SESOTHO.2980.yourmanfashion
Kgaba ka metsero
FESHENE YA BANNA
Shebahala ka hempe e metsero e dumellanang le setaele le tjhelete ya hao
Hempe e metsero e etsa o bohehe hantle. Ke tsena dintho tseo o ka di hopolang ha o kgetha hempe e metsero.
Kgetha e lebileng tlase:
Hempe e metsero e shebileng tlase e nepahetse hobane e etsa o shebahale o le molelele, o le mosesane.
E be mesesane: Haeba o le motho ya ithatang, ena e tla o lokela. Hempe e nang le metsero e fetanang ka botenya, le yona e ntse e le fesheneng. Ha o se dihlong, o ka e kgetha le e metenya metsero.
E tswake ka hloko: E, o ka apara hempe e metsero le sutu e metsero. Empa o tlameha ho netefatsa hore metsero ya hempe ha e lekane le ya sutu.
Ha o a tlameha ho apara sutu, hempe le kgama, kaofela tse metsero e metenya!
Haeba o ka kgona ho latela dikeletso tsena, o ka kgona ho apara hempe tsa hao tse metsero ka boitshepo.
Setaele: Thato-ya-Ona Lerefolo
Ditshwantsho: Peter Whitfield
Hempe e bolou le bosootho e metsero, e matsoho a malelele (R499), Soviet.
Hempe e tala e metsero, e matsoho a malelele (R390), Truworths.
Hempe e sootho, e metsero, e matsoho a malelele (R790), Carducci.
Hempe e bolou, e matsoho a malelele, e metsero (R499), Truworths.
