sotho.2991.sisstars
SE NKILWE KE DIBONTSHI
KE dilemo di 22 mme ke ratana le monna ya dilemo di 29. Monna enwa o dula le mma ngwanahae leha a bolela hore ha a sa mo rata. Ba ntse ba dula mmoho, leha a re a ka tsamaya leha e le neng feela.
Bothata ba ka ke hore haesale re ne re ratane, ha re so fumane nako e anetseng ya ho ba mmoho.
Jwale o batla ho nnyala, empa ha a so ka a kgona ho kopanya malapa a na a mabedi. Ke nahana hore ho nyalwa ke monna enwa ho tla mpakela mathata a maholo hobane kgarebe ena ya hae e ntetsetse, e nthohake.
Ke na le yena e mong mohlankana, empa ha ke mo rate jwalo ke enwa. Nthuse hle.
Ya kopang keletso
O bonahala o sa thabele maemo ana. O bile hape o a dumela hore lenyalo e ka ba mathata a maholo.
O nahana hore monna enwa o ne a o bolella tsona ka dikamano tsa hae le mma ngwanahae? Yona taba ya hore a se ke a ba le nako ya ho ba le wena, e etsa ke be le kgwao ya hore ho teng seo a o patelang sona.
Empa ka ho le leng, le ntse le etsa ntho e tshwanang hobane le wena o na le e mong motho lehlakoreng. Mohlomong ena ke nako ya hore o lebale ka monna enwa, o shebane le enwa ya lehlakoreng, mohlomong o tla mo rata haholo le yena.
Hopola hape: ha se ntho e ntle ho ba le balekane ba bangata, ho kotsi. Ke ntho o e tsebang eo. O ntse o itlhompha ka ho etsa jwalo? Sena se etsa o se fumane mohlankana ya nepahetseng. Batho ba tla o bua hampe mme mohlankana ya nepahetseng a o qobe.
O ntho di ngata! A ko itekole, o shebe se o tshwanetseng!
Ntate ya hlokang mohau
Ke ngwana wa matsibulo mme ke dula le mme le bana beso. Ntate o ne a re nyahlatse re sa le banyane mme ra hodiswa ke mme, a re kenya sekolo. Batswadi ba hae ba ne ba mo tshehetse mme ba ba ba mo thusa ho fumana mosadi e mong. Ha a re bona, o etsa e ka ha a re tsebe le ho re tseba. Ha a re sapote, o sapota bana ba monna e mong. Re ka etsa jwang ka ntate enwa ya se nang kutlwelo bohloko?
MK, Barkly East
Mo tlohele. Ha ke tshepe hore ntatao a ka tjhentjha ho seo a leng sona, mme ke o eletsa hore o lebale ka yena. Seo o ka ithutang sona ka yena, ke hore wena o be ntate ya hlokomelang bana ba hae ha o se o na le bona.
O tlameha ho ba motlotlo ka mmao hobane o itekile, a le hodisa.
Thobalano e bohloko
Ke dilemo di 22 mme e se e le dikgwedi tse mmalwa ke ratana le mohlankanaka. Re ne re etse thobalano mme ka qetella ke fumane mahloko a neheletsanang ka thobalano. Mooki e mong wa tliliniking, o ne a nkeletse ho etsa diteko tsa HIV mme ka fumana hore ke na le yona. Taba ena e ne e ntshware ha bohloko hobane mohlankanaka o ne a boletse hore yena o phetse hantle. Re ne re qetele re arohane ke taba ena.
Ke fumane mohlankana e mong jwale. Ha nka ba ka mo patela letho, ke ne ke mmolelle sohle.
Yena o bile hlokolosi haholo ka thobalano, a dutse a sebedisa kgohlopo. Ke ne ke se na taba ka sena, empa ke ne ke qetelle ke se ke utlwa bohloko ha re etsa thobalano.
Ke se ke tshaba jwale ho etsa thobalano, ha ke sa e thabela. Ke etse jwang?
Precious, Pietermaritzburg
O tlameha ho hlahlojwa ke ngaka kapa tliliniki hore mathata ke eng.
E nngwe taba, o tlameha ho phuthuloha. Haeba o hwamisa madi, o tla utlwa bohloko thobalanong. E nngwe taba e o ngongorehisang, ke maemo a hao a HIV.
Hape o tlameha ho hlokomela hore na le qala thobalano o tsohetswe hantle kapa tjhe. Haeba le qala thobalano, o so ka o ba metsi hantle, o tla utlwa bohloko le haeba a sebedisa kgohlopo.
Le bonahala ka bobedi le le batho ba nang le boikarabelo - mmolelle ka mathata a hao. O entse ntho e babatsehang ka ho mmolella maemo a hao a HIV.
Iphe nako, o fumane se le etsang hore tsohelwe bobedi ba lona. Ho tla tiisa dikamano.
O qhadile lenyalo
Ke dilemo di leshome ke ratana le monna enwa eo re nang le moradi ya dilemo di robedi le yena. Kgale re wa re tsoha dikamanong tsa rona.
Mathata a ne a qale nakong eo re neng re nka qeto ya ho nyalana. Ka tsatsi le leng o ne a ntjhape, a ba a nteleka hara mpa ya bosiu. Ke ne ke robale kantle mme hoseng a mpolella hore ke tswe ke fele hobane ha a sa rata ho utlwa letho ka nna. O ne a mpolelle le hore a ke ke a hlole a nnyala. Taba ena e nkutlwisitse bohloko, empa jwale ke rata ho lebala ka yona.
TVG, Despatch
Ke bomadimabe hore o sentse dilemo tse leshome le motho mme a tla hlahisa mokgwa wa hae qetellong, nakong e hlokolosi hakana ya lenyalo la lona. Jwalo ka ha o bolela, ena ke ntho e bohloko.
O tlamehile ho utlwa bohloko ke ketso e kang ena, empa ho a kgothatsa jwalo ka ha o bolela hore o ikemiseditse ho tswelapele le bophelo ba hao.
O se lebale, leha le se le arohane, empa o ntse a na le boikarabelo ba ho sapota ngwanahae, ha a ya tlameha ho iphapanyetsa hona.
Monna e mong ha ka
Ke dilemo di 38 mme re ne re arohane le mohatsaka ka mora ho nyalana dilemo tse 12 kaofela. Re na le bana ba babedi mme ke a ba sapota. Ka 2004, ke ne ke tshwarwe mme ka kwallwa tjhankaneng. Mohatsaka o ne a ntse a nketela le bana. Ke se ke tla tswa jwale mme ke mo kopile ho ntshwarela. O fihlile, a mpolella hore o ntshwaretse, empa bothata ke hore jwale o na le ngwana wa monna e mong. Ke tla e dumela jwang taba ya hore monna e mong a nne a fihle ha ka ho tla etela ngwanahae? Ba ne ba emarisane nakong ena re ntse re arohane.
JJ, Middelburg
Mohatsao o o tshwaretse mme o rata le tswelepele hape. O bona seo se se bohlokwa ho feta taba ya monna ya fihlang a tlo sheba ngwanahae ha hao?
Haeba sena se hlile se o ngongorehisa, ho molemo le kopane - wena, mohatsao le monna enwa le bontshane, mohlomong, e ka ba ngwana ya etelang ntatae! Beha tsohle ka thoko, le bontshane! Hopola:
le bua ka ngwana, ena ha se phoso ya hae.
Mo rate leha e se wa hao.
Se etse hore a bone hore o a
mo kgesa, se bue taba ena a le teng. [s]
matla a bophelo
KE KGETHE
monna ofe?
Sis Sarah
o tla araba dipotso
tsa hao mme a o thuse ho thoba pelo e bohloko
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083, Mobeni
4060.
Ela hloko:
Sis Sarah
ha a na bokgoni
ba ho rarolla
mathata a tsa bophelo bo botle.
Naledi ya kgweding ena
Rakgwebo
(o hlahile Pher. 28, 1962)
Ramerafo le radimilione, le monga Sundowns, selemo se tla mo tlela hantle. Yena le bohle ba hlahileng nakong ena le bona ba tla ba le lehlohonolo ho tsa kgwebo. O tla phela hantle haeba o ja ka nepo.
DINALEDI
Dikamano tsa hao di tla o kgotsofatsa haeba o tshepahetse. Ho bobebe ho hlahisa maikutlo a hao hantle mme o tla fumana kamohelo e mofuthu ho ba atamellaneng le wena.
Boithabiso bo tla boela bo natefisa dikamano tsa lona hape. Hlokomela maikutlo a hao mme o tla kgona ho nka mehato e nepahetseng. Bontsha moratuwa wa hao ka moo o mo ratang ka teng.
Wena le moratuwa wa hao le mathe le leleme mme dikamano tsa lona di a tiha. Haeba o se na molekane, bula mahlo, ena e ka nna ya eba kgwedi ya ho mo fumana.
Wena le moratuwa wa hao le tla thabela ho ba mmoho. Haeba o se na molekane, o monyetleng wa ho mo fumana.
Itshepe. Netefatsa hore o shebahala hantle. Bontsha tsela eo o qabolang ka yona. Ena ke mekgwa ya ho tiisa dikamano tsa lona - kapa ho fumana molekane.
Thabisa moratuwa wa hao ka ho ba mosa ho yena, o mo rorise, o mo etsetse dintho tse ntle. Nako ya monyaka ho tsa lerato e o emetse - ithabise ka yona!
Haeba o na le moratuwa, bontshanang lerato, e mong ho e mong. Haeba o ntse o batla moratuwa, o tla mo fumana. Dula o butse mahlo!
Moratuwa wa hao o tla thabela tsela eo o mo ratang ka yona. Haeba o se na molekane, dintho di tla o tlela hantle - e ba le tshepo ditabatabelo tsa hao di ka nna tsa phethahala.
Le thabela taba ya ho ba mmoho. Haeba o se na molekane, etsa matsapa a ho mo fumana. Ntlafatsa tjhebeho ya hao mme o tla kgahla batho ba ka o ratang.
Ena ke nako e ikgethang haeba o leka ho ba le kutlwisiso le ho ba le lerato. Haeba o se na molekane, o tla fumana e motjha ya tla fetola bophelo bohle ba hao.
Ho ba le tjhebelopele e ntle ho tla ntlafatsa dikamano tsa hao. Bontsha ho loka le ho dula o rorisa. Bontsha tlhokomelo mme o tla roriswa ke ba dutseng ba ikgathatsa ka wena.
Dikamano tsa lona di tla ba monate haeba o mamela ditabatabelo le ditlhoko tsa moratuwa wa hao. Qoqang le etse dikamano tsa lona e be tse monate.
DINALEDI TSA HAO
