sotho.2993.scandal
Thandeka jwale o a tjhentjha!
Nthati o tswa ho Home Affairs o leba ho Scandal - moo a ilo bapala karolo ya sehlola se tshabehang!
pale ka DOUG GORDON
KE DILEMO tse 12 jwale a qadile ho ikahela lebitso difiliming tsa matjhaba, empa Nthati Moshesh o sa ntse a kganna koloi e nyenyane hape o hirile folete Joburg. Empa karolo ya hae e ntjha - eo a tla e bapala ho Scandal - e tla etsa hore boradifeshene ba mathe ka mora hae. Babohi ba kgahlwa ke basadi ba kgohlahetseng. "Ke tla be ke qala ho bapala karolo ya bohlola ho TV mme ke ikemiseditse ho e bapala ka bokgabane bo boholo," ke tshepiso ya Nthati eo. E tla ba makgwebo, Mo Molefe eo ho tla dula ho emetswe hora le motsotso feela hore ho utulohe bobodu ho Scandal ka 2007.
Nthati o re: "Mo o qala e le moeletsi wa profeshenale ya kgahlang. Empa leano la hae la bonokwane la sephiring le tla kenya ba bang kotsing." Nthati o re o lakatsa ho etsa difilimi - mme o re o bapala difiliming feela ho ithabisa. O ne a tswe filiming ya hae ya pele ya marato, Egoli, a batla ho kena ho The Long Run - e be motjha ya batlang ho kenela ditlhodisano tsa lebelo la Comrades - e sa ntse e bontshwa ho TV le jwale lefatsheng lohle.
Ka 2002, a tlohela ho bapala ho 7de Laan ha a kgathala ke karolo ya bongaka. "Ha ke sa natefelwa ke mosebetsi, ke a o tlohela," ho bolela yena.
MO MOLEFE ke karolo e monate haholo hobane e fapane hole le bophelo ba Nthati ba nnete. "Ha ke motho ya ratang medumo, ke mme ya sa nyalwang. Ke kganna koloi e nyenyane, ke boloka sente ka nngwe bakeng sa thuto ya moraka, Sabelo. Ha ke akanyetswe diaparo tse ikgethang.
"Mohlomong ke tla tjhentjha - ke na le tshepo. Haufinyane ha ke ne ke eya moketeng wa dikgau, ke ne ke tenne seaparo se bitsang R1 000."
Ho fihlella jwale babohi ba kopanang le yena mebileng ba mo bitsa "Thandeka" - karolo eo a neng a e bapala ho Home Affairs, e leng yona e kgolo pele a fumana ena ya Scandal.
Thandeka e ne e le motjha eo ba lelapa la habo ba neng ba fane ka lesea la hae, eo jwale a iphumanang e se e le mookamedi wa Mokgatlo o seng Tlasa Mmuso.
Ka 2006, a kopana le moradi wa hae eo le yena a neng a se a hodile, Katleho (Lerato Moloisane) ebile karolo e neng e hlomole babohi ba bangata hobane ke se etsahalang maphelong a batho ba bang. Mesebetsi ya Nthati e mengata hona hoo ka nako e nngwe a qetellang a se a sebetsa mmoho le Lerato meketjaneng e meng.
"Re metswalle," o boletse jwalo ka pososelo. "Re be re tsamaisane ho ya meketjaneng mme sena se etsa hore karolo ya rona ya TV e totobale haholo. Thandeka o ratwa haholo ke basebetsi ba dikitjheneng, basadi bao hangata ba sebetsang hole le bana ba bona ka nako eo ba hodisang ba bahiri ba bona.
"Batshehetsi ba Home Affairs le kajeno ba sa ntse ba re leboha ka ho ba bula mahlo." Batshehetsi bao ba tla boela ba bona lehlakore le leng la bokgoni ba mosadi enwa ho Scandal e le Mo Molefe.
"Ha ke kgone ho iphapanyetsa dikarolo tseo ke di bapalang ho TV," ho bolela Nthati. Ha ke sa kene bophelong ba motho eo nke ke ka tseba ho bapala karolo ya hae ka bokgabane."
Ntho e tshosang ka Mo ke hore ke mosadi ya makatsang le ho feta ledimo le ikemiseditseng ho kwenya ntho yohle. O kotsi haholo hobane o atamela mothong ha ho ena le seo a se batlang feela," ho bolela yena.
"Ha ke mabotle. Ke ne ke hlola ke nahanne hore ke shebahala jwalo le ho TV. Sena se nthusa hore ke sebetse ka thata ho kgahla babohi. Ha ho tsela e kgaoletsang, ke a ikwetlisa, ha ke tsube, ke se ke bapala kolofo jwale hore mmele wa ka o dule o shahlile."
Ba bapalang dikarolo tsa bohlola ho TV, ekare ditho tsa sehlopha se itseng - mme ba ratwa haholo ke babohi, ba qetelle ba bona ekare ke tsela eo ba phelang ka yona eo.
Ntsiki Lukhele ebile yena wa pele - o ne a bapala ho Generations.
Karolo eo e ne e fetole Pam Nomvete naledi - mme hape a boela a tshoswa ka ho bolawa. "Nke ke ka theola maemo hohang," ho bolela Nthati. "Empa bophelo ba Mo ha bo a lokela ho ama ba ka. Bo tla fella ho TV, bo se fetele hohang lapeng."
Leha ho le jwalo, ha ho bonolo, hobane Nthati o nyefolwa haholo ke lelapa la habo - haholoholo ntatae.
"Ke monna ya nang le melao e thata e sa tjhentjheng. O bona karolo eo ke e bapalang ho TV ekare ke bophelo ba ka ba nnete.
"Athe mme yena ha a jwalo, o a utlwisisa hore ke a bapala.
"O thabela ho mpona ke bapala ho TV leha ke bapala karolo eo a sa e rateng. O a utlwisisa hore ke a sebetsa mme ke tla kgona ho ithekela dijo le ho lefa rente." [s]
BONA SESOTHO - January 2007
"Mo ha a lokela ho kenella le bophelong ba ka hohang. Ke tla mo siya ho TV, ha ke batle le ho mo bona ha ke se ke le lapeng," ho bolela Nthati.
Re bua le Nthati Moshesh
BONA SESOTHO - January 2007
