining e ne e nkwela hodimo, mme ka tlameha ho pongwa maoto bobedi."
Raymond ya neng a sa tlwaela bophelo ba ho ba seritsa, o ne a qete nakwana a le sepetlele ka mora kotsi eo pele a iswa lapeng ka bese moo ba lelapa la hae ba neng ba tshohe haholo ha ba mo bona - o ne a nehwe pei ya ho lemala ya R969,36 mme a nehwa e nngwe ya kgwedi le kgwedi dilemo tse tharo.
"Ke ne ke ye moo morafong ke le refolahadi ya mohlankana, empa ka kgutla ke se ke sa tsebe le ho tsamaya. Ke ne ke kgona ho itsamaela ka bolokolohi le banna ba bang, empa jwale ke ne ke se ke kgutletse bongwaneng," ho rialo Raymond. "Ke ne ke leke ho amohela maemo ao ke neng ke le ho ona, empa ho ne ho le thata le ka lapeng. Empa ha nkaba ka tela."
O ne a qetele motse wa hae ka tjhelete eo, a itlosa bodutu ka ho itemela jareteng ya hae.
Empa itse hobane ke kgutle le R12 ya ho qetela ya pei ya ka, ka 1971, dintho tsa fetoha - mohatsaka ke ha a tlama thoto a tsamaya le bana.
"Ene e re hoba pei ya ka e fele, le lelapa la ka le lona la fela," ke yena eo.
MONNA enwa wa seritsa o sa tswa thusahala jwalo ka ha diritsa tsohle di nehwa thuso ya dieta tse thibelang ho phumoha ha dikutu tsa maoto a bona. Tsa Raymond di ne di phakise ho tsofala mme a ba a tlameha ho di sireletsa ka mabidi a koloi ao a neng a sebedisa dilemong tsena tse 37 tse fetileng.
Empa leha ho le jwalo, ha ho hobe hakalo, Raymond o na le ntlo, jarete le nkgonwae mme tsena kaofela di mo etsa a dule a le maphathephathe.
Ka 1984, nkgonwae o ne a hlokahale mme jwale a sala a le mong moo ntlong eo e neng e se e wa. Dilemong tse 21 ka mora moo, Raymond ha a ka ba a lahla tshepo.
"Ha ke ne ke dutse ke le mong ke na le bodutu, ke ne ke lora, ke be le thapedi ho Modimo ya hore ho etsahale mohlolo wa hore ka le leng le nna ke boele ke tsebe ho tsamaya pele ke eshwa. Seo haesale e le toro ya ka ya kamehla."
Ebile hona selemong sena ka Phato ka mora dilemo tse 37 nakong eo toro ya Nako e phethahalang nakong eo a neng a fofisetswa Joburg moo a neng a ilo kenyeletswa maoto a maiketsetso a bitsang R110 000.
Monna enwa ya sa foseng kerekeng, pula ena kapa ho tjhesa, thuso o e fumane nakong eo e mong wa ditho tsa kereke ya hae a buang le e mong wa ditho tsa mokgatlo wa diritsa o bitswang Amputee Club Of South Africa ka mathata a monnamoholo enwa.
DILEMONG tse tharo mokgatlo ona o thehilwe, o se o thusitse batho ba mahaeng ba fetang 2 000, ho ba kenyeletsa maoto a maiketsetso, ba thuswa ho fumana ditjhelete tsa bona mesebetsing esitana le yona pei ya mmuso ya ho holofala. Ba se ba thusitse batho ba bangata ba neng ba se ba lahlile tshepo.
Raymond o ne a etelwe ke Charl Beukes, wa Amputee Club ka Pudungwana 2004 mane lapeng la hae, Mount Coke. "Leha a ne a se a dula dithakong, motse wa hae o heleha, empa o ne a sa lahla tshepo hohang bophelong," ho hopola Beukes.
"Leha a ne a dula sebakeng se futsanehileng, empa o ne a sa ipeha fatshe, o ne a sebedisa kelello, a sebetsa jareteng ya hae."
Raymond ya seng a le bolelele ba mitara e le nngwe feela, o ne tswe motseng wa habo lekgetlo la pele ka mora dilemo tse 40 kaofela nakong eo a neng a leba Joburg ka Phato ho ya kenyeletswa maoto a maiketsetso.
O ne a kgutlele lapeng dibekeng tse pedi ka mora moo a hatela hodimo ka diteki tsa hae tse ntjha tse tshweu.
O ne a theohe sefofaneng ka nyakallo e kgolo mane East London, menyepetsi ya nyakallo e keleketla mahlong, a dumedisa metswalle le ba lelapa ka thabo e kgolo. "Le nna kajeno ke kgona ho tsamaya jwalo ka batho bohle. Ke tshwana le batho ba bang."
NAKONG eo Raymond a neng a le siyo, Beuke o ne a buisane le diakgente tsa matlo tsa moo East London, a ba kopa hore ba mpe ba ntjhafatse ntlo eo ya Nako.
"Ha nka ba ka kgolwa," ke yena eo. Ke ne ke nahane hore ke fihlela sebakeng se sele! Ho ne ho tshwana leha ke ne ke na le ntlo e ntjha e neng e tla tshwantshetsana le maoto ao a ka."
Maoto ao a entswe ka titanium, mme a ba le mmala o tswanang hantle le lebala la hae.
Monnamoholo enwa o re o a tshepa hore ka mora bodutu ba dilemo tse kana, haufinyane o tla fumana Mof Nako.
Qetellong, kajeno o se a tseba ho shebana le abutiae, Mnyekeni, ka mora dilemo tse 40 kaofela. Kajeno o se a tseba le ho araba ha bana ba botsa hore: "Ekaba ke yena ntate eo""
Leha a ne a tshaba ho palama sefofane, empa ka mora moo, Raymond o ne a lebe Joburg ho ya leboha ba ha Amputee club, a bile a bolella le ba bang ka molemo wa mokgatlo ona.
Ntho eo a neng a e hopola ha a ne a le siyo lapeng, ke jarete ya hae ya meroho.
Kajeno o se a tseba ho ema hantle ka maoto a hae pakeng tsa dijalo tse kang sepinatjhe, beetroot, eie, pelepele le mokopu mme ha a lebale ho bolela hore ena ke yona jarete e neng e mo thusa ho ka iphedisa.
"Ke motlotlo ka seo hobane ho hlakile hore nke ke ka lapa Mmopi a ntse a mphile diatla tse pedi, mmele le kelello," ke yena eo.
"Lelapa la ka le ne le ntahle mme ka sala le jarete ena feela, ya eba yona lelapa la ka. Mohlomong seo se tla fetoha jwale." [s]
@LiveWire Media
BONA SESOTHO - December 2005
Keresemese e phakisitse ho fihla ho ntatemoholo enwa ya neng a pongwe maoto ka bobedi mane morafong mme a dula e le seritsa dilemo tse 37 kaofela...
KA HO LE LETONA: Maoto a matjha a Raymond, a ntjhafaditse bophelo ba hae.
KA HO LE LETSHEHADI: Metswalle ya Raymond e thabile le yena. Ya nang le bona ke Charl Beukes wa ha Amputee Club.
KA HODIMO: Ka moo dintho di neng di le ka teng pele ho etsahala "mohlolo" ona - leha bophelo ba Raymond bo fetohile, empa o ntse a e rata jarete ya hae ya meroho.
BONA SESOTHO - December 2005
u
BONA SESOTHO - December 2005
t
KA HODIMO: Maoto a matjha a Raymond a entswe ka titanium a ba le mmala o tshwanang hantle le letlalo la hae - basadi ba bile ba rata ho a thetsathetsa.
"Ke ne ke sa kgolwe."
