sotho.1188.trivia
Monahano o motle!
Japan, batswadi ba lesea le sa tswa hlaha ba fuwa dimpho. Le bona ba tlameha ho fa ba ba fileng dimpho tsa tjhelete e ka tlase ho ya tseo ba di fumaneng. Ka lebaka lena, lebenkele le rekisang reisi, Yoshimiya mane Fukuoka, le sa tswa etsa dihlahiswa tse loketseng dimpho tsena tse theko e tlase: ba na le reisi ya pakana ya boima ba lesea leo mme pakana eo e ba le setshwantsho sa lesea leo hore ba faneng ka dimpho, ba tle ba kgone ho nna ba bona eo ba mo fileng dimpho.
Reisi eo e a jewa, leha ba bang ba sa e rate, ho bolela monga lebenkele la Yoshimiya.
88 BONA SESOTHO June 2008
Bopa lentswe
MAQEPHE A BOITHABISO A BONA
A ko bone hore na ke lentswe lefe ka Senyesemane le tlhaku di nne kapa di hlano leo o ka le bopang ka ditlhaku tse masakaneng. Tlhaku e bohareng (e kgubedu) e tlameha ho fumaneha mantsweng ohle. Tlhaku ka nngwe e sebediswe ha nngwe feela.
DITSHEPE
Ditshepe di fumaneha diphuleng tsa Afrika.
Di phela e le mehlape mme di ja jwang le mahlaku a bonojwana.
Ditshepe tsena di mefuta e mengata. Hara mefuta ya tsona, ho na le tsena tse nang le mahetla a bophara ba 60cm ho ya ho 90cm mme di mmala o mothokwa le bosweu ho be le metsero e metsho.
Mofuta ona wa tshepe o tsebisahala ka ho tlolela hodimo pele o balehela dira jwalo ka ditau le dinkwe.
Mokedikedi wa silivera
Sekete boramahlale ba se bitsa silivera e metsi mme letshwao la sona ke Hg, le tswa lebitsong la Sekiriki la hydrargyrum, le bolelang silivera e metsi kapa se mokedikedi.
Ena ke e nngwe ya ditshepe tse qhibidihang motjhesong wa ntlo.
Sekete sena se sebediswa ho di-thermometer le disebedisweng tse ding.
Sekete se ne se sebediswa haholo ke Matjhaena le Maindia a mehleng ya kgale mme hape se ne se qale ho fumaneha majweng
a mabitla a Maekgepeta ho tloha dilemong
tsa bo 1500BC.
China, India le Tibet, sekete se ne se sebedisetswa ho lelefetsa bophelo, ho phekola esitana le ho boloka motho a phetse. Empa hona ke ho ja tjhefo. China ha jwale ke yona e tswang pele tlhahisong ya sekete.
MATLAKALA!
O ka fokotsa ho silafala ha tikoloho ka ho lahla makotikoti a seno moqomong o sele. Hape ho ka ba molemo ha o ka kgetha seno se pakaneng e nyane. Basebeletsi ba 7 000 ba kantorong, dimpampiri tseo ba di lahlang ka selemo, di fokotsa ho silafala ha tikiloho ka ho tshwana le ho tlosa dikoloi tse 400 mmileng.
Dithaba tse ntsho
Dithaba tsa Swartberg (tse ntsho ka Seburu) di tsikeleditse lehlakore le ka leboya la Little Karoo mane Kapa Bophirima.
Ka leboya ho tsona, ke Great Karoo.
Ho na le makgalo a mangata dithabeng tsena mme le tsebisahalang ho ona kaofela ke le bitswang Swartberg Pass le mathang pakeng tsa Oudtshoorn ka borwa mmoho le Prince Albert ka leboya. Ha o le lekgalong lena, Little le Great Karoo di hlahella hantle.
Bongata ba dithaba tsena tsa Swartberg, di bophahamo ba dimitara tse 2 000, e leng se etsang e be tsona dithaba tse phahameng lebatoweng la Kapa Bophirima. Di boetse hape di namme sebaka sa 230km ka borwa ho Laingsburg ka bophirima pakeng tsa Willowmore le Uniondale ka botjhabela.
Dithaba tsena, di arohane ka mefuta e mmedi: ho na le tse nyane le tse kgolo.
Tsena tse nyane, (Small Swartberg Mountains), di ka bophirima mme di na le tlhoro e bophahamo ba 2 325m ka lebatoweng la Seweweekspoortpiek.
Tse kgolo tsona (Great Swartberg), di ka botjhabela mme ke tsona tse arolang Noka ya Gouritz le ya Gorge. Tierberg, ke yona tlhoro e phahameng haholo ka 2 132m.
Dithabeng tsena, ho fumaneha mahaha a bitswang Cango Caves, a ka leboya ho Oudtshoorn, e leng ona a hohelang bahahlaodi haholo Afrika Borwa.
Karolo e kgolo ya dithaba tsena tsa Swartberg, ke karolo ya UNESCO, polokelo ya dintho tsa tlhaho ya matjhaba.
Dipapadi tsa mefutafuta
A ko bontshe bokgoni ba puo ya hao. Setshwantsho ke mohlala, ke eng seo o se bonang?
BONA SESOTHO June 2008 89
