sotho.2992.BEC success-tips
DILEMONG tse ka hodimo ho 30, Pres Les haesale e ntlafatsa malapa a bareki ba hae ba kgotsofetseng Afrika Borwa ka bophara ka masela a maemong a hodimo a dikamoreng tsa ho robala. Otara ka nngwe e etswa mane fektering ya bona e KAPA.
Pres Les e na le basebeletsi ba fetileng 7 000 Afrika Borwa ka bophara ba thabelang ho rekisa dihlahiswa tsa ha Pres Les mahaeng a metswalle mmoho le malapa a bona athe hape ho na le metswalle ya bona e mengata e seng e ipuletse dikgwebo tseo e leng tsa bona. Bongata ba basebeletsi bana ba qadile mosebetsi wa ho rekisa hona mona ha Pres Les.
Kajeno ba se ba kgona ho fihlela dintho tseo ba neng ba lora feela ka tsona.
Pres Les e o neha monyetla wa ho ntlafatsa mosebetsi wa hao. Ke wena ya ipehelang moputso oo o o batlang. Seo o se hlokang ke nako le tjheseho. Pres Les o o neha dintho tsa ho qala le thupello ya ho rekisa ka ditjeho tse tlase haholo.
Ho bobebe, neha Queenie Sephula dintlha tsa hao kapa o letsetse Pres Les nomorong e sa lefellweng e reng, 0800-002-443 mme bona ba tla o kopanya le lekala le haufi le wena.
Queenie Sephula:
Mohala: 012-805-4730
Fax: 012-805-6905
Cell: 082-468-1024.
BONA SESOTHO - August 2006
PINKY Didibeng o hlahetse mane Soweto mme haesale a ne a qale ho sebeletsa SAICOM ho tloha ha e ne e thehwa ka 1999. Jwale e se e le motshwari wa tsa kamohelo ya baeti athe hape ke yena ya shebaneng le ditlhakisetso tsa bareki.
Ke yena mohaladitwe o hlahellang dipapatsong tsohle tsa mehala ya ha SAICOM. Pinky o re o thabela ho sebetsa ha SAICOM hobane o kgola molemo athe hape o fumana le ho ikemela.
O bile hape o na le dikgwebo tsa hae tse hlano tsa mehala mane Rustenburg. Pinky o eletsa bang ka dikgwebo tsa mehala ya diselefouno tsa setjhaba hore ba hlokomele ba ba sebeletsang dikgwebong tsa bona.
"O tlameha ho ba tshehetsa, o ba nehe bolokolohi boo ba bo hlokang hore ba tsebe ho tsamaisa kgwebo ya hao ka katleho.
"Ba tshehetse ka ho ba dumella hore ba tsamaise kgwebo ka tsela e kang ke ya bona. Mohopolo wa hore kgwebo ke ya hao o atlehisa kgwebo. Ba nehe boikarabelo.
"O tlameha ho rata seo o se etsang," ho bolela Pinky. "Iphumanele wa hao monyetla. Ha ho na le papadi e teng ya bolo kapa ona mokete o itseng, ke ya moo ke kgwaetse mohala wa ka ka lehafing - ke ona molemo wa kgwebo ena. O ya le yona hohle moo o ratang."
MOHLODI WA MOTSHEANONG!
JANE Kgwathisi o qadile kgwebo ya hae ka 2004. O sebeletsa mane Kagiso mme hape o roka dieta tsa letlalo le mekotla mmoho le dikatiba tseo a tsamayang a di rekisa hara metse. Jane o hirile batho ba babedi ka ho feletseng ka lebaka la katleho le bongata ba mosebetsi wa hae.
"Ha ke kgolwe - ke mohlodi!" Jane Kgwathisi o amohela tjheke ho Dorah Ditshwene wa MNO.
Taste the Soul of Africa... Taste Success with Mageu Number 1
Dikgau tse bitswang Mageu Number 1 Small Business Awards di etseditswe ho kgothatsa, ho putsa le hona ho phahamisa dikgwebo tse nyane tsa babadi ba BONA.
Tlhodisano ena e tla nka dikgwedi tse 12 ho tloha ka Mphalane 2005 ho ya ho Mphalane 2006. Bahlodi ba kgwedi le kgwedi ba tla phatlalatswa ho BONA. Bahlodi ba tla phatlalatswa moketeng wa mabenyane mane Joburg ka Pudungwane 2006.
Se lebale ho kgorametsa barcode ya Mageu Number 1 kenelong e nngwe le e nngwe ya hao mme o se lebale ho fana ka dintlha tsa hao.
O tla tlameha ho kenya le dintlha tsa kgwebo ya hao jwalo ka boholo ba yona, sebaka seo e leng ho sona le hore ke ya mofuta ofe.
Diforomo tsa ho kenela mmoho le tse ding dintlha ka dikgau tsena di a fumaneha ho website:
www.empowermentclub.co.za [s]
Jane Kgwathisi
BONA SESOTHO - August 2006
Ho ka e fumana ka fekese - letsetsa ho 011-883-8829.
