sotho.2984.yourfamily_parenting
BOLOKEHA HLABULENG LENA
Se dumelle hore ho sesa ha lona ho phethele ka masisapelo Keresemeseng ena
HO kgangwa ke metsi ho ka bolaya ngwana pele ho metsotso e mmedi, e le se etsang hore e be mokgwa wa bobedi o bolayang bana ba dilemo di ka tlase ho tse 14. Ka nako ena ya Keresemese - moo re sesang haholo, matamong kapa lewatleng, jwalo ka motswadi, o tlameha ho ba hlokolosi baneng ba hao.
Hlokomedisa ba baholwanyane ka kotsi ya metsi. Ba bolelle hore molao o reng le hore ba tlameha ho etsa eng ha ba le metsing.
Ke tsena tse ding tsa dikeletso tsa ho boloka bana ba hao ba bolokehile.
Letamong la ho sesa
Se dumelle bana ba sese ba le bang.
Se ka matha ha o le haufi le letamo, o ka nna wa thella wa lemala.
Ba se qhomele kapa hona ho suthumetsana ka metsing hobane le haeba le sa teba, ba ka lemala ha motho a ka wela ka hlooho.
Ba se hlafune tjhepisi kapa tsona dijo ha ba sesa hobane ba ka qhwelwa.
Netefatsa hore bana ba se ba hodile ho lekana pele ba ka bapala ka dintho tse itseng tsa ho bapala kapa tsa ho sesa. Ngwana e monyane a ka teba ha bobebe metsing.
Lewatleng
Ba se sese ba le bang le haeba ba se ba tseba ho sesa.
Ba sese moo ho nang le balebedi.
Se qhanolle hohang ha bana ba sesa ka dintho tsa ho sesa, hobane ha di a bolokeha.
Tentsha ngwana diaparo tse mmala o hlakileng hore a tle a bonahale ka bonolo.
Se ka sesa o ntse o enwa jwala hobane ho ba bobebe ho se tsepamise maikutlo ho seo o se etsang.
Sebedisa dikopi le dijana tsa polasitiki bakeng sa tsa dikgalase, hobane di kotsi, ha di ka pshatleha.
Bolella bana ba o bitse kapa ba o phahamisetse matsoho ha ba le mathateng.
Se ka ya lebopong moo ho nang le lehlabathe le entseng ditupi, le ka heleha la baka kotsi.
Dibaka tsa boithabiso tse metsing (Ke moo ho nang le matamo le didiba.)
Haeba ngwanahao a sa tsebe ho sesa hantle, mo apese jase ya polokeho ya ho sesa.
Netefatsa hore bana ba baholwanyane ba tseba seo ba ka se etsang pele ba ka bapalla metsing.
Hlonepha melao yohle e behilweng. Re ka etsa mohlala ka hore moo a tlamehang ho theoha teng, a qale a theole maoto pele.
Hopotsa bana hore ho roba o mong wa melao ena, ho ka ba kenya tsietsing ya ho lemala.
Dinoka, matsha le matamo
Bana ba bangata dibakeng tsa mahaeng ba ntse ba thabela ho sesa dinokaneng. Se ba dumelle hore ba sese moo ho seng motho e moholo ya ba lebetseng.
Ha ho bobebe ho bona se ka metsing. Ho ka nna ha ba le majwe a bohale kapa tsona dikgalase tse ka ba lematsang. Ba hopotse hore ba be sedi.
Ba hlokomedise ka dikgalase le lehola le ka bang ka metsing. Ha ba tshwasehile, ba bolelle hore ba itshwasolle butle butle, ba se tatasele, hobane ho tatasela ho etsa ba tshwasehe haholo.[s]
E qotsitswe: www.olympicswimschool.co.za
Pale: Kamogelo Sebola
BOTSWADI
Se dumelle bana ho sesa ba le bang
