sotho.2998.rwanda
Mmila o mong wa Kigali matsatsing ana. Haufinyane ho ne ho tshabeha ho tletse ditopo hohle.
MATUTSI a ne a nkwa jwalo ka makokorotjhe, a neng a lokela ho bolawa. Mmuso le ona o kgothatsa o bile o amohela Machete ka hare ho naha ka lenyele. Diradiong ba bitswa ka hore ke 'lehola le makokorotjhe' a lokelang ho ntshwa ka hara setjhaba.
Diradiong ho phatlalatswa le mabitso a batho ba lokelang ho bolawa mmoho le dibaka tseo ba dulang ho tsona - e le lethathama la mabitso a neng a hlophiswa jwalo maqalong a kgwedi.
Ka Mmesa 1994, ha dipolao tsena di ne di qala, Jacqueline Nyiramayonde o ne a dula Kigali. Yena le mora le moradi, ba ne ba ipate ka dikhateboteng ha moahisane. Ba hapelwa thepa. Jacqueline le monnae le lelapa lohle ba phela ka ho ipata dilemo tse tharo kaofela. Ka 1998, motse wa bona wa ripitlwa mane Kigali, Ba kgutlela mahaeng a habo bona Nyamata. Dilemo tse tharo ka mora moo ho ne ho ntse ho tletse ditopo hohle.
"Dikgaitsedi tsa ka tse tharo le bana beso ba babedi ba ne ba bolawe," ho bolela yena. "Malome a bolawa hong le bana ba hae kaofela. Monnaka a bolaelwa bana babo. Ra fellwa ke tshepo ka hohle."
Empa ba phonyoha mme Jacqueline o re ba lehlohonolo. "Malapa a mangata a ne a ripitlwe ha ho mang ya tsebang le moo ba neng ba patelwe teng," ho ngotswe jwalo polokelong ya dintho tsa kgale e Kigali. "Mebila e ne e tletse ditopo. Dintja di tsamaya di eja dinama tsa batho Rwanda e ne e shwele."
Polokeho
Sebaka sa polokeho se sa ntse se le teng le kajeno ho paka diketsahalo tseo. Ekare ho etsahetse mohlolo toropong ena ho ya ka moo makasine ya Time e bolelang ka teng, e rehile toropo eo hore ke, "naledi e ntjha ya Afrika."
"Toropo ya Kigali, e a makatsa ha o hopola ka moo e neng e le ka teng dilemong tse 13 tse fetileng, e tletse ditopo tse tshabehang," o boletse jwalo moqolotsi wa ditaba, Kevin Whitelaw, ya neng a etetse US News haufinyane.
"Kajeno, mebila e hlwekilwe." Re leboha mmuso ka ho hatella hore e dule e hlwekiswa mme hang ka kgwedi, ho tswa le matona a palamente ho ya thonoka dipampiri. Dintho tse ding di sa ntse di hloka ho lokiswa - diboroto ha di so sebetse - empa ho dumelwa ha Kigali e bolokehile haholo Afrika.
Tlasa puso ya Presidente Paul Kagame, mmuso wa Rwanda o totobaditse maikemisetso a ona hantle - a ho theha setjhaba se le seng se kopaneng.
"Rwanda e tla pele ho latela Mahutu le Matutsi," ha re etsa mohlala," ho ya ka moo Fatuma Ndangiza, mookamedi wa Matjhaba a Kopaneng Le Komishene ya Poelano a bolelang ka teng. Hape Rwanda e ikemiseditse ho ba tikoloho ya dipuisano le dikhomputara," e be pulamadiboho ka kgokahano kontinenteng ena.
"Re tla ba mekokotlo wa tikoloho ena," ho bolela Romain Murenzi, letona la tsa saense le tegniki. Ha dintho di ka tsamaya hantle,
Rwanda e tla ba mohlala dinaheng tse ding tsa Afrika. Mmuso wa teng o tlotlwa ka botshepehi, bohlale le ho hloka bobodu.
Tshabo
E fedile. Leha mmuso o kgonne ho lwantsha Matutsi a mmalwa, ha ho dipolao tse kgolo mme hape e ne e le dikgohlahano tsa batho ba itseng. Batho ba ne ba dutse ba tshwere dibetsa, ba bolaya baahisane ba bona, dingaka di bolayana, barutwana ba bolayana mme ka nako e nngwe baruti ba thusa batho ho bolaya Matutsi diphuthehong tsa bona.
Kereke ya Nyamata e ne e tletse madi maboteng moo masea a neng a kgahlamanngwa teng. Ho na le mekotla e tletseng mahata a batho, le masapo. Ho fedile dilemo tse 13 jwale empa batho ba sa ntse ba kopana le ditopo hohle moo ba tsamayang ho ya ka e mong wa baahi.
Nyamata, ke se seng sa dibaka tseo e neng e le tsa Matutsi feela mme ke hona mona moo ho neng ho bolawe batho ka sehloho - mafelong a Mmesa 1994, motho a le mong hara ba leshome moo o ne a bolailwe ke Interahamwe, sesosa sa Mahutu.
"Bontate ba Mahutu ba bolaya bana ba bona hobane ba ne ba tshwana le bommabona bao e leng Matutsi," ho bolela Presidente Kagame. "O ka re keng ntho eo""
Empa Matutsi a mangata a tshaba mmuso wa Kagame o a thibelang hore a iphetetse. "Ke bona eka ba ntse ba belaela," o boletse jwalo a buela fatshe. Ho mpefatsang maemo ka ho fetisisa ho ntse ho belaelwa hore ho bolailwe batho ba fihlellang ho 90 000 mme ba bang ba tjhankaneng, le ditsebi tsa Dinaha tse Kopaneng tse lwantshang bonokwane di hloleha ho e rarolla ena pharela.
Ho na le dinyewe tse ka hodimo ho tse 750 000 - ho tloha ho tsa peto, ho ya ho tsa ho utswetswa ka mahahapa - tse so kang di buuwa. Mmuso o bile e kgetha hore tse ding tsa dinyewe tsena di buuwe makgotleng a marena a bitswang gacaca.
Baahlodi ba kgethwa ke setjhaba, bohle ba dumelletswe ho ya mamela dinyewe. Ha ho toka moo empa leha ho le jwale, mahlatsipa a fumana monyetla wa ho tseba se neng se etsahale ka bang ka bona. Empa motho o kgojwa maikutlo jwang ka mora moo"
Babolayi
Kevin Whitelaw o ne a bolaelwe batswadi le bana babo ba supileng. A botsa mmolayi wa ntatae tjhankaneng lebaka le neng le etse hore a mmolaye, a etsa seo e le karolo ya poelano. "Ke mmolaile hobane feela e ne e le Motutsi." Ha a bone letho le phoso ka seo a se entseng, ke ka hona a sa kopeng le tshwarelo.
Polasing ya Imakulata Mukankundiye, baahisane ba ne ba kene ka sheshe palasing, ba ntshetsa lelapa leo lohle kantle mme ba tjhesa matlo. Ba kgaola dikgomo kaofela diqoqotho, ba kwetela monnae eo e leng wa leloko la Matutsi le bana ba hae ba bane.Yena a pholoha hobane feela e le Lehutu mmoho le baradi ba hae ba babedi. Ba ya ba notlella ka kerekeng. Masole a Mahutu a akgela bhomo moo kerekeng, yaeba larita.
Mukankundiye a shwellwa ke ditho tse 17 tsa lelapa. Kajeno bongata ba banna ba neng ba ripitle lelapa la hae, ba ne ba ipolele setjhabeng mme ba iphelela ka bolokolohi.
"Leha ho le jwalo, ha ho le ya mong wa bona ya kileng a kopa tshwarelo ho nna," ho bolela Mukankundiye. Empa o re ba bang ba bona ba kile ba tla polasing ya hae ho tla kopa mosebetsi!
"Ke shwetswe ke lelapa lohle la ka mme ke tlameha ho hira," ho bolela Mukankundiye. "Ha ke a lokoloha hohang empa mmuso o re kopa ho boelana, re tshwarelane. Ha ho boikgethelo." Seo ke tlamehang ho se etsa jwale, ke ho shebana e tjhai feela...
Tjhai e bohlokwa mosading enwa ya dilemo di 50 eo hape e leng moemedi wa Rwanda e ntjha.
Tswelopele
Kofi ke yona semela sa bohlokwa naheng ena, 40% ya yona e kutulwa dipolasing tsa Rwanda. Dintlafatso tsa metjhini ya ho e sila di entse hore kofi ya Rwanda e be e nngwe ya tse pele ka ho fetisisa lefatsheng. Jwalo ka ha dinawa di bitsa haholo Amerika le Britain, Mukankundiye o iketsetsa phaello e ntle leha e le hore o na le difate tse 250 feela tsa kofi.
Mmuso o batla ho thusa le boraposi ba bang ba tee hape o beile leihlo kgwebong ya dioli tsa ho etsa dinyanyatsi. Ho boetse hape ho na le sewa sa EITSI.
Bakudi ba EITSI ba Rwanda ba ballwang ho 35 000 kaofela ha bona ba nwa dipidisi tsa di-antiretrovirals," ho ya ka moo Alex Perry wa Time a bolelang ka teng.
Mmoho le Zambia le Kenya, Rwanda ke e nngwe ya dinaha tse mmalwa tsa Afrika tse bileng le katleho e kgolo ya ho fokotsa tshwaetso ya HIV ho ya ka Michael Gerson wa The Washington Post.
Tlhaselo ya HIV e se e tsamaya ka 3% jwale. Rwanda e boetse hape e etsa matsete batjheng. Bongata ba dikolo tse phahameng di se di ena le dikhomputara tse ka bang 10 bonyane tse nang le Internet mme dilemong tse hlano tse latelang tseo, ba tla be ba ena le di-laptop tsa bona.
Batjha ba rutwa ho ikemela. Marguerite Mukasine (22) le batjha ba bang ba 29 ba na le polasi ya kofi, ba kopana hang ka kgwedi moo ba buisanang ka ditaba tse fapaneng tse kenyeletsang le EITSI le poelano.
Kaofela ke mahlatsipa a dintwa. Mukasine o shwetswe ke bana babo ba bararo ka 1994. E mong wa babolayi o ne a kope tshwarelo batswading ba hae, ba mo tshwarela.
"Ha ho motho ya nang le pale e monate ya bophelo naheng ena," ho bolela yena.
Empa leha ho le jwalo o hatella hore sena se ke ke sa hlola se etsahala hape. "Re ke ke ra pheta diphoso tsena tsa batswadi ba rona."
Tshebedisanommoho
Ntho e nngwe feela e sa ntseng e le tshitabaholo, ke bofutsana.
Ferdinand Sinzabakwira ke lesole la Mohutu le seng le tswa thuswa ho lokiswa semelo mme o makaditswe ke ka moo a neng a tshwarwe hantle ka teng mme mohlomong o tiile ha a re: "Mathata a naha ena a maholo ke bofutsana e seng Botutsi le Bohutu."
Athe Jacqueline yena mane mahaeng o fumane dikgutsana tsa ba bang ka leloko la habo mme o a di hodisa. "Ba entse hore ke be le tshepo ya bokamoso. Ke sebetsa le bona" o boletse jwalo.
O butse lebenkele le lenyenyane mmoho le sebaka sa ho baka bohobe le sa ho roka. Monnae o sebetsa polasing, o lema poone, mabele, patata le khabetjhe mme hape o ruile le dikgomo tse pedi. O qadile ka 2005, ho dula makgotleng a gacaca. "Bokamoso ba bana ba rona bo tla ba betere," ho bolela Jacqueline. "Rwanda e tla lebala ka tsa kgale, e shebe bokamoso bo botle." [s]
Rwanda e ikaha botjha
Ho ntlafaditswe mekgwa ya temo mme ke ka hona kofi ya Rwanda e seng e ratwa lefatsheng lohle jwaloka ha naha ena e intsha mahlokong a dipolao tse tshabehang tseo ekileng yaeba le tsona.
Ke motsemoholo wa toropo ya Afrika e bolokehileng le matona a mmuso a boloka mebila e hlwekile, kofi ya teng ke e theohang le madi ha monate - boramapolasi ba teng ba eme ka yona - ho thwe dilemong tse hlano tse tlang, morutwana ka mong o tla be a ena le khomputara ya laptop...
pale ka ISAAC KWELA
Ba ikoka maqeba
u
t
'Mathata a maholo naheng ena ke a bofutsana, e seng Bohutu le Botutsi. Boradipolotiki ba ho sebedisa feela ho sireletsa mmuso wa bona'
Dipolao tse tshabehang di sa ntse di hlobaetsa batho ba Rwanda.
Mabitla a Nyaza, kantle ho Kigali, moo ho neng ho patwe teng diketekete tsa batho ba neng ba bolawe.
Ba motlotlo ka tjhai ya bona e ntle mme e bapatswa mmarakeng wa Kigali, hona ke tshepo ya hore Rwanda e tla hantle.
u
t
Mohlodi wa dipolao tsa batho
Ha ho motho ya tsebang hantle hore dikgohlahano tsena tsa serabe di ne di qale neng le hona jwang. Empa Belgium e busitseng Rwanda dilemo tse 40 kaofela, e ne e mpefatse maemo ka ho kgetha nku pereng.
Eitse ha ho kena tokoloho mafelong a dilemo tsa bo 1950, Belgium ya tjhentjha ya tshehetsa baetapele ba Mahutu. Ka 1959, dinokwane tsa Mahutu tsa nka thepa ya Matutsi ka mahahapa tsa ba bolaya mme diketekete tsa eba baphaphathehi.
Ka mora tokoloho ka 1962, mmuso wa Mahutu wa tswelapele ho hatella Matutsi hona hoo le bana ba bona ba neng ba lelekwe le dikolong ba tingwa le menyetla ya mesebetsi mmusong.
Matutsi a neng a se a balehile, a theha mokga wa Rwandan Patriotic Front, sesole se neng se batla ho ketola mmuso wa Mahutu. Ka 1993 ha eba le dipuisano tsa kgotso tse neng di se na botsitso hohang.
Bosiung bo bong ba mohla la 6 Mmesa 1994, sefofane se neng se palangwe ke Presidente wa Rwanda, Juvenal Habyarimana, wa Mohutu ya neng a sa pate lehloyo la hae setjhabeng sa Matutsi sa thunngwa.
Boraditaba ba laolwang ke Mahutu ba nyatsa Matutsi ka ketso eo leha ho ne ho ena le bopaki bo totobetseng ba hore ke Mahutu a neng a tseka puso.
Leha ho le jwalo, dipolao tse sehloho tsa tswelapele mme ya ba ba se ba fumana seo ba itshireletsang ka sona.
Yaeba masisapelo le ditsikitlano tsa meno ka mora moo...
Polokelong ya dintho tsa kgale mane Kigali, lehlatsipa la dipolao tse tshabehang tsa 1994 le sheba ditshwantsho tsa kereke eo Mahutu a neng a bolaele batho ba ka hodimo ho ba 5 000 ho yona.
