sotho.298.scandal
Motho ohle o a e etsa
Ke thobalano feela paleng ya Scandal!
Re bua le baratani ba hlanyang ka thobalano ho TV...
RE O TLISETSA ditlabolane tse ntjha paleng e pele e bitswang Scandal ho e-tv e hapang mahlo a dimilione tsa babohi hara beke nakong eo ba sa ntsaneng ba emetse Generations e bapalang ka hora ya borobedi ka phirimana.
Ha jwale se hapang batho ba bangata ka pale ena ya Scandal, ke baratani ba babedi ba barui bao ba dutseng ba tjhenjthana ka basadi.
Lala Tuko, setlabotjha se selelele se setle o bapala karolo ya Paris.
Hugh Masebenza ya manyetse, yena o bapala karolo ya Zuko Zondi.
"Ke balotsana," ho rialo Hugh. "Ba a rera hore ke bo mang ba ratang ho etsa thobalano le bona mme seo ba se etsa ka bonono.
"Se nahane hore seo se ka etsahala ho TV feela - nkile ka bona sena se etsahala kannete!"
Lala le Hugh ba a makala ho fumana ditshwantsho tsa bona di se di fumaneha hohle naheng ena moo ba hlahellang e le dihlola.
Lala ya dilemo di 25, o ne a bapala karolo ya ngwanana ya ditlhong, Khayisa ho Generations ngwahola pele e-tv e mo neha karolo eo a e bapalang paleng ya Scandal.
Ha a ka ba a tlolela hodimo ha a nehwa monyetla ona jwalo ka ha a ne a sa tswa nyalwa a bile a sa tswa ba le moradinyana wa hae, Thandolwethu.
Seo a se etsang kamehla, ke hore ha a qeta mosebetsi wa TV mane studio, o leba lapeng, a fihle a hlape ngwanahae, a phehele lelapa la hae.
"Empa monongwaha ke ikemiseditse ho bapala karolo e pele," ke yena eo. "Karolo ya Paris empa e le mpho jwalo ka ha e le yona e ratwang haholo ke batho.
"Ke tshwana le yena ka ho rata feshene. Paris o a itseba, ka dinako tsohle o dutse a rata ho ikgotsofatsa, ke bolela le haeba a na le monnahae, kapa leha e le mang feela."
Hugh ya dilemo di 34, ke mokaubere o moholo dipaleng tsa TV jwalo ka ha a se a kile a bapala dipaleng tse kang Khululeka, Madam And Eve, Isidingo, 7de Laan le Zero Tolerance, mme ha a na bothata ho bapala karolo ya monna ya ratang thobalano, Zuko Zondi. Ha a le siyo ka pela khamera, o ya hodimo le tlase a hlophisa tsa lenyalo la hae, a hlophisa dintho tse kang mahadi, dimemo esitana le sebaka moo ba tla phomola teng ka mora lenyalo la bona.
Mohlahise Bronwyn Berry o ne a hlahise ka katleho dikarolo tse nne tsa pale ya Gaz'lam ho SABC 1 pele a hlahisetsa e-tv pale ya Scandal ngwahola. Kanale ena e hlile e hohela babohi haholo.
Scandal e ne e qale dikgweding tse 18 tse fetileng, maikemisetso e le ho qothisana lehlokwa le Generations.
O ne a bone hore seo ha se a anela mme a rera ho ntshetsapele pale ena ya Scandal - a kenya karolo ya bophelo bo potlakang ba sebaka sa Newtown sa mane Jozi, moo batho ba teng e leng barui ba tsamayang ka makoloi a majabajaba ba apara diaparo tse matshwao a hodimo mme metse ya bona ke e bitsang ba bile ba rata le ho bala makasine ya dinaledi e bitswang Scandal.
Taba ena ya ho tjhentjhana ka basadi e hlike ke ona mokotaba karolong ena e ntjha paleng ena. Ho na le o mong mohlolo paleng ena wa ramahlale ya kgonang ho buisana le bafu; e leng karolo e bileng e ratwang haholo e bapalwang ke mohaladitwe wa kgarebe.
Ke Paris le Zuko ba etsang hore pale ena e hle e rate ho hlahella ho feta Generations ha re lekola lehlakore la bophelo ba ditoropong. Hugh Masebenza, o bolela hore karolo ya motho ya sa lokang, eo a e bapalang ke ntho e etsahalang kannete dibakeng tse ding. O re hape ha a bone letho le phoso ka karolo ya Paris le Zuko mmoho le baratani ba babedi ba ratang thobalano e leng Samantha le Andrew.
"Ke ntho e etsahalang dibakeng tse pele jwalo ka Sandton," ke yena eo. "Empa taba ena ya ho tjhentjhana ka basadi yona e etsahala le dibakeng tse kang Karoo.
"Dimilione tsa babodi ba sa leng banyane ke ntho eo ba neng ba utlwa feela ka yona mme jwale ke ntho e tshosang ho bona jwalo ka ha ba se ba e bona ka mahlo." [s]
BONA SESOTHO - April 2006
pale ka DOUG GORDON
ditshwantsho ka PETER WHITFIELD
"Paris ya nkehang ha bobebe. O dutse a rata ho ithabisa, a na le monnahae kapa boinotsing ba hae," ho rialo Lala Tuko.
BONA SESOTHO - April 2006 29
Hugh Masebenza o bolela hore karolo eo a e bapalang paleng ena, ke ntho e etsahalang setjhabeng.
