sotho.2973.yourlifeguide_motivation
Tjhentjha maikutlo!
Maikutlo a hao a laola sohle se etsahalang bophelong ba hao - ka hoo, a tjhentjhe, eba le mehopolo e metle mme pele ho nako e kae o tla iphumana o tobane le bokamoso bo botle, bo kgahlang
MONNA e mong ya bohlale o kile a re, "hang ha o ka nahana ntho, e tla etsahala ka le leng." Mehopolo ya hao e laola se etsahalang bophelong ba hao. Ho ka nna haeba thata ho kgollwa seo empa ke nnete e tswileng matsoho. Taba ke hore bongata ba rona re na le mehopolo e mebe.
Re dutse re nahana ka dintho tse mpe. Dikelello tseo Modimo o re fileng tsona, di na le dikarolo, moo di bolokang menahano le dipono. Mehopolo e a kgutla athe dipono tsona di hle di re bontshe diketsahalo tsa kamoso.
Nnete ke hore sohle seo re bonang se etsahala kajeno ke ho netefala ha pono ya motho e mong. Batho ba bang ba sebedisa dipono tsa bona hore ba ipokelletse matlotlo mme ba ba thuse le ba bang, ha ba bang ba iponela bofutsana le tahlehelo e tshabehang maphelong a bona mme ho fele ho phethahale e le ka nnete ho ya ka moo ba lebelletseng ka teng. Se etsahalang mothong ka mong ke sephetho sa ka moo yena a iponang ka teng.
Bohle ba atlehileng, ba kile ba ipolella ka le leng bophelong ba bona hore ba tla atleha. Ba ipona ka mahlo a kelello ha seo se etsahala bokamosong ba bona.
Athe ba futsanehileng le bona ba kile ba ipona ba futsanehile, ba lahlehelwa ke tsohle ba bile ba hloleha. Eba le mehopolo e metle ya tswelopele mme kelello ya hao e tla fumana tharollo ya diphephetso tseo o tobaneng le tsona hore e tsebe ho o etella pele ho ya kena fatsheng lena la ditshepiso leo o le bonang ka mahlo a kelello.
Ha mehopolo ya hao e le mebe, o ka nna wa ba le menyetla e metle mmoho le ditlhoko tsohle tsa katleho empa o nne o hlolehe.
Tlohela mehopolo e tla o tutlela morao. Beha maikutlo a hao dinthong tse ntle. Se itshenye kelello o senye le nako ya hao ya bohlokwa o nahana ka bokgopo bo o phelang ka hara bona kapa o nahana le ka ao batho ba kileng ba o etsetsa ona. (Nnete ke hore ha ho motho ya so kang a ekwa).
Ha o bona ekare bokamoso ba hao bo tla ba thata, hopola hore tsela e lebang katlehong e thata. Phapang pakeng tsa ba atlehileng le ba sa atlehang e itshetlehile menahanong ya bona.
Motho ya bohlale o bona phephetso e tseleng ya hae ya katleho e le mohato wa ho eketsa menyetla ya hae ya katleho hobane o ka balwa mmoho le bahale hobane ho bonwa mathata ao o fetileng ho ona.
Motho ya seng bohlale yena o bona phephetso e nngwe le e nngwe bophelong ba hae e le monyetla wa ho nyahama pelo mme a se hlole a iteka.
Batho ba bang ba leka dintho tse kgolo empa ka mora hore ba thulane le mathata, ba tjhentjhe, ba tjhentjhe maikutlo, ba se hlole ba inehela ka ho feletseng mosebetsing oo mme qetellong ba o tlohele hohang. Ha se hakaalo se etsahalang ho rona seo e leng sa bohlokwa, sa bohlokwa ke hore rona re ho amohela jwang - katleho le tlholo ya rona e itshetlehile moo.
Ke diketsahalo tse jwalo tse ka tetebetsang batho ba bang meya, ha ba bang di ba theola moya hanyenyane mme ba boela ba kgutlelwe ke tshepo hape. Ho ya ka moo wena o nahanang ka teng ka mathata ao. Ke nako ya hore o sebedisetse kelello ya hao molemong wa hao. O ka latela mehato ena e mehlano:
1TLOHELA HO BUA! Iphe nako ya ho dula o le mong, o inahane!
2 se dule o ikgopotsa diphoso tsa hao. Se nna o nahana ka diphoso tseo o di entseng nako le nako, hobane o ikutlwisa bohloko feela.
3 DULA O LORA! Leka ho ipha nako ya ho nahana ka wena o le morui ya thabileng.
4 TSEBA SEO SE HLOKANG. Ipotse hore ke sefe se ka o thabisang e le ka nnete.
5 KELELLO YA HAO EBE MOTSWALLAO E SENG SERA SA HAO. Hona le dintho tse ding tseo o lokelang ho lebala hohang ka tsona le tseo o lokelang ho dula o di hopola. Ho tseba phapang pakeng tsa tsona ho bohlokwa hore o tsebe ho phela bophelo bo tla o kgotsofatsa hape o thabe.
O ka nna wa ba le mehopolo ya ho intsha mathateng afe kapa afe ao o tobaneng le ona kajeno. O ka fumana maqheka a ho intsha bofutsaneng, ho phema ho phoqeha, ho halefa le ho hlowa.
Phapang pakeng tsa ho swaba le thabo, tsa boitshepo le ho se itshepe, ke mehopolo ya hao feela qha! Ka hoo, iketsetse molemo: tjhentjha maikutlo a hao! [s]
Mehopolo e mebe e ka nna ya nyopisa merero ya hao leha
o le moruihadi lefatsheng
KGOTHATSO
Pastor George
